Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Lengolo le Leng le le Leng Leo a le Balileng le Ile la Ama Pelo ea ka”
MOAPOSTOLA Pauluse o itse: “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Sena se ipakile e le ’nete bophelong ba mosali ea tsoang Vietnam ea ileng a hōlisoa joaloka Mobuddha. Ena ke pale ea hae.
“Batsoali ba ka, ba sa ntsaneng ba le Vietnam, ke Mabuddha ka lebitso, kahoo ke ile ka hōlisoa joaloka Mobuddha ho fihlela ha ke nyaloa ke le lilemo tse 22. Lelapa la bo-monna oa ka le ile la leka ho nqobella hore ke kolobetsoe Kerekeng e K’hatholike. Ba ne ba re matsale oa ka ea hlokahetseng o ile a thibeloa ho ea leholimong hobane ke ne ke le Mobuddha! Qalong ke ile ka hana ho etsa joalo, empa hamorao ke ile ka kolobetsoa hore ke ba khahlise. Leha ho le joalo, botebong ba pelo ea ka, ke ile ka ikutloa ke le sethoto hobane ke ne ke hloile boikaketsi bo ka har’a Kereke e K’hatholike. E ne e sa fapana le bolumeli ba Buddha. E ne e kenelletse ntoeng le lipolotiking, ’me malumeli ao ka bobeli a khothalletsa ho rapela baholo-holo ba shoeleng.
“Hoja ke ile ka lula Vietnam, nkabe ke bile le monyetla o monyenyane haholo oa ho ithuta ’nete. Ke hōtse nakong eo mefere-fere ea lipolotiki e neng e le matla Vietnam Boroa, ’me ke ne ke phela toropong e hōle haholo le Saigon. Kahoo e ne e le tlhohonolofatso hore ke khone ho balehela Australia.
“Ke ne ke le e mong oa batho ba lehlohonolo haholo ba seketsoana. Ke ile ka tlameha ho matha lefifing ho balehela mapolesa ’me ka kena seketsoaneng se senyenyane se tšoasang lihlapi, ke tšoere lesea la ka le likhoeli li peli matsohong a ka. Ka mor’a matsatsi a supileng leoatleng, re ile ra fihla Malaysia, moo re lutseng likhoelinyana li se kae kampong ea baphaphathehi pele re tla Australia.
“Ka mor’a lilemo tse peli le halofo ke le Australia, ke ile ka eteloa ke Lipaki tsa Jehova tšebeletsong ea tsona ea ntlo le ntlo. Ketelong ea tsona ea pele, ke ile ka amohela thuto ea Bibele ea ka mehla hobane ke ne ke bona ona e le monyetla o motle oa ho ithuta Senyesemane. Empa boitšoaro ba Paki e mphumaneng le ’nete eo e nthutileng eona li ile tsa nkhahla haholo. Lengolo le leng le le leng leo a le balileng le ile la ama pelo ea ka, ’me ha kea ka ka bona boikaketsi mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka mor’a ho ithuta Bibele selemo le halofo, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova ’me ka kolobetsoa.
“Ka sebele ’nete e fetotse pono ea ka eohle ea bophelo. Monna oa ka ha a lumela, empa Jehova o nthusitse ’me o ntšehelitse, hammoho le lelapa la ka le lenyenyane. E bile Morupeli oa ka e Moholo ’me o nthutile ho ba mosali le ’mè ea molemo. Ke tsoela pele ho leboha Jehova hore ebe o nthusitse ho tsoa lefifing la moea le ho nkenya leseling la ’nete ea Bibele.”
Ka sebele, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le fane ka matla a sa feleng tabeng ena. Ho ithuta Bibele le ho sebelisa se ithutiloeng ho fana ka sepheo le morero bophelong ’me ho lebisa bophelong bo sa feleng lefatšeng la Molimo le lecha. Joalokaha Molimo o bululetse Moshe ho bolela, “hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”—Deuteronoma 32:47.