Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 2/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ba Hōlileng ba E-ba Bacha Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Moputso oa Jobo—Mohloli oa Tšepo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Monna ea Behang Mohlala ea Ileng a Amohela Khalemelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 2/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Jobo 33:24, (NW) e bua ka “topollo” e fumanoeng bakeng sa Jobo, e mo lumellang hore a se ke a shoa. Ke mang eo e neng e tla ba topollo eo bakeng sa Jobo?

Ho ne ho se na sehlabelo sa topollo sa motho se nehetsoeng bakeng sa Jobo morao koana, empa Molimo o ile oa koahela liphoso tsa Jobo, kapa oa mo tšoarela tsona.

Satane o ile a bakela Jobo matšoenyeho a mangata, ho kopanyelletsa le “mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hloho.” Boemo ba Jobo bo ne bo le bobe hoo mosali oa hae a ileng a mo phehella hore a ‘rohake Molimo, ’me a shoe.’ Esita le Jobo o ne a ipotsa hore na ebe lefu le molemo ho feta ho utloa bohloko joalo.—Jobo 2:7-9; 3:11.

Ha ho bonahala eka Jobo a ka ’na a shoa, Elihu o ile a nahanisisa ka boemo ba Jobo bo hlobaetsang ’me a rala motheo oa tšepo, a re: “Nama ea hae ea mamarana . . . ’Me sephefumolohi sa hae se atamela mokoti, ’me bophelo ba hae bo atamela babolai. Haeba ho e-na le lenģosa bakeng sa hae, ’muelli, lenģosa le le leng ho a sekete, hore le bolelle motho ho loka ha hae, joale lea mo hauhela ebe le re, ‘Mo tšoarele a se ke a theohela mokoting! Ke fumane topollo! Nama ea hae a e ke e nchafale ho feta bocheng.’”—Jobo 33:21-25, NW.

Rea tseba hore Jesu Kreste o fane ka bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng joaloka topollo e lekanang le se lahlehileng bakeng sa batho ba sa phethahalang. Sehlabelo sa hae se lekana le hoo Adama a neng a lahlehetsoe ke hona, se lefa theko e hlokahalang ho tlisa tokoloho sebeng. (Ba-Roma 5:12-19; 1 Timothea 2:5, 6) Leha ho le joalo, ena hase eona feela tšebeliso ea “topollo” ka Bibeleng. Lentsoe la Seheberu le fumanoang ho Jobo 33:24, (NW) haholo-holo le bolela “ho koahela.” (Exoda 25:17) Ha Molimo o ne o sebelisana le Iseraele ea boholo-holo, o ne o e-na le tokisetso ea ho koahela libe, kapa ho li lefella—mahlabelo a koahelang sebe, a lokisang litaba pakeng tsa batho le Molimo.—Exoda 29:36; Levitike 16:11, 15, 16; 17:11.

Leha ho le joalo, pejana Molimo o ne o ikemiselitse ho amohela mahlabelo e le lipontšo tsa teboho kapa likōpo tsa tšoarelo le kamohelo. (Genese 4:3, 4; 8:20, 21; 12:7; 31:54) Jobo o ne a utloisisa bohlokoa ba mahlabelo a joalo. Rea bala: “A tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a licheso a lekanang lihloho tsa [bara ba hae]; hobane Jobo o na a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitiloe ka ho lebala Molimo lipelong tsa bona. Jobo a ’na a etsa joalo ka mehla.” (Jobo 1:5) Kaha o ne a leka ho khahlisa Molimo ’me ka ho hlakileng a ne a e-na le moea oa ho ikoahlaea, mahlabelo a hae e ile ea ba a bohlokoa mahlong a Molimo.—Pesaleme ea 32:1, 2; 51:17.

Empa hamorao Jobo o ile a kula hoo ho neng ho bonahala eka bophelo ba hae bo kotsing. O ne a boetse a na le pono e fosahetseng ka ho loka ha hae, kahoo o ne a hloka khalemelo, eo joale Elihu a ileng a fana ka eona. (Jobo 32:6; 33:8-12; 35:2-4) Elihu o ile a re ha ho hlokahale hore Jobo a tsoele pele boemong ba hae ba ho sareloa ho fihlela a e-shoa ’me a theohela mokoting (Sheol, kapa lebitla le tloaelehileng). Haeba Jobo a ne a ka baka, “topollo” e ne e ka fumanoa.—Jobo 33:24-28, NW.

Ha ho hlokahale hore re nahane hore ka “topollo” Elihu o ne a bua ka motho eo morao koo a neng a tla shoa molemong oa Jobo. Ha re nahana ka mahlabelo ao barapeli ba ’nete ba neng ba tloaetse ho a nyehela, topollo eo Elihu a neng a bua ka eona tabeng ea Jobo e ka ’na eaba e ne e le ea sehlabelo sa phoofolo. Ka ho thahasellisang, hamorao Molimo o ile oa bolella metsoalle e meraro ea Jobo e mo tšoaeang liphoso: “Le hlahise secheso bakeng sa lōna, ’me Jobo, mohlanka oa ka, a ke a le rapelle.” (Jobo 42:8) Ho sa tsotellehe hore na topollo e ne e tla ba ea mofuta ofe, ntlha e khōlō eo Elihu a neng a e hatisa ke hore phoso ea Jobo e ne e ka koaheloa ’me a thabela melemo e latelang.

Ke sona se ileng sa etsahala. Jobo o ile a ‘baka a le lerōleng le moloreng.’ Joale ha etsahala eng? “Jehova a ntša Jobo litlamong tsa hae . . . ’Me Jehova a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho fetisa qalo ea hae . . . Ka mor’a moo, Jobo a ’na a phela lilemo tse lekholo le nang le mashome a mane; ’me a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong oa bone.” Bonneteng, topollo eo ha ea ka ea lokolla Jobo sebeng, kahoo ka mor’a nako o ile a shoa. Leha ho le joalo, ho lelefatsoa ha bophelo ba hae ho paka hore, ha e le hantle, ‘nama ea hae e ile ea nchafala ho feta bocheng, ’me a khutlela matsatsing a bocha ba hae bo sehlahlo.’—Jobo 33:25, NW; 42:6, 10-17.

Litlhohonolofatso tseo tse ileng tsa tlisoa ke ho sebelisa topollo e lekanyelitsoeng ho Jobo li sebeletsa e le ponelo-pele ea litlhohonolofatso tse ngata tse tla tlela batho ba lumelang lefatšeng le lecha. Kahoo, molemo o felletseng oa sehlabelo sa topollo sa Jesu o tla fumaneha, o tlose ka ho sa feleng liphello tse ntšang kotsi tsa sebe le ho se phethahale. Re tla ba le lebaka le leholo hakaakang la ho ‘hooa ka thabo,’ joalokaha Elihu a boletse!—Jobo 33:26.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela