Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 maq. 27-28
  • “Mokolokong oa Tlhōlo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mokolokong oa Tlhōlo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Hasa Monkho o Monate oa Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Meaho e Ekelitsoeng ho Lekana Keketseho ea ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 maq. 27-28

“Mokolokong oa Tlhōlo”

MOKOLOKO oa tlhōlo e ne e le mokete oa semetletsa o etsoang ha ho hlōtsoe sera. E ’ngoe ea litlotla tse phahameng ka ho fetisisa tseo Lekhotla le ka Holimo-limo la Roma le neng le li fa molaoli oa sesole ea hlōlang e ne e le ho mo lumella ho keteka tlhōlo ea hae ka mokoloko o joalo oa semetletsa, o bitsang chelete e ngata. Moapostola Pauluse o buile ka mokoloko oa tlhōlo ka makhetlo a mabeli mangolong a hae. Leha ho le joalo, pele re ka nahana ka mantsoe a hae, leka ho iketsetsa setšoantšo sa mokoloko o joalo ka kelellong. Nahana ka matšoele a batho a kolokile literateng ha mokoloko oo o tsamaea butle o feta Via Triumphalis e be o nyoloha ka tsela e matsoelintsoeke e nyolohelang tempeleng ea Jupitere e ka holim’a Leralla la Capitoline la Roma.

Setsebi James M. Freeman se ile sa ngola: “Monkho o monate o tsoang linōkong tse chesitsoeng o ne o hasane ka bongata litempeleng le ho pholletsa literateng, o tlatsitse moea ka motsoako oa oona o nkhang hamonate. Mokolokong ona ho ne ho le litho tsa lekhotla le ka holimo-limo le baahi ba ka sehloohong ba naha, bao boteng ba bona bo neng bo tlotlisa ea hlōtseng. Thepa ea bohlokoa ka ho fetisisa e hapiloeng ntoeng, e kang gauda, silevera, libetsa tsa mefuta eohle, lifolaga, mesebetsi ea matsoho e fumanehang ka seoelo le e theko e boima, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e nkoa e le ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ea hlōtseng kapa ea hlōtsoeng, e ne e nkeloa pontšeng moo e bonoang ke motse oo o tletseng batho. Batšoaruoa ba ntoa le bona ba ne ba qobelloa ho tsamaea mokolokong ona. Molaoli oa sesole, eo mokete oa tlhōlo o neng o entsoe tlotlisong ea hae, o ne a palama koloi e khethehileng e huloang ke lipere tse ’nè. Seaparo sa hae se ne se khabisitsoe ka gauda, ’me seaparo sa hae sa ntoa se khabisitsoe ka lipalesa. Ka letsohong la hae le letona o ne a tšoere lekala la sefate se bitsoang laurel, ’me ka letsohong la hae le letšehali a tšoere lere la borena; athe phatleng ea hae ho ne ho e-na le moqhaka o entsoeng ka makala a sefate sa laurel se Delphi. Har’a mehoo ea masole le litlatse tsa matšoele motho ea hlōtseng o ne a tsamaisoa ho theosa le literata ho ea tempeleng ea Jupitere, moo ho neng ho nyeheloa mahlabelo, ao ka mor’a ’ona ho neng ho ba le mokete oa lijo tse hlabosang oa sechaba.”

Pauluse o sebelisitse mokoloko oa tlhōlo ka tšoantšetso ha a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Bakreste ba Korinthe ka selemo sa 55 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna. O itse: “Liteboho li lebe ho Molimo oo ka mehla o re etellang pele mokolokong oa tlhōlo re tsamaea ’moho le Kreste le o etsang hore monkho oa tsebo ea oona o hlokomelehe ka rōna sebakeng se seng le se seng! Hobane ho Molimo re monkho o monate oa Kreste har’a ba pholosoang le har’a ba timelang; ho ba timelang re monkho o tsoang lefung o isang lefung, ho ba pholosoang re monkho o tsoang bophelong o eang bophelong.”—2 Ba-Korinthe 2:14-16, NW.

Mona Pauluse le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba bontšoa e le bafo ba Molimo ba inehetseng, ‘ba tsamaeang ’moho le Kreste.’ Ba tšoantšoa le bara, balaoli, le masole ba latelang mokolokong oa Jehova ’me ba etelloa pele ke eena mokolokong oa tlhōlo tseleng e nkhisitsoeng hamonate. (Bona Molula-Qhooa, July 15, 1990, maqephe 10-15.) Tšebeliso ena ea tšoantšetso ea mokoloko o joalo e boetse e bontša hore ba hanang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ba na le tebello ea lefu feela. Empa ke ho fapaneng hakaakang ho balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng! Ba na le tšepo ea ho fumana poloko ea bophelo ba leholimo ba ho se shoe le Kreste. ’Me ho thoe’ng ka metsoalle ea bona e tšepahalang, eo le eona e inehetseng ho Molimo? E na le tšepo e thabisang ea bophelo lefatšeng la paradeise, moo Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:1-4; Luka 23:43) Na u karolo ea letšoele lee le thabileng?

Ho Ba-Kolosse 2:15 (NW), ho hlahisoa setšoantšo se fapaneng moo Pauluse a ngotseng tjena: “Ka ho hlobolisa mebuso le babusi, [Molimo] o ba behile pooaneng e le ba hlōtsoeng, o ba etella pele mokolokong oa tlhōlo ka baka la eona.” Mona mebuso ea lira le balaoli ba tlas’a Satane Diabolose ba tšoantšoa le baholehuoa le batšoaruoa ba mokolokong oa tlhōlo. Jehova eo e leng Mohlōli o ba hlobolisa hore ba sale ba le feela ’me o ba beha pooaneng e le ba hlōtsoeng. Ba hlōtsoe “ka baka la eona,” ke hore, “thupa ea tlhokofatso” ea Jesu. Lefu la hae thupeng le fane ka motheo bakeng sa ho tlosa “tokomane e ngotsoeng ka letsoho” (selekane sa Molao) ’me le nolofalelitse Bakreste ho lokoloha botlamuoeng ba matla a bosatane a lefifi. (Ba-Kolosse 2:13, 14, NW) Re lokela ho ananela tokoloho e joalo ea Bokreste hakaakang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela