Nahana ka Lefatše le se Nang Meharo
NA U ka ba le setšoantšo ka kelellong sa lefatše leo ho lona batho ba sebelisanang ’moho ho fapana le ho hlōlisana? Leo ho lona batho ba tšoarang ba bang joalokaha le bona ba ka rata ho tšoaroa joalo? Tsena ke litšoaneleho tsa lefatše le se nang meharo. Leo e ne e tla ba lefatše le letle hakaakang! Na le tla ke le tle le ka mohla? E, le tla tla. Empa ke joang meharo—e thophothetseng hakana bathong—e ka felisoang?
E le ho fumana karabelo, re tlameha hore re utloisise tšimoloho ea meharo pele. Bibele e bontša hore e ne e ntse e se tšoaneleho ea moloko oa batho ea ka mehla. Moprofeta Moshe o re hopotsa hore ha ho na bofokoli bo joaloka meharo boo qalong bo neng bo ka fumanoa ho motho oa pele, pōpo e phethahetseng ea ’Mōpi ea lokolohileng tabeng ea meharo: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile.” Kahoo meharo e ne e hlahe hokae? Batho ba babeli ba pele ba ile ba e lumella hore e hōle ka ho bona—Eva ka tebello e meharo ea seo a neng a tla se fumana ka ho ja tholoana eo Molimo o neng o e thibetse, Adama ka ho se batle hore ka meharo a lahleheloe ke mosali oa hae e motle. Moshe o ile a phaella, ka mantsoe ao e neng e boetse e le ’nete ka Adama le Eva: ‘Ba itšilafalitse ka bobona; hase bana ba oona, molato ke oa bona.’—Deuteronoma 32:4, 5, NW; 1 Timothea 2:14.
Nakong ea Moroallo oa lefatše lohle oa mehleng ea Noe, meharo le litakatso tse mpe li ne li hōlile ho ea boemong boo ho bona ‘bolotsana ba batho bo neng bo le boholo lefatšeng, le ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o ne o le mobe feela ka matsatsi ’ohle.’—Genese 6:5.
Boikutlo bona bo laolang ba meharo bathong bo tsoetse pele ho tla fihlela joale, bo bonahala bo fihla sehlohlolong sa bona mokhatlong oa kajeno oa batho o se nang teboho le o meharo.
Ho Felisa Meharo ka Thuto
Feela joalokaha meharo har’a batho e atile, kahoo ho khutlisetsa lintho malulong ke ntho e ka etsoang. Meharo ke ntho e ka hlōloang. Leha ho le joalo, e le hore sena se ka etsahala, ho hlokahala thuto e loketseng le koetliso, le ho latela tataiso e tiileng kapa litaelo tsa boitšoaro. Hona ho ka ’na ha utloahala ho kholisa, empa ke mang ea neng a ka fana ka thuto ea mofuta o joalo le ho tiisa hore se ithutoang sea sebelisoa—esita le hore ha ho hlokahala se qobelloe hore se sebelisoe?
Thuto e joalo e tlameha ho hlaha mohloling o lokolohileng meharong. Ha hoa tlameha hore ho be le merero e itseng ea sekhukhu kapa tebello ea ho buseletsoa ka ntho e ’ngoe bakeng sa koetliso e joalo. Ho phaella moo, ho tlameha hore ho rutoe ’me ho bontšoe bohlokoa ba ho hloka boikhabi le hore ho etsa joalo ho hlile hoa sebetsa. Ho hlokahala hore motho ea ithutang a se ke a kholiseha feela hore tsela e joalo ea bophelo ke ntho e ka etsahalang empa a kholisehe hore ke tsela e lakatsehang, e nang le molemo ho eena le ho ba mo potolohileng.
Ke Molimo oa leholimo feela o ka fanang ka thuto ea mofuta ona, hobane ke motho ofe kapa mokhatlo ofe lefatšeng o neng o ka ba le litšoaneleho tse joalo le setšehetso? Batho bohle ha ba tšoanelehe motheong ona oa ’nete ea Bibele “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 3:23.
Ka ho thabisang, Jehova, Molimo oa leholimo, o hlile o fana ka thuto e joalo bukeng ea hae e ngotsoeng ea thuto, kapa buka ea litaelo, Bibele e Halalelang. Mora oa hae, Jesu Kreste, o ile a phahamisa thuto ea mofuta ona ha e ne e le motho lefatšeng. Bohareng ba Thuto ea Thabeng ea Jesu e tummeng, o ile a bua ka tsela ea bophelo e neng e utloahala e makatsa ho ba bangata ba mametseng, kahobane e ne e akarelletsa ho hloka boikhabi esita le ho lira kapa bahanyetsi ba motho. Jesu o itse: “Ratang lira tsa lōna, le rapelle ba le hlorisang, hore le be bana ba Ntat’a lōna ea maholimong, hobane o chabisetsa ba khopo le ba molemo letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula. Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso oa eng? Ana balekhetho le bona ha ba etse joalo na?”—Mattheu 5:44-46, TLP.
Karolo ea thōmo ea Jesu lefatšeng e ne e le ho koetlisa barupeli ba hlokang boikhabi e le hore le bona ba ne ba ka ruta ba bang tsela ena ea bophelo e lokolohileng meharong. Nakoana ka mor’a ho shoa le ho tsoha ha Jesu, moapostola Pauluse o ile a fetoha e mong oa barupeli ba joalo. Ho a ’maloa a mangolo a hae a bululetsoeng, Pauluse o ile a khothalletsa ho felisoa ha meharo. Ka mohlala, o ile a ngolla Ba-Efese: “Empa ha e le bohlola, le tsohle tse litšila, le meharo, li se ke tsa boleloa le ho boleloa har’a lōna, joalokaha ho loketse bahalaleli.”—Ba-Efese 5:3, TLP.
Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova li ruta banna le basali ho hlōla litšekamelo tsa meharo. Ka mor’a nako bana le bona ba fetoha ba tšoanelehang bakeng sa ho ea ruta ba bang litsela tse joalo tsa bomolimo.
Ho Sebelisa Linnete Tsa Bibele
Empa u ka ’na ua botsa: ‘Na batho ba sa phethahalang, bao meharo e thophothetseng ka ho bona, ka sebele ba ka e ntša ka metso bothong ba bona?’ E, ba ka ho etsa. Ha e le hantle, e seng ka ho phethahetseng, empa ka tekanyo e tsotehang haholo. A re ke re nahanisiseng ka mohlala oa sena.
Lesholu le leng le sa fetoheng le ne le phela Spain. Lehaeng la lona ho ne ho tletse thepa e utsoitsoeng. Eaba le qalisa ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka baka leo, letsoalo la lona la qala ho le khathatsa, kahoo la etsa qeto ea ho khutlisetsa lintho tseo le neng le li utsoitse ho beng ba tsona. Le ile la atamela mohiri oa lona oa nako e fetileng ’me la bolela hore le ne le mo utsoelitse mochini o hlatsoang o mocha. A hlolletsoe haholo ke boikutlo ba lona bo fetohileng, mohiri eo o ile a etsa qeto ea ho se tsebise mapolesa a mpa a lumella lesholu leo la nako e fetileng ho lefa theko ea mochini oo o hlatsoang.
Hape, lesholu leo le fetohileng le ile la ikemisetsa ho etela motho e mong le e mong eo le neng le hopola hore le kile la mo utsoetsa le ho khutlisa thepa e utsoitsoeng. E mong le e mong eo le ileng la mo etela o ile a bontša ho makalla hore e be ka baka la ho sebelisa ha lona melao-motheo ea Bibele, le ne le bile le phetoho ena e khōlō boikutlong.
Joale le ile la thulana le bothata ba sebele. Le ne le sa tsebe beng ba thepa e ngata eo le neng le ntse le e-na le eona. Kahoo, ka mor’a ho rapela Jehova, le ile la ea ntlo-khōlō ea mapolesa ’me la fana ka liea-le-moea tse tšeletseng tsa stereo tseo le neng le li utsoitse makoloing. Mapolesa a ne a maketse, kaha le ne le se na tlaleho ea molato ofe kapa ofe ho ’ona. A ile a etsa qeto ea hore le lokela feela ho lefa molato le ho sebeletsa nako e khutšoaane chankaneng.
Hona joale lesholu lena la nako e fetileng le na le letsoalo le hloekileng, ha le se le lahlile bophelo ba lona ba tlōlo ea molao le meharo ho fetoha karolo ea phutheho ea lefatše ka bophara ea Lipaki tsa Jehova.
Mehlala e tšoanang e likete-kete e ne e ka fanoa ntle ho tika-tiko. Le hoja ba entseng liphetoho tse joalo bophelong ba bona ba etsa karolo e fokolang ea baahi ba lefatše, ’nete ea hore ba bangata ba entse joalo e bontša matla a ho etsa se lokileng a tlisoang ke ho tseba le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.
Ha selemo se seng le se seng se ntse se feta, batho ba eketsehileng haholoanyane ba amohela tsela ena ea bophelo. Thuto ea Bibele e fanoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 60 000 lefatšeng lohle. Nakong ena Lipaki ha lia lebella ho fetola lefatše lohle, li felisa meharo har’a limillione tsa likete tse phelang hona joale. Ho sa tsotellehe hoo, boprofeta ba Bibele bo bontša hore haufinyane haholo joale, tsela ea bophelo e lokolohileng meharong e tla ba teng lefatšeng ka bophara!
Lefatše le Lecha le Lokolohileng Meharong
Ho ke ke ha e-ba le sebaka sa meharo le boikhabi lefatšeng le lecha le tlang. Moapostola Petrose o re tiisetsa hore ho loka e ke ke ea e-ba letšoao le khethollang “maholimo a macha” feela empa hape e tla ba letšoao la “lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13) Meharo e tla ba har’a “tsa pele” tse tla be li fetile, hammoho le ho kula, masoabi, esita le lefu.—Tšenolo 21:4.
Ka hona, haeba u tšoenyehile ka meharo e ntseng e phahama le tsela ea bophelo ea boikhabi tse bonoang hohle ho re pota kajeno, beta pelo! Qala hona joale ho phelela lefatše le lecha le tlang leo haufinyane e tlang ho ba ntho ea sebele. Ka thuso ea Molimo, loanela ho felisa meharo bophelong ba hao. Kopanela ho thuseng ba bang ho bona melemo e ka thabeloang hona joale ka ho phela ka mokhoa oa Bokreste. Beha tumelo ea hao le tšepo tšepisong ea Jehova Molimo ea hore haufinyane haholo meharo e tla ba har’a lintho tse ngata tse sa thabiseng tse ‘ke keng tsa hlola li hopoloa, tse ke keng tsa khutlela mehopolong.’—Esaia 65:17.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Jesu o buile ka tsela ea bophelo e phahamisang ho hloka boikhabi, e seng meharo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Haufinyane—ho tla lefatše le se nang meharo