Ho Etsahetse’ng ka Sebōpeho sa Batho?
“Ke hobane’ng ha re e-na le tšoaro ea bobatana ea bana lilemong tsee? Ke hobane’ng ha re e-na le tšoaro ea bobatana ea liphoofolo? Ke hobane’ng ha re e-na le pefo? . . . Ke hobane’ng ha batho ba retelehela botšosing? Ke hobane’ng ha batho ba retelehela lithethefatsing? . . . Ha u e-na le lintho tsohle, ke hobane’ng ha batho ba bang ba retelehela linthong tseo tsa motheo tse fokolisang tsoelo-pele eohle?”
LIPOTSO tseo li ile tsa botsoa ka lentsoe le phahameng ke tona-khōlō ea Brithani. Mohlomong u kile ua ipotsa lipotso tse tšoanang ka makhetlo a mangata. Na u ile ua fumana likarabo leha e le life tse khotsofatsang?
Ha e hlakisa lipotso tsa eona, tona-khōlō eo e ile ea re: “Ka lilemo-lemo ha ke ne ke sa le monyenyane ’me ke kene lipolotiking ke e-na le litebello le litoro le lipakane tsohle tsa ka, ho ’na le ho lithaka tsa ka tse ngata ho ne ho bonahala hore haeba re ne re ka fihlela nako eo ho eona re tla ba le matlo a matle a bolulo, thuto e ntle, boemo bo itekanetseng ba bophelo, joale ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla be e lokile ’me re ne re tla ba le bokamoso bo itekanetseng le bo bonolo haholoanyane. Hona joale rea tseba hore ha ho joalo. Re talimane le mathata a sebele a sebōpeho sa batho.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Sebōpeho sa batho se ka hlalosoa e le “ho kopana ho rarahaneng ha maikutlo a motheo le litšobotsi tsa batho.” Ka ho totobetseng, maikutlo le litšobotsi tse hohlanang li ka baka mathata boemong ba motho ka mong, boemong ba sechaba, kapa esita le boemong ba machaba. Empa ha e le hantle ke ho isa bohōleng bofe sebōpeho sa batho se leng molato bakeng sa litšekamelo tse kotsi tsa kajeno tsa pefo, botšosi, thekiso ea lithethefatsi, le tse ling tse tšoanang le tsona?
Na sebōpeho sa batho ke sona feela se molato bakeng sa maemo a sokelang ho ‘fokolisa tsoelo-pele eohle’? Kapa na ho na le mabaka a mang ao re lokelang ho a hopola bakeng sa ho hlalosa lebaka leo ka lona batho ba hoheloang habonolo hakana ke mekhoa e hlephileng, ea boithati ha ba ne ba ka hahamalla lipheo tse phahameng, tse molemonyana? A re ke re boneng.