Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Ka Letsohong le Letona la Molimo
HO TŠOLLOA ha moea o halalelang ka Pentekonta ke bopaki ba hore Jesu o khutletse leholimong. Pono e ileng ea bontšoa morutuoa Setefane nakoana ka mor’a moo le eona e paka hore O fihlile moo. Nakoana pele Setefane a tlepetsoa ka majoe ka baka la ho paka ha hae ka botšepehi, oa hooa: “Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.”
Ha a ntse a le ka letsohong le letona la Molimo, Jesu o emetse taelo e tsoang ho Ntat’ae: “Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.” Empa khabareng, ho fihlela ha a nka khato khahlanong le lira tsa hae, Jesu o etsa’ng? Oa busa, kapa o laola barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng, oa ba tataisa mosebetsing oa bona oa boboleli ’me o ba lokisetsa hore ka tsoho, e be marena hammoho le eena ’Musong oa Ntat’ae.
Ka mohlala, Jesu o khetha Saule (eo hamorao a ileng a tsejoa hamolemo ka lebitso la hae la Seroma, Pauluse) hore a etelle pele mosebetsing oa ho etsa barutuoa linaheng tse ling. Saule o chesehela Molao oa Molimo, empa o khelosoa ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajode. Ka baka leo, Saule ha a lumellane le ho bolaoa ha Setefane feela empa o ea Damaseka ka taelo e tsoang ho moprista ea phahameng Kaiafa ea hore a tšoare banna le basali leha e le bafe bao a ba fumanang moo bao e leng balateli ba Jesu ’me a ba tlise Jerusalema. Leha ho le joalo, ha Saule a le tseleng e eang moo, hang-hang khanya e matla e mo teela hare ’me o oela fatše.
Lentsoe le tsoang mohloling o sa bonahaleng lea botsa: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na?” Saule oa botsa: “U mang, Morena?”
Ho hlaha karabo e reng: “Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.”
Jesu o bolella Saule, ea foufalitsoeng ke khanya ea mohlolo, hore a kene Damaseka ’me a emele litaelo. Joale Jesu o itlhahisa ka pono ho Ananiase, e mong oa barutuoa ba hae. Mabapi le Saule, Jesu o bolella Ananiase: “Hobane eo [“monna enoa,” NW] ke lefiso leo ke ikhethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho ba-lichaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.”
Ka sebele, ka tšehetso ea Jesu, Saule (ea seng a tsejoa e le Pauluse) le baboleli ba bang ba evangeli ba ba le katleho e khōlō mosebetsing oa bona oa ho bolela le ho ruta. Ha e le hantle, lilemo tse ka bang 25 hoba Jesu a iponahatse ho eena tseleng e eang Damaseka, Pauluse o ngola hore “litaba tse molemo” li “boletsoe pōpong eohle e ka tlas’a leholimo.”
Ka mor’a hore ho fete lilemo tse ling tse ngata, Jesu o bontša moapostola oa hae ea ratoang, Johanne, letoto la lipono. Ka lipono tsena tseo Johanne a li hlalosang bukeng ea Bibele ea Tšenolo, eena, ha e le hantle, o phela ho fihlela a bona Jesu a khutla a le matleng a ’Muso. Johanne o re “ka pululelo” o ile a isoa nakong e tlang “letsatsing la Morena.” ‘Letsatsi’ lena ke lefe?
Ho ithuta boprofeta ba Bibele ka hloko, ho kopanyelletsa boprofeta ba Jesu ka boeena bo mabapi le mehla ea qetello, ho senola hore ‘letsatsi la Morena’ le qalile selemong se ikhethang historing sa 1914, e, molokong ona! Ka hona ke ka 1914 ha Jesu a khutla a sa bonahale, ho se pontšo leha e le efe e hapang tlhokomelo ea batho bohle ’me bahlanka ba hae ba tšepahalang e le bona feela ba hlokomelang ho khutla ha hae. Selemong seo Jehova o ile a neha Jesu taelo ea ho busa har’a lira tsa hae!
Ka ho utloa taelo ea Ntat’ae, Jesu o ile a hloekisa maholimo ka ho tlosa Satane le bademona ba hae, a ba lihela lefatšeng. Hoba a bone sena se etsahala ponong, Johanne o utloa lentsoe le hlahang leholimong le phatlalatsa: “Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona.” E, ka 1914 Kreste o ile a qala ho busa e le Morena!
Tsena ke litaba tse molemo hakaakang ho barapeli ba Jehova leholimong! Baa khothatsoa: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng.” Empa boemo ke bofe ho ba lefatšeng? Lentsoe le hlahang leholimong le tsoela pele, “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”
Re nakong eo e khutšoanyane hona joale. Hona joale batho ba aroloa bakeng sa ho kena lefatšeng le lecha la Molimo kapa ho ea timelong. Bonneteng, hona joale bokamoso ba hao bo ntse bo reroa ho latela kamoo u arabelang ka teng litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse boleloang lefatšeng lohle tlas’a tataiso ea Kreste.
Ha ho aroloa ha batho ho se ho phethiloe, Jesu Kreste o tla sebeletsa e le Moemeli oa Molimo ho tlosa Satane le tsamaiso eohle ea lintho lefatšeng hammoho le bohle ba e tšehetsang. Jesu o tla phetha ho tlosoa hona ha bokhopo bohle ntoeng eo ka Bibeleng e bitsoang Harmagedone, kapa Armageddone. Ka mor’a moo, Jesu, Motho e moholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle ea hlahlamang Jehova Molimo ka boeena, o tla tšoara Satane le bademona ba hae a ba holehe lilemo tse sekete “sekoting,” e leng boemo ba ho se sebetse bo kang lefu. Liketso 7:55-60; 8:1-3; 9:1-19; 16:6-10; Pesaleme ea 110:1, 2; Ba-Heberu 10:12, 13; 1 Petrose 3:22; Luka 22:28-30; Ba-Kolosse 1:13, 23, NW; Tšenolo 1:1, 10, NW; 12:7-12; 16:14-16; 20:1-3; Mattheu 24:14; 25:31-33.
◆ Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o lutse hokae, ’me o emetse’ng?
◆ Ka mor’a hore a nyolohele leholimong, Jesu o busa bo-mang, ’me puso ea hae e bonahala joang?
◆ ‘Letsatsi la Morena’ le qalile neng, ’me ho etsahetse’ng qalehong ea lona?
◆ Ke mosebetsi ofe oa ho arola o ntseng o tsoela pele kajeno o amang e mong le e mong oa rōna ka ho toba, ’me ho arola hoo ho etsoa motheong ofe?
◆ Ha mosebetsi oa ho arola o phethiloe, ke liketsahalo life tse tla latela?