Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ngoana ea Lilemo li Hlano o Tsosa Thahasello
HAR’A Lipaki tsa Jehova tse fetang 40 000 tsa Venezuela ho na le moshanyana ea lilemo li hlano ea bileng le phihlelo e thabisang. O ile a mamela ka hloko lipuo tsa phatlalatsa tse neng li theiloe bukeng Life—How Did It Get Here?—By Evolution or by Creation? hammoho le thutong ea lelapa e ileng ea tšoaroa hamorao bukeng eo. Moshanyana ea lilemo li hlano, ea neng a tsoa lelapeng le sebelisang melao ea puso ea Molimo, o ile a utloisisa hore thuto ea ho iphetola ha lintho e bolela hore motho o bile teng a tsoa “sophong.” Karolo e ’ngoe ea buka e bua ka thuto ea ho iphetola ha lintho ea hore bophelo bo hlahile sophong e nang le metsoako ea lintho tse phelang.
Ka lilemo tse 14, lelapa leo ba ahisaneng le lona (monna, mosali, bara ba babeli ba ka tlaase ho lilemo tse 20, le morali ea lilemo li supileng) ba ’nile ba iphapanyetsa kōpo ea lelapa la Lipaki ea hore ba hlahlobe Bibele esita le ho ba mema ha bona hore ba ee Holong ea ’Muso.
Ka letsatsi le leng ha mosali enoa oa Paki a ntse a hlatsoa lijana, o ile a utloa moqoqo o thahasellisang pakeng tsa mor’a hae le ngoananyana oa lelapa la baahisani, ba le pel’a terata e arotseng. Moshanyana o ile a re: “Ha u tsebe letho! Batho ba lefatše ba re motho o tsoile sophong!” Ngoananyana o ile a mo arabela, joalokaha a tloaetse: “Ua hlanya na?” Moshanyana a araba: “Che, ha ke hlanye. Batho ba lefatše ba re motho o tsoile sophong; empa Jehova o entse motho.” Moshanyana o ne a soma khopolo eo, a nahana hore ke sopho e tloaelehileng e jeoang, eo a neng a sa e rate. Joale o ile a tsoela pele ho bolella ngoananyana: “Ntate o lokela ho fa ntate oa hao buka ea Creation e le hore a tle a bone hore Molimo o bōpile motho.” Leha ho le joalo, ngoananyana o ile a re bona ke Mak’hatholike, ’me hoo ho ile ha khaola moqoqo.
Ha monna oa khaitseli eo, eo e leng moholo, a fihla hae a e-tsoa mosebetsing, o ile a mo phetela moqoqo oo a o utloileng. Le hoja se etsahetseng pakeng tsa bana se ile sa ba qabola, moena o ile a nahana hore mohlomong Jehova o ne a batla hore a boele a pakele monna enoa oa moahisani. Kahoo matsatsi a seng makae hamorao, o ile a atamela moahisani oa hae ’me a mo phetela moqoqo oa bana. O ile a re lebitsong la mor’a hae, o batla ho mo fa kopi ea buka Creation. Paki e ile ea khothalletsa moahisani oa eona hore a e bale a se na leeme, kaha e tla bontša tšimoloho ea bophelo.
Moena o ile a makala ha, matsatsi a seng makae hamorao, banyalani bana bao ka nako e telele haholo ba ’nileng ba iphapanyetsa ’nete, ba tla lapeng la moena ba bolela kamoo ba ikoahlaelang boikutlo boo ba bileng le bona ka lilemo tse ngata hakana. Ba ile ba re ba tsota boleng bo babatsehang ba buka ea Creation.
Phello e ile ea e-ba hore thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le lelapa lena. Ba ile ba qala ho ba teng libokeng ka mehla ’me ka potlako ba fetoha bahoeletsi ba litaba tse molemo. Monna, mosali oa hae, le bara ba babeli ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ile ba kolobetsoa kopanong ea setereke, ’me ngoanana le eena ke mohoeletsi oa ’Muso. Mosali o ile a qalisa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang ba ka mehla hang-hang ka mor’a hore a kolobetsoe.
Jesu Kreste o tseba ba nang le lipelo tse ntle, ’me a ka sebelisa esita le bana ho finyella lipelo tseo tse ntle ’me o hlile oa ba sebelisa.—Johanne 10:14.