Tsamaeang Joaloka Basebetsi-’moho ’Neteng
Lintlha tse Khōlō tsa Johanne oa Bobeli le oa Boraro
TSEBO ea ’nete ke letšoao le tsebahatsang barapeli ba Jehova. (Johanne 8:31, 32; 17:17) Ho tsamaea ’neteng ea bomolimo ke habohlokoa bakeng sa pholoho. ’Me bahlanka ba Molimo e tlameha ho ba basebetsi-’moho ’neteng.
Lengolo la bobeli le la boraro le bululetsoeng la moapostola Johanne le bua ka ho “tsamaea ’neteng.” (2 Johanne 4; 3 Johanne 3, 4) Johanne oa Boraro e boetse e khothalletsa tšebelisano-’moho joaloka “basebetsi-’moho ’neteng.” (3 Johanne 5-8, NW) Mohlomong, mangolo ao ka bobeli a ngolletsoe Efese kapa haufi le teng hoo e ka bang ka 98 C.E. Empa seo a se buang se ka ruisa batho ba Jehova molemo kajeno.
Johanne oa Bobeli e Hatisa ’Nete
Johanne oa Bobeli e hatisitse ’nete le lerato ’me ea lemosa ka “bo-antikreste.” (Litemana 1-7) Lengolo le ne le lebisitsoe ho “mofumahali oa mokhethoa,” mohlomong motho e mong ea itseng. Empa haeba le ne le romelletsoe phutheho, “bana” ba hae e ne e le Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba ‘khethiloeng’ ke Molimo bakeng sa bophelo ba leholimo. (Ba-Roma 8:16, 17; Ba-Filippi 3:12-14) Johanne o ne a thabile kahobane ba bang ba itseng ba ne ba “tsamaea ’neteng” ’me kahoo ba hanela bakoenehi. Leha ho le joalo, ba ne ba lokela ho itebela ho “bo-antikreste,” ba latolang hore Jesu o tlile nameng. Lipaki tsa Jehova kajeno li ela hloko litemoso tse joalo khahlanong le bokoenehi.
Ka mor’a moo, Johanne o ile a fana ka keletso mabapi le ho sebetsana le bakoenehi ’me joale a qetella ka litakaletso tsa botho le litumeliso. (Litemana 8-13) Ka mesebetsi e kang ho bolela, eena le ba bang ba hlahisitse litholoana tse felletseng ka tšokoloho ea bao a ba romelletseng lengolo la hae. Ke feela ka ho ‘iponela’ bomoea ba bona ba neng ba tla ‘fuoa moputso o tletseng,’ oo ka ho hlakileng o kopanyelletsang “moqhaka” oa leholimo o boloketsoeng batlotsuoa ba tšepahalang. (2 Timothea 4:7, 8) Haeba mang kapa mang ‘ea sa tiisetseng thutong ea Kreste’ a tla ho bona, ba lokela hore le ka mohla ba ‘se ke ba mo amohela matlung a bona, ’me ba se ke ba mo lumelisa’ e le hore ba ka qoba ho kopanela le eena “ketsong tsa hae tse mpe.” Johanne o ile a qetella ka litumeliso, ka mor’a ho hlalosa tšepo ea hore o tla tla ’me a buisane le balumeli-’moho bao lifahleho li talimane.
Johanne oa Boraro e Hatisa Tšebelisano-’moho
Johanne oa Boraro e ne e lebisitsoe ho Gaiuse ’me pele e bontša ho ela hloko seo a neng a se etsetsa balumeli-’moho. (Litemana 1-8, NW) Gaiuse o ne a “tsamaea ’neteng” ka ho khomarela lithuto tsohle tsa Bokreste. O ne a boetse a “etsa mosebetsi o tšepahalang” ka ho thusa baena ba baeti. Johanne o ngotse: “Re . . . tlas’a tlamo ea ho amohela batho ba joalo ka mofuthu, e le hore re ka ba basebetsi-’moho ’neteng.” Lipaki tsa Jehova li bontša kamohelo ea baeti e tšoanang ho balebeli ba tsamaeang kajeno.
Johanne o qetella lengolo la hae, ka mor’a ho bapisa boitšoaro bo bobe ba Diotrefe le boitšoaro ba Demetriuse. (Litemana 9-14) Diotrefe ea batlang ho tlotlisoa o ne a sa bontše tlhompho bakeng sa Johanne ’me o ile a ba a leka ho leleka phuthehong ba amohelang baena hantle. Leha ho le joalo, e mong ea bitsoang Demetriuse o ile a hlalosoa e le mohlala o motle. Johanne o ne a tšepile ho kopana le Gaiuse kapele ’me o qetelletse ka litumeliso le litakaletso tsa hore Gaiuse a thabele khotso.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ka Pampiri, Pene, le Enke: Johanne o ne a lakatsa ho etela “mofumahali oa mokhethoa” le “bana” ba hae ho e-na le ho ba ngolla lintho tse ngata “ka pampiri le ka enke.” Ho e-na le ho tsoela pele a ngolla Gaiuse “ka pene le ka enke,” moapostola o ne a boetse a tšepile ho ’mona haufinyane. (2 Johanne 1, 12; 3 Johanne 1, 13, 14) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “pene” (kaʹla·mos) le bolela thupa kapa lehlaka ’me le ka fetoleloa e le “lehlaka le ngolang.” Har’a Bagerike le Baroma, pene ea lehlaka e ne e e-na le lesoba le lesesaane ’me e chorisitsoe joaloka lipene tsa lesiba tsa nakong ea moraonyana. Lentsoe la Segerike meʹlan, le fetoletsoeng e le “enke,” ke lekhethi le ka botoneng meʹlas, le bolelang “ntšo.” Lienkeng tsa khale-khale, ’mala o ne o le botšo ba carbon—mohlomong e le mofuta o mong oa mooa o fumanoang oling e tukang kapa patsing, kapa mashala a kang likristale a tsoang limeleng kapa liphoofolong. Ka tloaelo, lienke li ne li bolokoa joaloka likotoana tse omisitsoeng kapa likuku, tse neng li kolobisoa ke mongoli ’me a li khoatha ka borosolo ba hae kapa lehlaka. Pampiri ea mehleng eo e ne e le phate e tšesaane e neng e etsoa maqephe ka likhechana tse fumanoang semeleng sa loli. Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa pampiri e joalo bakeng sa mangolo, meqolo, le libuka tse ngotsoeng ka letsoho.