Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 4/8 maq. 23-25
  • Ho ja ka Letsoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ja ka Letsoho
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Fufu le Sopho ea Matokomane
  • Mokhoa oa ho Ja
  • Phihlelo ea ho ja ka Letsoho
  • Ngoana ea Lilemo li Hlano o Tsosa Thahasello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bophelo bo Qalile Joang Lefatšeng?
    Tsoha!—1987
  • Tloo U Tl’o Bona ’Maraka oa Afrika
    Tsoha!—2010
  • Lijo Tsa Thailand
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 4/8 maq. 23-25

Ho ja ka Letsoho

KA MONGOLI OA TSOHA! GHANA

BATHO ba bangata ba sebelisa fereko, thipa le khaba ho kenya lijo tse monate ka hanong. Ba bang, ba kang ba hōletseng Bochabela, ba sebelisa lithupa ha ba e-ja. Leha ho le joalo, ho na le lijo tse ling tseo ba bang ba reng li monate haholo ha li jeoa ka letsoho. Nahana ka nama e besitsoeng ea likhopo, maqa a khoho, likuku, kapa egg rolls le tacos.

Empa sopho eona? Na u ka e-ja ka letsoho? U ka ’na ua re: ‘Le letho! Ea chesa ’me ea namathela, ebile ha ho mokhoa oa hore ke e bokeletse.’ Linaheng tse ngata tsa Afrika, batho ba tloaetse ho ja sopho ka letsoho joalokaha Maasia a ja ka lithupa. Re lumelle re u tsebise sejo se seng sa Maghana le monyaka oa ho se ja ka letsoho.

Fufu le Sopho ea Matokomane

Fufu e etsoa ka tholoana e ’ngoe e batlileng e tšoana le banana, e belisitsoeng, le ka cassava—eo hape e bitsoang manioc—semela se nang le metso e metenya, se lengoang haholo libakeng tse chesang ’me li le mongobo. Tholoana ena ea mofuta oa banana le cassava lia eboloa, li hlatsuoe ’me li belisoe ho fihlela li e-ba bonolo. Ka mor’a hore ho menyolosoe metsi, li silelloa hammoho ho fihlela e e-ba motsoako o bonojoana. Ha o kopane hantle, motsoako ona o bōptjoa lipolokoe.

Sopho ea matokomane e etsoa ka matokomane a sitsoeng, nama kapa tlhapi, tamati, hanyanese, pelepele le linōko tse ling. Nama kapa tlhapi e phehoa pele ka mouoane ’me e nōkoe, ebe hamorao ho tšeloa metsi le matokomane. Joale ho tšeloa meroho sophong ena, ebe tsohle lia fuluhuoa ’me li tlohelloe li sutse. Joale lipolokoe tsa fufu li tšeloa sekotlolong, ebe ho tšeloa sopho ka holim’a tsona.

Mokhoa oa ho Ja

Joale ha e le mona u se u ngoathetsoe lijo tsena tse hlabosang, u li isa joang molomong ka matsoho feela? Ena ke taba feela ea ho tseba ho sebelisa mokhoa o nepahetseng.

Pele ho tsohle, hatlela hantle. Ebe joale u kenya menoana ea hao ea letsoho le letona ka sophong. Empa u be hlokolosi! Ha u sa tloaela, u ka ’na ua cha!

Joale tšoara fufu ka menoana e mene ntle le o monyenyane. E ntse e le ka sophong, etsa seboche ka makhethe ka monoana o motona e le hore sopho e kene kateng.

Joale ntša fufu. Ha u e isa molomong, lebisa letsoho le menoana molomong ’me u etse bonnete ba hore menoana ha e ee holimo haholo. Ka ho etsa joalo, u etsa bonnete ba hore sopho e se ke ea theosa letsohong ea ba ea fihla setsoeng.

Inama hanyenyane, ’me ha letsoho le fihla molomong, sebelisa monoana o hare le oa reng ho kenya fufu le sopho ka hanong. E thabele, empa u ’ne u be hlokolosi. U ka ’na ua phelephanyetsoa ke pelepele e bohale kaha lijo tsa Maghana hangata li nōkoa haholo!

U tla tlameha ho pheta sena ho fihlela u jele fufu kaofela. Ja tse ling, tse kang maqa a nama ka thōko, e seng le fufu. Haeba sopho e setse, u ka ’na ua e qetela ka letsoho.

Phihlelo ea ho ja ka Letsoho

Maghana a mang a re a batla ho sebelisa mekhoa ea kutlo e mehlano ha ba e-ja. Ha lijo li ntse li le ifo, ua li utloa le ho li fofonela. Ha u li ja ua li bona le ho li latsoa. Empa e le hore u sebelise mokhoa oa bohlano oa kutlo, u lokela ho li tšoara e le hore u li utloe.

Ho sa tsotellehe hore na u hōletse hokae, u ka kholiseha hore ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o thahasella “batho ba mefuta eohle.” (1 Timothea 2:4) Sena se lumella batho ho sebelisa mekhoa ea bona e fapaneng ea bophelo e thahasellisang. ’Me esita le haeba u sa tloaela ho ja sopho ka letsoho, u ka ’na ua fumana sena se le monate ’me e le phihlelo e thabisang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela