Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/15 maq. 3-4
  • “Mehla ea Meharo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mehla ea Meharo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Atile Hakae?
  • Meharo e Tla Felisoa
  • Nahana ka Lefatše le se Nang Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Atleha ho Qoba Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • U ’Ne U Qobe Leraba la Meharo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ka Linako tse Ling Meharo e-ea U Tšoara?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/15 maq. 3-4

“Mehla ea Meharo”

HAEBA motho a thatafalloa ke ho felisa mokhohlane, a ka khona joang ho felisa boemo bo bobe ba meharo bo rarahaneng ka ho fetisisa?

Ho bonahala eka meharo le boikhabi hase lintho tseo ho hlokahalang hore li ithutoe—ho bonahala hore li teng ho tloha bongoaneng. U ka shebella bana ba babeli ba banyenyane ba bapalang ka lintho tsa bona tsa ho bapala ’me ua bona hoo.

Meharo ea batho ka bomong e tloaelehile ka ho lekaneng ’me ke ntho e mpe ka ho lekaneng, empa ha ho tluoa tabeng ea meharo ea lichaba kapa ea machaba, tse limillione tse amehang li ntšoa kotsi. Ka mohlala, nka taba ea khoebo ea lithethefatsi ea machaba. Makasine e ’ngoe ea puo ea Sepanishe e bolela hore ena ke khoebo ea lefatše e khōlō ka ho fetisisa—liranta tse limillione tse likete tse 780 ka selemo. Bophelo ba batho ba limillione boa senngoa, ’me mafu a tlang pele ho nako a se nang palo a bakoa ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Sesosa sa sehlooho ke sefe bakeng sa khōlo eo e nyarosang ea khoebo ea lithethefatsi? Ha ho pelaelo, ke meharo.

World Press Review e totobatsa tšusumetso ena ea meharo. E qotsa makasine ea litaba ea Madrid Cambio 16, e tiisang hore “karolo ea 10 ho ea ho 20 lekholong ea liphaello tsohle tse tsoang ho rekisoeng ha lithethefatsi ka ho hlakileng li ea linaheng tse li hlahisitseng. Karolo e ’ngoe ea 10 lekholong e khutlisetsoa tsamaisong ea khoebo e le chelete e kenngoang morerong oa meaho ea lipatlisiso tsa mahlale, lipalangoang, le libetsa. . . . E setseng e qetella e ile linaheng tse rekang le tsamaisong ea libanka tsa lefatše e sireletsang lekhetho.”

Sena se hanana le pono ea hore ho hloka ke lona lebaka la meharo, hore meharo ke sebōpeho sa bafumanehi feela kapa bao litokelo tsa bona li hatakeloang. Ka ho totobetseng, meharo ke bofokoli bo atileng ba batho bo akarelletsang litšobotsi tsohle tsa mokhatlo oa batho, ho akarelletsa le ba hlileng ba sa hlokeng ho hang. E ’ngoe ea litšoaneleho tse makatsang tsa meharo ke hore e thetsa haholo—esita le batho bao ka tloaelo ba khotsofetseng ka seo ba nang le sona bophelong haeba ba ka fuoa monyetla ba tla bonahatsa meharo ho sa lebelloa.

Mongoli e mong oa litaba Meg Greenfield oa hlomoha: “Ha u phetla pampiri ea hao ka letsatsi leha e le lefe, u bala ka batho ba phahameng ba khethetsoeng ho ahlola baqosuoa le bachochisi ba khethehileng le melaetsa ea fono-fono e belaetsang, ho susumelletsoa ho etsa liqeto ka lehlapha-hlapha le ho qhekella, ’me ho tepelletsa haholo. Esita le ho amohela hore tse ling tsa liqoso tse tlisoang ha li na motheo ’me tse ling lia fetelletsoa, ho ’na ho bonahala eka nako le nako batho ba entse lintho tseo le ka mohla li neng li sa lokela hore e be li lumelletsoe ’me ba lumelletsoe ho phonyoha. . . . Bona ke bona boemo boo re fihlileng ho bona: esita le karolo e khōlō ea ho ameha ha rōna ka boiketlo ba ba bang ke ha boikhabi, ho meharo.”

E Atile Hakae?

Meharo hase ntho e ncha har’a batho, le hoja ntle ho pelaelo e phahame ka baka la likhatello tsa bophelo ba lekholong la bo20 la lilemo. Meharo e atile hoo taba e ngotsoeng ke mohlophisi ho The Christian Century e abelang leshome la lilemo la bo-1980 lebitso leo e ikutloang hore le tšoanela mabitso a joaloka “Mehla ea Matšoenyeho” ea bo-1950 kapa “Leshome la Lilemo la ’Na Feela” la bo-1970. E bitsa lilemo tsa bo-1980 “Mehla ea Meharo”!

Kajeno, meharo e ka bonoa sebakeng se seng le se seng seo ho sona batho ba bokanang hammoho—mesebetsing, likolong, le sechabeng sohle. E bile le tšusumetso e senyang khoebong, lipolotiking, esita le malumeling a nang le tšusumetso e khōlō a lefatše.

Ho feta tsohle, meharo e fetoha tšenyeho e khahlanong le molao kapa bomenemene. Ka mohlala, The Canberra Times e abela Australia tlotla e belaetsang ea ho etella pele lefatše ka bomenemene tabeng ea insurance ea makoloi. Law Society Journal ea Australia ho bonahala e tšehetsa sena, ea bolela: “Lipolelo tsa bomenemene tse etsoang ke batho ba etselitsoeng insurance li senyetsa lik’hamphani tsa insurance, ’me li senyetsa ka mokhoa o potelletseng batho ba etselitsoeng insurance, lidolara tse limillione selemo se seng le se seng.” Koranta eo e phaella ka hore “ke bothata bo tebileng bo ntseng bo phahama, haholo-holo lintlheng tsa insurance ea ha ho chesitsoe thepa ka boomo, ho inketsoe lintho ka mahahapa moo likepe li fihlelang teng, makoloi le thepa ea ka tlung.”

Ka hona ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba tšeha khopolo ea hore ho na le mohla meharo e tla ke e felisoe. Ba ikutloa hore meharo e tla ’ne e be le rōna ka mehla le hore lefatše le lokolohileng meharong ke toro feela e ke keng ea etsahala.

Meharo e Tla Felisoa

Ke motheong ofe moo tiiso eo e ka holimo e utloahalang eka e ke ke ea etsahala e ka etsoang? E theiloe ’neteng ea hore bophelo bo lokolohileng meharong bo se bo ntse bo finyelloa. Le hoja ho bo finyella hona e se ho phethahetseng, ho hlile ho bontša se ka etsoang ka thuto e loketseng le tšusumetso. Sehlooho se latelang se tla bontša hantle feela kamoo ho ka bang le lefatše lohle le lokolohileng meharong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela