Na U ka Thaba ha U E-na le ho Hongata Hoo U ho Etsang?
BONGATA ba rōna re phela bophelo bo maphatha-phathe haholo, hangata e le bo potlakileng. Likhatello tse sa khaotseng tsa bophelo ba kajeno li hloka hore re etse boiteko bo sa khaotseng e le hore feela re khone ho tsoella. Banna le bo-ntate ba tlameha ho finyella litlameho tsa bohlokoa tsa malapa a bona, bahiri ba bona, le ba bang. Basali le bo-’mè ba tlameha ho hlokomela litlhoko tsa lelapa ’me hangata ba lokela ho etsa mosebetsi oa boipheliso. Bacha le bona ba tlas’a khatello ea ho iphaphatha le litlameho tse itseng tsa lelapa ’me ba ntse ba lokela ho fumana thuto e tla ba lokisetsa ho phetha karolo e hlahisang litholoana sechabeng.
Empa ho thoe’ng ka ba bang ba rōna bao re nehetseng bophelo ba rōna ho Jehova Molimo le bao re leng Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng? Ho phaella linthong tse ling tsohle tseo re lokelang ho li etsa, re fumana khothatso ena ea moapostola Pauluse: “Ka baka leo, banab’eso ba ratoang, tieang, le se ke la sisinyeha, ka mehla le ntse le e-na le ho hongata hoo le ho etsang mosebetsing oa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela kamanong le Morena.” (1 Ba-Korinthe 15:58, NW) E, ho ba le boikarabelo bo bongata bo eketsehileng ke karolo ea lintho tse hlokahalang borapeling ba ’nete. Re ka phethahatsa litlameho tsee tsohle joang ’me re be le khotso ea kelello le pono e thabileng?
Ho Finyella Lintho ho Tlisa Thabo
Thabo—boikutlo ba boiketlo kapa khotsofalo—e amana haufi-ufi le katleho ea ho phethahatsa boikarabelo ba bophelo. Haeba re khona ho finyella litlameho tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi ka katleho e loketseng, re khona ho qeta ho etsa lintho ka nako le ka tsela e hlophisehileng, re ba le boikutlo ba hore re finyelletse ho itseng le ba khotsofalo. Ke kamoo ho lokelang ho ba ka teng, ’me phello e tlatsetsa thabong ea rōna.
Le ka mohla Jehova Molimo o ne a sa rera hore ho phethahatsa boikarabelo ba rōna e be moroalo o hatellang. Ho fapana le hoo, ka mehla takatso ea hae e ’nile ea ba hore re ‘thabe le ho bona botle ba mosebetsi oa rōna ’ohle o boima.’ (Moeklesia 3:12, 13, NW) Ha re thabela mosebetsi oa rōna, hangata re hlahisa litholoana. Re lula re itokiselitse ho amohela taeo le ho sebelisana le ba bang ka khotso. Ka lehlakoreng le leng, haeba re sa thaba, mosebetsi oa rōna o bonahala o khathatsa—ka linako tse ling o bonahala e le o nyahamisang, o tenang, esita le o tepeletsang maikutlo. Sena se lebisa mekhoeng e sa hlahiseng litholoana ea mosebetsi le ho ba le mohopolo o fosahetseng. Bophelo bo fetoha ntoa ea letsatsi le letsatsi ha re ntse re leka ho finyella lintho tsohle tseo re lokelang ho li etsa. Leha ho le joalo, haeba re ka fumana tsela ea ho lula re thabile ka seo re se etsang, ho na le monyetla o moholo oa hore re tla latsoa tsela ea bophelo e putsang le e khotsofatsang.
E-ba ea Leka-lekaneng
Ho hlokahala hore re be ba leka-lekaneng e le hore re ka ba ba thabileng le hoja re e-na le ho hongata hoo re ho etsang. Ho leka-lekana ke eng? Ke “botsitso ba kelello le ba maikutlo.” Motho ea leka-lekaneng o loanela ho ba ea hlophisehileng mesebetsing ea hae. O lokisetsa lintho esale pele, o qoba ho lieha, ’me o na le mekhoa e itekanetseng. O bontša boitšoaro lijong, linong, boikhathollong, mesebetsing e tlosang bolutu, le boithabisong. Ha e le hantle, o bontša “boitšoaro linthong tsohle”!—1 Ba-Korinthe 9:24-27, NW; bapisa le Tite 2:2, NW.
Thapelo e phetha karolo e khōlō ho bolokeng ho leka-lekana ha Bokreste. Mohlanka oa Jehova a ka rapella moea o halalelang oa Molimo le thuso ea Ntate oa hae oa leholimo hore a hlaolele litholoana tsa oona, tse akarelletsang boitšoaro. (Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23) Haholo-holo Mokreste o lokela ho retelehela ho Molimo ka thapelo ha a hlaseloa ke liteko tse sokelang ho senya ho leka-lekana ha hae. Mopesaleme Davida o itse: “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” (Pesaleme ea 37:5) Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore re rapele joalokaha Davida a ile a etsa ha a ne a kōpa tjena: “Molimo, u mphakisetse! U thuso ea ka le mopholosi oa ka! Jehova, u se ke ua lieha!” (Pesaleme ea 70:5) Le ka mohla u se lebale hore ka thapelo u ka khona ho boloka ho leka-lekana ’me u thabele ‘khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle le e lebelang lipelo tsa rōna le matla a kelello.’—Ba-Filippi 4:6, 7.
Mokreste ea leka-lekaneng o hlaphohetsoe kelellong hobane o itšetlehile ka Jehova ’me o thabela khotso ea Molimo. (Tite 2:11, 12) Sena se tlisoa ke ho ba le kutloisiso e ntle ea melao-motheo ea Bibele le ho e sebelisa bophelong ba hae. Motho ea joalo hase moikaketsi, ebile ha a ahlole ka lepotla-potla. Kahlolo e ntle e mo thibela hore a se ke a latela likhopolo tsa hae kapa a ba manganga. O italima ka mokhoa o ikokobelitseng ’me o ba le pono e ikokobelitseng ka litšoaneleho tsa hae, ’me sena se mo nolofalletsa hore a sebelisane ’moho le ba bang. (Mikea 6:8) Ka ho thahasellisang, libōpeho tse thusang motho ho leka-lekana li boetse li har’a litšoaneleho tse hlokahalang ho ba khethoang hore ba sebeletse e le balebeli ka phuthehong ea Bokreste.—1 Timothea 3:2, 3.
Re ka tlatsetsa thabong ea rōna haholo ka ho loanela ho ba ba leka-lekaneng haholoanyane mesebetsing ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Ka ho bontša litšoaneleho tse amanang le ho leka-lekana ho hotle, re ka khona ho etsa lintho tse hlokahalang ntle le hore re be le khatello e bohloko ea ’mele kapa ea maikutlo. Mokhoa oa rōna oa bophelo o tla bontša botsitso bo boholo, ’me re tla finyella ho hongata. Ba bang ba tla fumana thabo e eketsehileng ka ho kopanela botsoalle le rōna, ’me re tla latsoa khotsofalo le thabo e khōloanyane. Empa litsela tse ling tse sebetsang tsa ho boloka ho leka-lekana ke life?
Litsela tse Sebetsang tsa ho Boloka ho Leka-lekana
E le hore re ka boloka ho leka-lekana, re lokela ho leka ho finyella litaba tsa rōna tsa botho ka potlako le ka mokhoa o hlophisehileng. Ho hlokahala hore re lokisetse esale pele, re hlokomele litaba ka mokhoa o laolehileng le o hlophisehileng. Batho ba haelloang ke tlhophiso e ntle le ba nang le tšekamelo ea ho ba lenama ba ithatafaletsa bophelo ka khatello e eketsehileng le ho tšoenyeha. Ho atleha karolong ena ea bophelo ho tla re thusa ho ikutloa hore re laola maemo ho e-na le ho ba le boikutlo ba hore re batho ba se nang thuso ba laoloang ke maemo.
Ha rea lokela ho leka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka borōna ntle ho thuso ea ba bang. Hangata batho ba sa ikemisetsang ho amohela thuso ea ba bang ba lefa tefo e boima ea mokhathala le ho nyahama. Ho na le mesebetsi e sa tšoaneng e ka etsoang ke ba bang. Ka hona, ke bohlale hore motho a sebelise hamolemo litšoaneleho tsa ba ikemiselitseng ho thusa. Ka ntle le hore re tla be re bebofatsa moroalo oa rōna, sena e ka ba se khothatsang ho batho ba lakatsang ho atamela haufinyane le rōna.
Hase bohlale hore re ipapise le batho ba khonang ho etsa ho eketsehileng. Ho leka ho ba joaloka bao ho bonahalang eka ba finyella ho hongata ho re feta e ka ba ho nyahamisang, ha re etsa hore re ikutloe re le ba tlaase le ba se nang thuso. Monahano o joalo o kotsi, o fokolisa boikemisetso ba rōna le boitlhompho. Pauluse o ngotse: “E mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ea hae, ’me ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.” (Ba-Galata 6:4) Hopola hore mosebetsi ea nkoang e le oa bohlokoa ka ho fetisisa ke ea latelang litaelo, ea nang le botsitso le ea tšepahalang, ’me a etsa mosebetsi oa boleng bo phahameng. Haeba re le joalo, batho ba tla ananela litšebeletso tsa rōna ’me ba batle hore re ba etsetse tsona.—Liproverbia 22:29.
Ho hlokahala hore re itlhokomele hantle bophelong ba rōna ba ’mele. Ke le leng la matlotlo a rōna a bohlokoahali, hobane ka ntle ho bona re ka etsa ho fokolang haholo. Ka hona, re lokela ho leka ho ba le mokhoa o phelisang hantle oa ho ja ka ho ja lijo tse nang le phepo e ntle. Re lokela ho fumana phomolo eo re e hlokang, re robale ka nako e loketseng bosiu. Ha re khathetse habohloko kapa re ikutloa eka re tla kula, ha rea lokela ho iqobella; re ka ’na ra lefa tefo e boima.
Ke habohlokoa hore re itebele khahlanong le ho hōlisa moea oa ho tletleba. Haeba re itumella hore re laoloe ke monahano o fosahetseng, re ka ’na ra tšoaea ntho e ’ngoe le e ’ngoe le motho e mong le e mong phoso. Joang kapa joang ena ke tsela e tla re amoha thabo le ho amoha ba bang thabo. Ho fapana le ho seba kapa ho tletleba ka seo re ikutloang hore se fosahetse, re lokela ho bolella ba ikarabellang ho rarolla taba eo ebe re ba tlohella hore ba lokise lintho. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 1:10-12.) Ke bohlale hore re boloke pono e ntle, ka mehla re batle le ho lebella ho fumana se molemo ho ba bang le liketsahalong tse likolohileng bophelo ba rōna.—Bapisa le Juda 3, 4, 16.
Ha re hlophisa mesebetsi ea rōna, re lokela ho hopola hore ho etsa lintho ka lepotla-potla ho ka ’na ha fana ka botumo bo itseng, empa ke ka seoelo ho ka tšoarellang nako e telele. Ho tsoela pele re ikimetsa ha ho lebise mokhathaleng feela empa hape ho ka tlisa ho nyahama ho ka ’nang ha fokolisa boikemisetso ba hore re ’ne re tsoele pele. Ka hona, a re ipeheleng lebelo leo re tla le boloka ka nako e telele. Ka mohlala, ke hantle hore re etse kemiso e sebetsang bakeng sa ho kopanela ka mehla mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo le litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea Bokreste. Ho hlokahala hore re iphe nako ea ho phomola le boithabiso bo hahang. Re tla fumana ho le molemo ho bua le batho ba baholo ba nang le lilemo tse mashome-shome tsa phihlelo, hobane mohlomong ba se ba ithutile kamoo ba ka etsang lintho tse hlokahalang ka teng ka ntle le hore ba ikimetse ka mokhathala ’meleng kapa maikutlong.
Sebelisa Kahlolo e Ntle
Ke ho nepahetseng hore re ikutloe re tlamehile re bile re na le takatso ea ho finyella boikarabelo ba rōna bohle boo re bo abetsoeng, ho akarelletsa le boo re bo abetsoeng ka phuthehong ea batho ba Jehova. Molimo o khahlisoa ke basebetsi ba khothetseng le ba tšepahalang. (Bapisa le Mattheu 25:21; Tite 2:11-14.) Empa Mangolo aa re phehella: “Baballa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:21, NW) Ho sebelisa bohlale ba Bibele ho tla re tsoela molemo, ’me ho hlokahala hore re sebelise kutloisiso le kahlolo e ntle, re etse litokisetso tse hlokolosi ’me ka mehla re etse lintho re ipapisitse le moo matla a rōna a fellang teng.
Khothatso ea hore re be le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena e tlameha ho leka-lekanngoa le tlhokomeliso e buelloang ho Moeklesia 9:4. Rea bala: “Ntja e utloang e fetisa tau e shoeleng.” E, ntja e phelang, le hoja ba bang ba e khella fatše, e molemo ho feta tau e shoeleng, e leng phoofolo eo ba bangata ba e nkang e le mohale. Haeba re sebelisa ho leka-lekana ’me re hlokomela bophelo ba rōna ba ’mele ka nepo, re tla phela ’me re tsoele pele ho etsa lintho. Bafu ha ba sa na kabelo e tsoelang pele mosebetsing ofe kapa ofe. Ho ba le kahlolo e ntle ho ka re thusa ho fumana ho leka-lekana ho loketseng ho re lumellang ho finyella lintho tse hlokahalang ntle le hore re lahleheloe ke thabo.
Ka hona, ho ba le ho hongata hoo re ho etsang ha ho bolele hore re ke ke ra thaba. Batho ba phathahaneng ka ho fetisisa ba ka ba har’a batho ba thabileng ka ho fetisisa haeba ba sebelisa kelello, ba boloka pono e ntle, ’me ba sebelisa kahlolo e ntle e le hore ba ka ipoloka ba leka-lekane hantle. Re ka latsoa thabo e khōlō ka ho fetisisa e ka fumanehang haeba re bontša bohlale, re etsa mesebetsi e metle, ’me re tšepa Jehova Molimo.—1 Timothea 6:17-19.