Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 9/15 maq. 28-30
  • Lipapiso—Senotlolo sa ho Finyella Lipelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipapiso—Senotlolo sa ho Finyella Lipelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipapiso tse Rutang
  • Ho Fumana Lipapiso
  • Ho Phelisa Liketsahalo tsa Bibele
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • U ka Etsa Lipapiso Joang?
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Etsisa Mosuoe e Moholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 9/15 maq. 28-30

Lipapiso—Senotlolo sa ho Finyella Lipelo

DAVIDA o ne a ntse a baleha bakeng sa ho pholosa bophelo ba hae. Sera sa hae ke Saule, morena oa Iseraele ea tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, Saule ke monna ea hloileng Davida haholo, ea susumetsoang ke mōna. Joale morena o tlile le bahlabani ba 3 000 ha a ntse a ’matla ka morero oa ho ’molaea. Davida le banna ba hae ba ipatile khocheletsaneng ka lehaheng lefeelleng kaha palo ea bona e fokola haholo.

Ha Davida le banna ba hae ba bokana hammoho lefifing, boemo bo fetoha ka mokhoa o makatsang. Morena Saule o kena ka ho lona lehaha lena ho phomola. Davida o atamela sera sa hae se se nang thuso a nanya, a nkile sebetsa ka letsoho. Empa se makatsang banna ba Davida ke hore ha a bolaee morena. O mpa a seha qola ea seaparo sa Saule. Ha Davida a ikoahlaela seo a se entseng, o re: “Jehova a nkhanele, ke se ke ka etsa taba e joalo ho mong a ka, motlotsuoa oa Jehova, ka isa letsoho la ka ho eena, etsoe e le motlotsuoa oa Jehova.”—1 Samuele 24:1-6.

Tlaleho ena ea Bibele e re ruta thuto e matla ea ho hlompha matla a ho laela ao Molimo o faneng ka ’ona. Hape e finyella pelo, mohlomong ka tsela e atlehang haholoanyane ho feta keletso e tobileng. Ana ke matla a litlaleho tse ngotsoeng ka hare ho Lentsoe la Molimo bakeng sa ho re ruta.—Ba-Roma 15:4.

Ka ho loketseng, Lipaki tsa Jehova li leka ka matla hore li se ke tsa hlalosa linnete feela ha li bolela litaba tse molemo, ha li khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele, ha li fana ka lipuo tse theiloeng Bibeleng, kapa li fana ka bopaki bo sa reroang. Li leka ho finyella lipelo ka ho pheta liphihlelo le ho sebelisa lipapiso. Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo eo li e sebelisang, ea hlalosa: “Lipapiso li susumetsa khahleho ’me li phahamisa mehopolo ea bohlokoa. Li tsukutla ho nahana ha motho ’me li etse hore ho be bonolo ho tšoara mehopolo e mecha. Lipapiso tse khethiloeng hantle li kopola hammoho ho ipiletsa ha kelello le ho matla a boikutlo. . . . Ka linako tse ling papiso e ka sebelisoa ho qoba maikutlo a mabe a bontšoang.”a—Leqephe 168.

Bukeng ea hae Essentials of Public Speaking, Warren DuBois oa hlokomela: “Mongoli kapa sebui a se ke se hlalose likhopolo tsa sona ka liketso kapa mantsoe a batho, ’me taba e tenang e tla ba le sefutho ’me e hape thahasello.” Kahoo, ka sebele ho etsa hore molaetsa oa hao o seng o ntse o susumetsa le o fanang ka bophelo o be le sefutho ’me o hape thahasello e eketsehileng ho tla thusa basebeletsi ba Bakreste ho finyella pelo.

Lipapiso tse Rutang

Ke papiso ea mofuta ofe e sebetsang hamolemo ka ho fetisisa? Hangata ke e theiloeng nthong e ’ngoe eo bamameli ba ka e utloisisang habonolo. Jesu Kreste o behile mohlala o motle tabeng ena. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o buile ka lintho tse tloaelehileng tse kang letsoai, mabone, le linonyana. (Mattheu 5:1–7:29) Ka mohlala, e mong le e mong o ne a tloaetse mabone a neng a khantšoa ka oli ea mehloare le hore ka linako tse ling a ne a hlongoa kandelareng. Kahoo, e tlameha ebe barutuoa ba Jesu ba ile ba elelloa hore e lokela ho ba bajari ba leseli la moea ha a ba bolella: “Lebone le lona ha le hoteletsoe ho kenngoa ka tlas’a morula, empa e le ho hlongoa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung. Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:15, 16) Lipapiso tse bonolo tse lokelang taba li tla thusa basebeletsi ba Bakreste ho hlakisa likhopolo le lithuto tsa Bibele.

Mohlomong lipapiso tsa Jesu tse matla ka ho fetisisa e ne e le tse mabapi le batho. Nahana ka tse tlalehiloeng ho Luka likhaolong 15 le 16. Bangoli le Bafarisi ba ne ba ile ba nyatsa Jesu ka ho amohela baetsalibe le balekhetho. Ha a arabela, o ile a ba bolella lipale tsa batho tse hapang maikutlo. O ile a bua ka molisa ea ileng a fumana nku ea hae e lahlehileng, mosali ea ileng a fumana drakema ea hae e lahlehileng, mora ea lehlasoa ea ileng a khutlela hae, le mohlanka ea sa lokang.

Ho etsa lipapiso ka lintho tsa sebele le liphihlelo tsa sebele bophelong e ka ba ho molemo haholo ho mosebeletsi oa Mokreste. Ka mohlala, hlokomela kamoo Alexander H. Macmillan, ea ileng a nka maeto a mangata joaloka sebui sa phatlalatsa ka lilemo tse 60, a ileng a hlalosa ’nete ea Bibele ka bafu. Macmillan o ile a ba le puisano ena le ntate oa hae, eo nakoana pele a shoa a neng a lumela hore ho hang sephefumolohi ha se shoe:

“Ntate o ile a mpotsa potso ena e tobileng: ‘Mora, na ke tla jeoa ke bolutu lebitleng ha ke ntse ke emetse ’muso hore o qalise mosebetsi oa ’ona oa ho tlatsa lefatše ka phetheho?’

“Ke potso eo mohlankana a neng a ke ke a e arabela kapele hoo motho ea hōlileng ea e-s’o ka a nahana ka taba e joalo a neng a ka khotsofala.

“Ke ile ka mo arabela ka ho ’motsa: ‘Ntate, na u robetse hantle bosiung bo fetileng?’

“O ile a arabela, ‘E, mora, ke ile ka robala hantle ka mor’a hore ngaka e mphe lipilisi tse ling tsa boroko.’

“‘Na u ile ua jeoa ke bolutu ha u robetse?’

“‘Che, ha kea ka ka jeoa ke bolutu. Ke lakatsa eka nka robala ka linako tsohle, hobane ha ke utloe bohloko ha ke robetse.’”

Eaba A. H. Macmillan o balla ntate oa hae Jobo 14:13-15 le Jobo 3:17-19 ’me a re: “Kahoo ua bona ntate, hore bafu ba borokong ba lefu ’me ha ba tsebe letho ha ba le boemong boo, kahoo ke joang ba ka jeoang ke bolutu?”

E bile mokhoa oa ho ruta o atlehang hakaakang! Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, le uena u ka sebelisa mangolo le lipapiso ho ipiletsa kelellong le pelong.

Ho Fumana Lipapiso

Empa ke hokae moo u ka fumanang lipapiso tse atlehang kapa liphihlelo tsa sebele bophelong? Tse ngata u ka li fumana phihlelong ea botho eo u e bokelletseng. Ka mohlala, na u batla ho bontša mahlohonolo a ho bontša tumelo, matla a thapelo kapa thabo e fumanoang tšebeletsong? Haeba u le Mokreste ea inehetseng, mohlomong u ka pheta liketsahalo tse fapaneng bophelong ba hao. U ka ’na ua utloa liphihlelo tse ntle sebokeng sa phutheho kapa ha u bua le Bakreste ba bang. Kapa u ka ’na ua bala phihlelo e khothatsang ho Yearbook of Jehovah’s Witnesses. Ha e le hantle, Watch Tower Publications Index e fana ka liphihlelo tse ngotsoeng tse tsoang lefatšeng lohle.

Ke joang u ka phetang phihlelo ka mokhoa o atlehang? Tabeng ea pele, ho etsa hore bamameli ba batle ho tseba se etsahetseng ho tla u thusa ho hapa tlhokomelo ea bona. U ka ’na ua qalisa phihlelo ea hao ka ho re: “Pula-maliboho e mong o ile a latsoa ka ho toba kamoo Jehova a hlohonolofatsang ba mo tšepang.” Hang-hang, bamameli ba hao baa ipotsa hore ke mahlohonolo afe ao ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng a ileng a a thabela. Ikemisetse ho ba bolella.

Leka ho pheta phihlelo ka mantsoe a hao. Fana ka lintlha tse qaqileng, hobane ka ho etsa joalo u etsa hore pale e be e ipiletsang. Ka ho hlalosa ka ho hlakileng maemo a amehang, u ka susumetsa bamameli ba hao habonolo haholoanyane. Empa etsa bonnete ba hore ha u kenelle haholo tabeng ea ho pheta lipale hoo ba sitoang ho utloisisa lebaka leo u phetang pale ka lona. Hape, qoba ho fetelletsa litaba, hobane le hoja hona ho ka etsa hore pale e be e thahasellisang haholoanyane, ho ka etsa hore ba u mametseng ba se ke ba u kholoa hakaalo. Ka lebaka le tšoanang, qoba ho fetisa taba ea bo-ba-re kapa ho pheta liphihlelo tseo u se nang bopaki ba tsona.

Ho Phelisa Liketsahalo tsa Bibele

Liphihlelo tse rutang hamolemo ka ho fetisisa li fumanoa ka Bibeleng. Ka mohlala, mohlomong u lakatsa ho bontša seithuti sa Bibele kapa bamameli hore bana ba ka emela Jehova Molimo. Mohlomong u ka khetha ho sebelisa tlaleho ea ngoanana ea sa boleloang ka lebitso ea ileng a bua le mosali oa Naamane ka moprofeta oa Jehova, Elisha. Tabeng ea pele, bala tlaleho e ho 2 Marena 5:1-5. Joale u ka ’na ua botsa: “U nahana hore ho ne ho le thata hakae ho ngoanana enoa ho boloka botšepehi ho Molimo naheng eo ho eona ho sebelisoang borapeli ba bohata? Na ha hoa ka ha mo hloka hore a be le sebete sa ho bua ka mokhoa o kholisang ka Jehova le moprofeta oa hae?”

E ka ’na eaba patlisiso e entsoeng esale pele e ile ea u thusa ho phelisa tlaleho eo. Mohlomong u ile ua fumana boitsebiso bo molemo tlas’a lihlooho NAAMAN, SYRIA, le ELISHA ho Watch Tower Publications Index. Mohlomong litšupiso tse ho New World Translation of the Holy Scriptures li ile tsa u tlosa tlalehong ea 2 Marena eaba li u lebisa ho Pesaleme ea 148:12, 13, e balehang tjena: “Bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le inotši le phahamileng, bokhabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatše le maholimo.” Ke khothatso e matla hakaakang ho bacha hore ba bue lentsoe la Molimo ka sebete!—Liketso 4:29-31.

Haeba u le mosebeletsi oa Mokreste, ‘hlokomela thuto ea hao’ tabeng ena. (1 Timothea 4:16, BPN) U se ke ua bua ’nete feela—e hlakise ka lipapiso. Etsa hore litlaleho tsa Bibele e be tse matla le tse nang le moelelo. Sebelisa liphihlelo le lipapiso tse loketseng. Tsena ke litsela tsa ho finyella pelo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Joaloka Jesu, basebeletsi ba Bakreste ba kajeno ba ka sebelisa lipapiso tse matla ho fetisa molaetsa oa bona le ho finyella lipelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela