“Ntlo ea Davida”—’Nete Kapa Tšōmo?
DAVIDA—mohlankana e monyenyane oa molisana eo e ileng ea e-ba sebini, seroki, lesole, moprofeta le morena—o hlahella ka Bibeleng ka tlhompho e khōlō. Lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a 1 138; poleloana “Ntlo ea Davida”—eo hangata e buang ka lesika la borena la Davida—e sebelisitsoe ka makhetlo a 25. (1 Samuele 20:16) Na Morena Davida le lesika la hae la borena ke tšōmo feela? Thuto ea ho epolla lintho tsa khale e senola eng? Tšibollo ea haufinyane tjena e tsotehang setšeng sa ho epolloa ha lintho tsa khale Tel Dan ka leboea ho Galilea ho tlalehoa e tšehetsa bonnete ba histori ba Davida le leloko la hae la borena.
Lehlabuleng la 1993, sehlopha sa baepolli ba lintho tsa khale, se eteletsoeng pele ke Moprofesa Avraham Biran, se ile sa hleka sebaka se kantle ho keiti ea Dan ea boholo-holo. Se ile sa sibolla lebala le katiloeng ka majoe. Lejoe le letšo la moralla le hlaheletseng fatše le ile la tlosoa habonolo. Ha lejoe leo le retelletsoa letsatsing la motšehare oa mantsiboea, ho ile ha bonahala mongolo o hlakileng. Moprofesa Biran o ile a khotsa: “Molimo oa ka, re na le mongolo!”
Moprofesa Biran le mosebetsi-’moho le eena, Moprofesa Joseph Naveh oa Univesithi ea Seheberu, Jerusalema, kapele-pele ba ile ba ngola tlaleho ka mongolo ona. Sehlooho se makasineng ea Biblical Archaeology Review ea March/April 1994, se thehiloe tlalehong ena se baleha tjena: “Hase hangata ho sibolla ha ho epolloa ha lintho tsa khale e bang sehlooho se seholo sa New York Times (re se re sa re letho ka makasine ea Time). Empa seo ke se etsahetseng lehlabuleng le fetileng ka se sibolotsoeng Tel Dan, thabana e ntle ka leboea ho Galilea, mosikong oa Thaba ea Hermone pel’a o mong oa mehloli ea Nōka ea Jordane.
“Mono Avraham Biran le sehlopha sa hae sa litsebi tsa ho epolla lintho tsa khale ba fumane mongolo o hlollang oa lekholong la borobong la lilemo B.C.E. o buang ka ‘Ntlo ea Davida’ le ka ‘Morena oa Iseraele.’ Lena ke lekhetlo la pele lebitso Davida le fumanoa mongolong leha e le ofe oa boholo-holo oo e seng oa Bibele. Hore ebe mongolo ona ha o bue ka ‘Davida’ feela empa le ka Ntlo ea Davida, lesika la morena e moholo oa Iseraele, ke ho hlollang le ho feta.
“‘Morena oa Iseraele’ ke poleloana e fumanoang khafetsa ka Bibeleng, haholo-holo Bukeng ea Marena. Leha ho le joalo, tšibollo ena, e ka ’na ea e-ba tšupiso ea khale ka ho fetisisa e sa tsoeng Bibeleng e buang ka Iseraele lingoliloenng tsa Sesema. Haeba mongolo ona ho na le seo o se pakang, o bontša hore Iseraele le Juda, ho fapana le lipolelo tsa banyenyefatsi ba bang ba Bibele, e ne e le mebuso ea bohlokoa ka nako ena.”
Ho lekanyetsa hore na ke la neng, ho thehiloe sebōpehong sa litlhaku, tlhahlobisisong ea lintho tsa letsopa tse fumanoeng haufi le maqhetso a lejoe leo le se fuperoeng ke mongolo oo. Mekhoa eohle e meraro e supa nakong e tšoanang, lekholo la borobong la lilemo B.C.E., lilemo tse batlileng li feta lekholo ka mor’a Morena Davida. Litsebi li lumela hore mongolo oo e ne e le karolo ea seemahale sa tlhōlo se emisitsoeng Dan ke sera sa Moarame sa “Morena oa Iseraele” le sa “[Morena oa] Ntlo ea Davida.” Baarame, ba neng ba rapela molimo ea tummeng oa sefefo, Hadad, ba ne ba phela ho elella ka bochabela.
Lehlabuleng la 1994, ho ile ha fumanoa maqhetso a mang a mabeli a lejoe lena. Moprofesa Biran oa tlaleha: “Maqhetsong ana a mabeli ho na le mabitso a molimo oa Baarame, Hadad, ’me hape ho buuoa ka ntoa e pakeng tsa Baiseraele le Baarame.”
Leqhetso le leholo le ileng la fumanoa ka 1993 le ne le e-na le mela e 13 e lerootho e ngotsoeng ka mongolo oa Seheberu sa khale. Ka nako eo, likhutlo li ne li sebelisetsoa ho arola mantsoe tabeng e ngotsoeng. Leha ho le joalo, “Ntlo ea Davida” e ngotsoe e le lentsoe le le leng ka litlhaku tsena “bytdwd” (tse fetoletsoeng li le joalo litlhakung tsa Seroma) ho e-na le “byt” (ntlo), khutlo, ebe joale e ba “dwd” (Davida). Ka ho utloahalang, ho ’nile ha botsoa lipotso mabapi le tlhaloso ea “bytdwd.”
Setsebi sa lipuo Moprofesa Anson Rainey oa hlalosa: “Joseph Naveh le Avraham Biran ha baa ka ba hlalosa mongolo oo ka ho qaqa, mohlomong hobane ba ile ba nka feela hore babali ba tla tseba hore ntho e arolang lentsoe pakeng tsa likarolo tse peli pōpong e joalo hangata ea tlosoa, haholo-holo haeba motsoako o joalo e le lereho le amohelehang. ‘Ntlo ea Davida’ ka sebele e ne e le lebitso le joalo la puso le sebaka bohareng ba lekholo la borobong la lilemo B.C.E.”
Bopaki bo Bong ba ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale
Ka mor’a ho sibolloa hoo, setsebi lejoeng la Mesha (le boetse le bitsoa Lejoe la Moabe), Moprofesa André Lemaire, o ile a tlaleha hore le boetse le bua ka “Ntlo ea Davida.”a Lejoe la Mesha, le sibolotsoeng ka 1868, le na le lintho tseo le tšoanang ka tsona haholo le lejoe la Tel Dan. Ka bobeli ke a lekholong la borobong la lilemo B.C.E., ke a thepa e tšoanang, aa lekana ka boholo, le hore a batla a ngotsoe ka mongolo o tšoanang oa Sesema.
Ha e le ka ho tsosolosoa ha mola o senyehileng oa lejoe la Mesha, Moprofesa Lemaire o ile a ngola: “Hoo e ka bang lilemo tse peli pele ho sibolloa leqhetso la Tel Dan, ke ile ka etsa qeto ea hore lejoe la Mesha le na le tšupiso e buang ka ‘Ntlo ea Davida.’ . . . Lebaka leo ka lona tšupiso ena e buang ka ‘Ntlo ea Davida’ ho seng mohla e kileng ea hlokomeloa pele e ka ’na eaba e bile hore lejoe la Mesha ha ho mohla le kileng la e-ba le editio princeps [phetolelo ea pele]. Ke sona seo ke se lokisetsang, lilemo tse 125 ka mor’a ho sibolloa ha lejoe la Mesha.”
Boitsebiso bo joalo ba ho epolloa ha lintho tsa khale boa thahasellisa hobane lengeloi, Jesu ka boeena, balateli ba hae, le batho ka kakaretso ba paka bonnete ba histori ea Davida. (Matheu 1:1; 12:3; 21:9; Luka 1:32; Liketso 2:29) Lintho tse sibolotsoeng ka ho epolloa ha lintho tsa khale ho bonahala li lumela hore eena le lesika la hae la borena, “Ntlo ea Davida,” ke ’nete, hase tšōmo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lejoe la Mesha lea tsebahala ho babali ba lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. (Bona Molula-Qhooa oa April 15, 1990, leqepheng la 30-1.) Le pontšong Louvre Museum, Paris.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Leqhetso la Tel Dan,* le sibolotsoeng ka 1993 motseng oa Dan, ka leboea ho Galilea
* Motako o thehiloe setšoantšong se hlahang ho Israel Exploration Journal.