Bophelo bo Botle le Thabo—Na U ka li Fumana?
HO TLOHA haesale banna le basali ba sa phethahalang ba e-ba teng, ba ’nile ba laba-labela bophelo bo botle le thabo. Le hoja ka sebele lintho tsena e le tse peli tsa lintho tsa bohlokoahali tseo batho ba li lakatsang, li ipakile e le tse sa fumaneheng habonolo.
Batho ba ’nile ba nahanisisa haholo ’me ba fana ka likeletso tse ngata ka letšolo lena la ho batla bophelo bo botle le thabo. Dr. Dennis Jaffe o ile a hlokomela: “Kajeno, hangata senotlolo se isang bophelong bo botle le pholisong e nkang nako e telele se itšetlehile ka boitšoaro ba hao ka bouena.” Ka nako e ’ngoe Abraham Lincoln o ile a re: “Batho ba thaba ho ea ka hore na ba ikemiselitse ho thaba hakae.” Na u lumellana le see? U laba-labela thabo ka matla hakae? Ho e fumana ho itšetlehile hakae ka ho ba le bophelo bo botle?
Hohle batho ba ’nile ba batla thabo, ba latela litlhahiso tse bonahalang li sa fele. Ba ’nile ba batlisisa ho filosofi, thuto ea kelello, le metaphysics. Ba bang letšolong la bona la ho fumana thabo, ba ile ba batlisisa saenseng, mahlaleng a boqapi, le ’minong. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore karolo e khōlō ea thabo ea ’nete e amana le ho ba le bophelo bo botle. Phatlalatso e ’ngoe ea khoebo e tummeng ea thelevishene e ile ea re: “Haeba u na le bophelo bo botle, u na le hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ha ba ntse ba phehella tsela ena ea ho fumana thabo ka bophelo bo botle, batho ba bangata ba ’nile ba batlisisa likhopolo tse fapa-fapaneng tsa bophelo bo botle, tse tloaelehileng le tse sa tloaelehang. Hoo e batlang e le laeborari e ’ngoe le e ’ngoe ea sechaba e bontša mefuta e mengata haholo ea tlhophiso ea lijo le mekhoa ea phekolo. Setsebi sa mafu a pelo se tummeng Dr. Paul Dudley White se ile sa re: “Ho ’nile ha ngoloa libuka tse ngata tse buang ka bophelo bo botle, ho tloha mehleng ea boholo-holo. E ’ngoe ea tse ntlehali e ne e le Regiment of Helthe e ngotsoeng hoo e ka bang lilemong tse sekete tse fetileng.”
Ho sa tsotellehe sena sohle, letšolo la ho batla bophelo bo botle le thabo, le tliselitse batho ba bangata ho nyahama. Na see sea u makatsa, ha u nahanisisa kamoo ho nahanoang hore tsoelo-pele ea rōna e phahame ka teng? Ka ho hlakileng, saense ha ea felisa ho kula, ho tsofala, le lefu.
Empa na ho ka u makatsa ka ho tsoetseng pele ho tseba hore re ntse re se na tsela ea ho lekanyetsa thabo ’me re ntse re se na tlhaloso e ntle ea hore na thabo ke eng? Puong e neng e tšohla “Ho Nahanisisa ka Thabo,” Pierre Teilhard de Chardin o ile a etsa qeto ea hore: “Ka makholo a lilemo sena e ’nile ea ba sehlooho sa libuka tse ngata haholo, lipatlisiso, liteko tse etsoang ke batho ka bomong esita leha e le sehlopha, ka ho latellana; ’me, ka bomalimabe, ho bile le ho hlōleha ho felletseng ho finyella tumellano. Ho ba bangata ba rōna, phello ke hore qeto feela e sebetsang e ka fumanoang puisanong ena eohle ke hore ha ho na thuso ho tsoela pele ka letšolo lena la ho batla.”
Na ke kamoo u ikutloang ka teng ka thabo? Ipotse lipotso tse ling tsa botho empa tse tšepahalang. Na ka sebele u thabile hona joale? Kapa na thabo ea sebele e ka fumanoa feela leholimong? Na ho na le tšepo leha e le efe e tiileng ea hore re ka fumana bophelo bo botle le thabo, ’me ra li fumana hona mona holim’a lefatše?