Lejoe la Moabe—Le Sentsoe Empa ha Lea Lahleha
LEJOE la Moabe, kapa la Mesha, le ile la pshatloa ka boomo nako e ka etsang selemo ka mor’a hore le sibolloe ka 1868. Le ne le batla le se le qetile lilemo tse 3 000. E le sekotoana sa lejoe la mofuta oa morema-phofu le letšo le bentšitsoeng leo karolo ea lona e ka holimo e betliloeng ka makhethe hore e be chitja, le ne le le bophahamo ba lisenthimithara tse 112, le le bophara ba lisenthimithara tse 71, ’me le le botenya ba lisenthimithara tse 36. Nakoana ka mor’a hore le pshatloe, likotoana tse 2 tse khōlō le tse 18 tse nyenyane li ile tsa fumanoa hape, empa karolo ea boraro ea lejoe leo e ne e se e lahlehile hoo e neng e ke ke ea boela ea fumanoa.
Ho ile ha tla joang hore tholoana e sa tloaelehang joalo ea mosebetsi oa matsoho e lahlehe hoo e batlang e le ka ho sa feleng? Hona ke ea bohlokoa hakae ho liithuti tsa Bibele?
Morero oa Bolotsana le ho se Tšepane
F. A. Klein ke eena le-Europe la pele le ileng la bona lejoe leo boemong ba lona ba pele le pshatloa. Le ne le rapaletse ka har’a lithako tsa Dibone ho ea ka leboea-bochabela ho Leoatle le Shoeleng. O ile a etsa likopi tse nyenyane tsa likarolo tsa mongolo oa mela e 34 o lika-likelitsoeng ke mopopotlo o pota-potileng lejoe leo ’me, ha a khutlela Jerusalema, a tlalehela mookameli oa hae oa Prussia seo a se fumaneng. Hang-hang mongolo oo o ile oa tsebahatsoa e le oa Fenicia ’me ho ne ho lumeloa hore ke oa bohlokoa. Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa ea Borena ea Berlin e ile ea ntša chelete ho reka lejoe leo, empa ka potlako ba bang ba thahasellang ba ile ba tseka ho le fumana. Ka ho hlokomela bohlokoa ba letlotlo la ’ona, masheikh a sebaka seo a ile a le pata ’me a nyolla theko ea lona ka mokhoa o sa utloahaleng.
Moepolli oa lintho tsa khale oa Lefora o ile a khona ho nomora mongolo oa lona pampiring, empa kaha pampiri eo e nomoriloeng e ile ea lokela ho balehisoa pele e oma, litlhaku tse nomoriloeng li ne li batla li sa balehe. Khabareng, ho ile ha hlaha litaelo tse tsoang Damaseka tsa hore Mabedouin a nehelane ka lejoe leo ho liofisiri tsa ’muso. Ho e-na le ho lumellana le seo, Mabedouin a rera ho le senya. Eaba a besa mollo ka thōko ho mosaletsa ona oa bohlokoahali ’me a o tšela ka metsi khafetsa. Ha lejoe leo le peperana, ka potlako likotoana tsa lona tsa abeloa malapa a sebakeng seo hore li behoe melikong ea ’ona, moo li hlahelletseng e le ho tiisa hore ho tla ba le tlhohonolofatso bakeng sa lijalo tsa ’ona. Hape tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa e ne e le hore batho ba buisane ka bomong bakeng sa ho rekisa likotoana tse qhalakaneng.
Histori ea Bibele e Boetse ea Phela
Ka thuso ea samente le lipampiri tse nomoriloeng litlhaku bakeng sa ho kopanya likarolo tse rekiloeng, qetellong mongolo o lejoeng leo o ile oa boela oa fumanoa. Ha mongolo o felletseng o senoleha, litsebi li ile tsa hlolloa. Ka nako eo lejoe leo le ngotsoeng la boholo-holo le ile la hlalosoa e le “lejoe le leholo le tsotehang ka ho fetisisa le kileng la sibolloa.”
Morena Mesha oa Moabe o ile a emisa Lejoe la Moabe bakeng sa molimo oa hae Kemoshe ho ikhopotsa ho tlosa ha Mesha khatello ea Iseraele, eo, a reng e ile ea tsoela pele ka lilemo tse 40 ’me e ne e lumelletsoe ke Kemoshe kahobane a ne a “halefetse naha ea hae.” Hangata phetohelo ena ea Moabe e talingoa e amana le liketsahalo tse tlalehiloeng khaolong ea boraro ea 2 Marena. Seemahaleng seo, Mesha o ithorisa ka ho ba molumeli e moholo, ka ho haha metse le ’mila, le ka ho hlōla Iseraele. Ho sena, o fana ka tlotla eohle ho molimo oa hae Kemoshe. Ho hlōloa ha Mesha le sehlabelo sa mora oa hae ka boeena—tse tlalehiloeng ka Bibeleng—joalokaha ho ka lebelloa, li siiloe ka thōko mongolong ona oo a itlotlisang ho oona.
Libaka tse ngata tse thathamisitsoeng ke Mesha e le libaka tseo a ileng a li hapa li boletsoe ka Bibeleng, ’me tse ling tsa tsona ke Medeba, Atharothe, Nebo, le Jahatse. Ka hona, lejoe leo le tšehetsa ho nepahala ha litlaleho tsa Bibele. Leha ho le joalo, ho ikhethang ke ho sebelisa ha Mesha Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo, YHWH, lebitso la Molimo oa Iseraele, moleng oa bo18 oa tlaleho ena. Mono Mesha oa ithorisa: “Ke ile ka tlosa moo [Nebo] [lijana] tsa Yahweh, ka li hulanya ho li tlisa ka pel’a Kemoshe.” Ka thōko ho Bibele, mohlomong ena ke tlaleho ea khale ka ho fetisisa ea ho sebelisoa ha lebitso la Molimo.
Ka 1873 Lejoe la Moabe le ile la tsosolosoa, ’me ha eketsoa ka samente mongolong o haellang, ’me la behoa moo le ka bonoang teng ntlong ea polokelo ea lintho tsa bohlokoa Louvre, Paris, moo le ntseng le le hona teng. Kopi ea lona e ka bonoa Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa ea Brithani, London.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
(Ka holimo) Naha ea Moabe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
(Ka ho le letšehali) Lejoe la Moabe le kopantsoeng bocha
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
(Ka ho le letona) Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo kamoo li hlahang ka teng tholoaneng ena ea mosebetsi oa matsoho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibele British Museum