Etsisa Mosuoe e Moholo
“Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—MATHEU 28:19, 20.
1, 2. (a) Bohle re mesuoe ka tsela e itseng joang? (b) Tabeng ea ho ruta, ke boikarabelo bofe bo khethehileng boo Bakreste ba ’nete ba nang le bona?
NA U mosuoe? Bohle re eona ka tsela e itseng. Neng kapa neng ha u bontša motsamai ea lahlehileng tsela, u bontša mosebetsi-’moho le uena mosebetsi o itseng, kapa u hlalosetsa ngoana mokhoa oa ho fasa leqhoele la seeta, ua ruta. Ho thusa ba bang ka litsela tsena ho khotsofatsa ka tsela e itseng, na ha ho joalo?
2 Tabeng ea ho ruta, Bakreste ba ’nete ba na le boikarabelo bo khethehileng. Re fuoe taelo ea ho ‘etsa batho barutuoa, re ba rute.’ (Matheu 28:19, 20) Ka phuthehong le teng, re na le monyetla oa ho ruta. Banna ba tšoanelehang ba khetheloa ho sebetsa e le “balisa le mesuoe,” ka morero oa ho matlafatsa phutheho. (Baefese 4:11-13) Mesebetsing ea bona ea Bokreste ea letsatsi le letsatsi, basali ba hōlileng ba lokela ho ba “mesuoe ea se molemo” ho basali ba bacha. (Tite 2:3-5) Bohle re phehelloa ho khothatsa balumeli-’moho le rōna, ’me keletso ena re ka e ela hloko ka ho matlafatsa ba bang ka Bibele. (1 Bathesalonika 5:11) Ke tokelo e kaakang ho ba mosuoe oa Lentsoe la Molimo le ho ruta lintho tsa bohlokoa tsa moea tseo melemo ea tsona e ka bang ea ka ho sa feleng!
3. Re ka ntlafatsa bokhoni ba rōna joang re le mesuoe?
3 Leha ho le joalo, re le mesuoe re ka ntlafatsa bokhoni ba rōna joang? Ntho e ka sehloohong ke ka ho etsisa Jesu, Mosuoe e Moholo. Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ebe re ka etsisa Jesu joang? Eena o ne a phethahetse.’ Ke ’nete hore re ke ke ra ba mesuoe e phethahetseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bokhoni ba rōna, re ka etsa sohle se matleng a rōna ho etsisa tsela eo Jesu a neng a ruta ka eona. A re tšohleng taba ea hore na ke joang re ka sebelisang litsela tsa hae tse ’nè tsa ho ruta—ho beha taba ka tsela e bonolo, lipotso tse finyellang morero, ho beha mabaka a utloahalang le lipapiso tse tšoanelehang.
Ruta ka Tsela e Bonolo
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho beha lintho ka tsela e bonolo e le mokhoa o ka sehloohong oa ’nete ea Bibele? (b) E le hore re rute ka tsela e bonolo, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho khetha ka hloko mantsoe ao re a sebelisang?
4 Linnete tsa motheo tsa Lentsoe la Molimo ha lia rarahana. Jesu o ile a rapela a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, . . . hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.” (Matheu 11:25) Jehova o entse hore merero ea hae e senoleloe ba lipelo li tšepahalang le tse ikokobelitseng. (1 Bakorinthe 1:26-28) Kahoo, ho beha lintho ka tsela e bonolo ke letšoao le ka sehloohong la ’nete ea Bibele.
5 U ka ruta ka tsela e bonolo joang ha u khanna thuto ea lehae ea Bibele kapa u etsa leeto la ho boela bathong ba thahasellang? Re ithutile’ng ho Mosuoe e Moholo? Jesu o ne a sebelisa puo e bonolo e le hore bamameli ba hae—bao bongata ba bona e neng e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng”—ba mo utloisise. (Liketso 4:13) Ntho ea pele e hlokahalang e le hore re tle re rute ka tsela e bonolo, ke hore re khethe mantsoe ka hloko. Ha ho hlokahale hore re sebelise mantsoe kapa lipolelo tse rarahaneng e le hore ’nete ea Lentsoe la Molimo e kholise batho ba bang ka ho eketsehileng. ‘Puo e feteletseng’ joalo e ka beha batho tsietsing, haholo ba sa rutehang kapa ba se nang bokhoni. (1 Bakorinthe 2:1, 2) Mohlala oa Jesu o bontša hore mantsoe a bonolo, a khethiloeng ka hloko, a ka ba matla ho ruteng ba bang ’nete.
6. Re ka qoba ho foqa seithuti sa Bibele litaba joang?
6 Hape, re ka ruta ka tsela e bonolo ka hore re be hlokolosi hore re se ke ra foqa seithuti sa Bibele litaba. Jesu o ne a nahanela bofokoli ba barutuoa ba hae. (Johanne 16:12) Le rōna re lokela ho nahanela seithuti. Ka mohlala, ha re khanna thuto ka buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, ha ho hlokahale hore re hlalose ntlha e ’ngoe le e ’ngoe.a Hape ha ho hlokahale hore re ithute eona ka lepotlapotla, joalokaha eka ho akaretsa taba e itseng ke eona ntho ea bohlokoa haholo. Ho e-na le hoo, ke bohlale hore litlhoko tsa seithuti le bokhoni ba sona e be tsona tse lekanyetsang hore na thuto e potlaka hakae. Pakane ea rōna ke ho thusa seithuti hore e be morutuoa oa Kreste le morapeli oa Jehova. Ho hlokahala hore re iphe nako e hlokahalang ho thusa seithuti se thahasellang ho hlakeloa ke seo se ithutang sona. Kahoo, ’nete e ka ’na ea fihla pelong ea sona ’me ea se susumelletsa ho nka khato.—Baroma 12:2.
7. Ke litlhahiso life tse ka re thusang ho ruta ka tsela e bonolo ha re fana ka lipuo ka phuthehong?
7 Ha re fana ka lipuo phuthehong, haholo ha ho e-na le bamameli ba bacha, re ka bua puo e “utloisisoang habonolo” joang? (1 Bakorinthe 14:9) Nahana ka litlhahiso tse tharo tse ka thusang. Ea pele, hlalosa mantsoe ’ohle a sa tloaelehang ao u tlamehang ho a sebelisa. Kutloisiso ea rōna ea Lentsoe la Molimo e entse hore re be le mantsoe a sa tloaelehang ao re a sebelisang. Haeba re sebelisa lipolelo tse kang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” “linku tse ling” le “Babylona e Moholo,” ho ka hlokahala hore re li hlalose ka lipolelo tse bonolo tse hlakisang moelelo. Ea bobeli, qoba ho sebelisa mantsoe a mangata. Mantsoe a mangata, a qaqisoang haholo, a ka ’na a tena bamameli. Ho beha taba ka mokhoa o hlakileng ho etsoa ka ho lahla mantsoe le lipolelo tse sa hlokahaleng. Ea boraro, u se ke ua leka ho bua lintlha tse ngata haholo. Patlisiso e ka ’na ea etsa hore re be le lintlha tse ngata tse thahasellisang. Empa ke habohlokoa ho hlophisa taba ka lintlha tse seng kae tsa sehlooho, re sebelisa feela boitsebiso bo tšehetsang lintlha tseo le bo ka hlakisoang hantle ka nako e behetsoeng puo eo.
Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
8, 9. Re ka khetha potso e lumellanang le lithahasello tsa mong’a ntlo joang? Fana ka mehlala.
8 U hopole hore Jesu o ne a khona ho sebelisa lipotso hore barutuoa ba hae ba hlalose se ka likelellong tsa bona le hore a susumetse le ho koetlisa monahano oa bona. Ka lipotso tsa hae, Jesu o ne a fihla ka mokhoa o bonolo le o susumetsang lipelong tsa bona. (Matheu 16:13, 15; Johanne 11:26) Rōna, joaloka Jesu, re ka sebelisa lipotso ka katleho joang?
9 Ha re bolela ka ntlo le ntlo, re ka tsosa thahasello ka ho sebelisa lipotso, re bula tsela ea ho bua ka ’Muso oa Molimo. Re ka khetha potso e lumellanang le lithahasello tsa mong’a ntlo joang? Ka ho ba ea hlokomelang maemo. Ha u atamela lelapa, qamaka tikoloho ea lona. Na ho na le lintho tsa ho bapala ka jareteng, tse bontšang hore ho na le bana lapeng leo? Haeba ho joalo, re ka ’na ra botsa, ‘Na u ke u ipotse hore na lefatše le tla be le le joang ha bana ba hao ba se ba hōlile?’ (Pesaleme ea 37:10, 11) Na ho na le linotlolo tse ngata monyakong o ka pele, kapa lintho tse thibelang masholu? Re ka botsa: ‘Na u nahana hore ho tla tla nako eo ka eona batho ba kang ’na le uena ba tla ikutloa ba sireletsehile malapeng a bona le literateng?’ (Mikea 4:3, 4) Na ho na le mothule o etselitsoeng litulo tsa likooa? Re ka ’na ra botsa: ‘Na ho na le mohla motho e mong le e mong ea phelang a sa tl’o kula?’ (Esaia 33:24) Ho ka fumanoa litlhahiso tse ngata bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo.b
10. Re ka sebelisa lipotso joang ho “kha” mehopolo le maikutlo pelong ea seithuti sa Bibele, empa re lokela ho hopola’ng?
10 Re ka sebelisa lipotso hamolemo joang ha re khanna lithuto tsa Bibele? Re ke ke ra tseba se ka lipelong tsa batho joaloka Jesu. Leha ho le joalo, lipotso tse botsoang ka bohlale le tse loketseng maemo li ka thusa ‘ho kha’ mehopolo le maikutlo tse ka pelong ea seithuti. (Liproverbia 20:5) Ka mohlala, nka hore re ithuta khaolo e reng “Lebaka Leo ho Phela Bophelo ba Bomolimo ho Tlisang Thabo,” bukeng ea Tsebo. E hlalosa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho se tšepahale, bohlola le litaba tse ling. Seithuti se ka ’na sa nepa likarabo tsa lipotso tse hatisitsoeng, empa na se lumellana le seo se ithutang sona? Re ka ’na ra botsa: ‘Na pono ea Jehova litabeng tsee ea utloahala ho uena?’ ‘U ka sebelisa melao-motheo ee ea Bibele joang bophelong ba hao?’ Leha ho le joalo, u hopole hore hoa hlokahala hore u be ea hlomphang, ea sielang seithuti seriti. Ha re batle ho botsa lipotso tse behang seithuti sa Bibele tsietsing kapa tse se bakelang lihlong.—Liproverbia 12:18.
11. Ke ka litsela life libui tsa phatlalatsa li ka sebelisang lipotso ka katleho?
11 Libui tsa phatlalatsa le tsona li ka sebelisa lipotso ka katleho. Lipotso tse arabelloang ka pelong li ka thusa bamameli ho nahana le ho beha mabaka. Jesu o ne a sebelisa lipotso tse joalo ka linako tse ling. (Matheu 11:7-9) Ho phaella moo, ka mor’a ho kenyelletsa puo, sebui se ka sebelisa lipotso ho thathamisa lintlha tsa bohlokoa tse tla tšohloa. Se ka re: “Puisanong ea rōna kajeno, re tla tšohla likarabo tsa lipotso tse latelang . . . ” Qetellong ea puo se ka pheta lintlha tsa sehlooho ka ho botsa lipotso tseo hape.
12. Fana ka mohlala o bontšang kamoo baholo ba Bakreste ba ka sebelisang lipotso kateng ho thusa molumeli-’moho le bona ho fumana matšeliso Lentsoeng la Molimo.
12 Mosebetsing oa bona oa bolisa, baholo ba Bakreste ba ka sebelisa lipotso ho thusa ‘moea o tepeletseng’ ho fumana matšeliso Lentsoeng la Jehova. (1 Bathesalonika 5:14) Ka mohlala, moholo a ka leka ho lebisa tlhokomelo Pesalemeng ea 34:18 ho thusa motho ea nyahameng. E re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” E le ho tiisa hore ea nyahameng o bona hore na sena se sebetsa joang ho eena ka boeena, moholo a ka ’na a botsa: ‘Jehova o haufi le bo-mang? Na ka linako tse ling u ikutloa “pelo ea hao e robehile” ’me u “sithabetse moeeng”? Haeba, joalokaha Bibele e bolela, Jehova o haufi le ba joalo, na see ha se bolele hore o haufi le uena?’ Moea oa ea tepeletseng o ka hlasimolloa ke tiisetso e joalo e amang maikutlo.—Esaia 57:15.
Ho Beha Mabaka a Utloahalang
13, 14. (a) Ke lebaka lefe leo re ka le behang ka pel’a motho ea reng ha a lumele ho Molimo eo a ke keng a mo bona? (b) Ke hobane’ng ha re ke ke ra lebella hore re ka kholisa motho e mong le e mong?
13 Tšebeletsong ea rōna, re batla ho finyella lipelo ka mabaka a utloahalang le a susumetsang. (Liketso 19:8; 28:23, 24) Na see se bolela hore re lokela ho sebelisa mabaka a rarahaneng e le hore re kholise ba bang ka ’nete ea Lentsoe la Molimo? Ha rea lokela ho etsa joalo. Ha ho hlokahale hore mabaka a utloahalang e be a rarahaneng. Hangata mabaka a utloahalang a boleloang ka tsela e bonolo a atleha haholo. Nahana ka mohlala ona.
14 Re ka re’ng ha motho e mong a bolela hore ha a lumele ho Molimo eo a ke keng a mo bona? Re ka mo behela lebaka la molao oa tlhaho oa hore lintho li na le sesosa le phello. Ha re bona phello ea ntho, rea lumela hore e bile le sesosa. Re ka ’na ra re: ‘Haeba u ne u le nahathothe ’me u fumana ntlo e hahiloeng hantle e nang le phaposi e tletseng lijo, u ne u tla lumela habonolo hore ho na le motho ea e hahileng a ba a e tlatsa lijo. Kahoo, ha re bona tsela eo lintho tsa tlhaho li entsoeng ka eona le lijo tse ngata tse lefatšeng, na ha ho utloahale ho lumela hore ho na le Ea li entseng?’ Lebaka le bonolo la Bibele le beha taba ena hantle haholo, le re: “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re beha mabaka a matle hakae, re ke ke ra kholisa motho e mong le e mong. Bibele e re hopotsa hore ke feela ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng’ bao e tla ba balumeli.—Liketso 13:48; 2 Bathesalonika 3:2.
15. Re ka sebelisa mabaka afe ho totobatsa litšoaneleho tsa Jehova le litsela tsa hae, hona ke mehlala efe e ’meli e bontšang hore na re ka sebelisa mabaka ao joang?
15 Ha re ruta, ebang ke tšebeletsong ea tšimo kapa ka phuthehong, re ka sebelisa mabaka a utloahalang ho totobatsa litšoaneleho le litsela tsa Jehova. Katleho e khōlō e hlahisoa ke ho beha mabaka ka tsela e sebelisang lekhotsa, ‘hakaakang,’ eo Jesu a neng a e sebelisa nako le nako. (Luka 11:13; 12:24) Kaha lekhotsa lena le sebelisetsoa ho thusa motho hore a bapise, ke mokhoa oa ho beha mabaka o hatisang taba ka botebo. Ha re senola bothoto ba thuto ea mollo oa lihele, re ka ’na ra re: ‘Ha ho na ntate ea lerato ea ka otlang ngoana oa hae ka ho tšoarella letsoho la ngoana oa hae mollong. Ebe khopolo ea mollo oa lihele eona e nyonyeha hakaakang ho Ntat’a rōna ea lerato oa leholimo!’ (Jeremia 7:31) Ha re ruta hore Jehova o hlokomela bahlanka ba hae e le batho ka bomong, re ka ’na ra re: ‘Haeba Jehova o tseba limilione tse likete-kete tsa linaleli ka mabitso, ebe batho ba mo ratang le ba rekiloeng ka mali a bohlokoa a Mora oa hae bona o ba tsotella hakaakang!’ (Esaia 40:26; Liketso 20:28) Mabaka a kholisang joalo a ka re thusa ho finyella lipelo tsa ba bang.
Lipapiso Tse Loketseng
16. Ke hobane’ng ha lipapiso e le tsa bohlokoa ha ho rutoa?
16 Lipapiso tse finyellang morero ke mokhoa o mong oa ho ruta o ka ipiletsang haholoanyane ho ba bang. Ke hobane’ng ha lipapiso e le tsa bohlokoa ha re ruta? Mosuoe e mong o ile a re: “Ho thata ka ho fetisisa hore motho a nahane ka ntho eo a sa e boneng ka kelellong ea hae.” Lipapiso li fetisetsa litšoantšo tse nang le moelelo likelellong tsa rōna, li re thusa ka ho feletseng ho utloisisa likhopolo tse ncha. Jesu o ne a ipabola tšebelisong ea lipapiso. (Mareka 4:33, 34) A re hlahlobeng kamoo re ka sebelisang mokhoa ona oa ho ruta kateng.
17. Ke lintlha life tse ’nè tse etsang hore papiso e finyelle morero oa eona?
17 Ke’ng e etsang hore papiso e finyelle morero? Ntho ea pele, e lokela ho lokela bamameli ba rōna, e sebelise maemo ao bamameli ba rōna ba ka a utloisisang habonolo. Rea hopola hore Jesu o ne a etsa lipapiso tse ngata ka lintho tse tloaelehileng bophelong ba bamameli ba hae. Ea bobeli, papiso e lokela ho lumellana hantle le taba eo ho buuoang ka eona. Ha papiso e bua ka taba esele, e ka ferekanya bamameli ba rōna feela. Ea boraro, papiso ha ea lokela ho ba le lintlha tse ngata ho tlōla. Hopola hore Jesu o ne a qaqisa lintho tse hlokahalang, a tlohela tse sa hlokahaleng. Ea bone, ha re sebelisa papiso, re lokela ho tiisa hore tšebeliso ea eona e hlakile. Ho seng joalo, ba bang ba ka ’na ba lahleha.
18. Re ka etsa lipapiso tse loketseng joang?
18 Re ka etsa lipapiso tse loketseng joang? Ha ho hlokahale hore re nahane ka litaba tse telele le tse rarahaneng. Lipapiso tse khutšoanyane li ka finyella morero oa tsona haholo. Leka feela ho nahana ka mehlala ea taba eo ho buuoang ka eona. Ka mohlala, nka hore ho tšohloa taba ea hore Molimo oa tšoarela, ’me re batla ho etsa papiso ka ntlha e ho Liketso 3:19, e bolelang hore Jehova o ‘hlakola’ liphoso tsa rōna, kapa oa li phumola. Mantsoe ana a hlakile ka booona, empa re ka sebelisa mohlala ofe oa sebele ho tšoantšetsa taba ee—na re ka sebelisa rabara? kapa seponche? Re ka ’na ra re: ‘Ha Jehova a re tšoarela libe, o li hlakola joalokaha eka o sebelisa seponche (kapa rabara).’ Ha ho thata ho utloisisa se boleloang ke papiso e bonolo tjena.
19, 20. (a) Re fumana lipapiso tse ntle hokae? (b) Mehlala e meng ea lipapiso tse finyellang morero tse hatisitsoeng libukeng tsa rōna ke efe? (Bona le lebokose.)
19 U ka fumana lipapiso tse loketseng hokae, tse nang le mehlala ea ’nete? Li batle bophelong ba hao kapa limelong le liphihlelong tse fapa-fapaneng tsa balumeli-’moho le uena. Lipapiso li ka khethoa mehlaleng e meng e mengata, ho akarelletsa linthong tse phelang le tse sa pheleng, linthong tsa ka tlung, kapa ketsahalong ea morao eo batho ba e tsebang ka ho feletseng. Tsela e ntle ea ho fumana lipapiso tse ntle ke ho ba seli, ho “shebisisa ka hloko” lintho tseo re li bonang li etsahala letsatsi le letsatsi. (Liketso 17:22, 23) Buka e ’ngoe e buang ka ho bua phatlalatsa e re: “Sebui se lemohang bophelo ba batho le mesebetsi ea bona e fapa-fapaneng, se buang le batho ba mefuta eohle, se shebisisang lintho le se botsang lipotso ho fihlela se li utloisisa, se tla bokella taba e ngata ea ho etsa lipapiso e tla se thusa haholo ha ho hlokahala.”
20 Mohloli o mong o motle oa lipapiso tse finyellang morero ke Molula-Qhooa, Tsoha! le lingoliloeng tse ling tse etsoang ke Lipaki tsa Jehova. U ka ithuta ho hongata ka ho lemoha hore na lingoliloeng tsena li sebelisa lipapiso joang.c Ka mohlala, nahana ka papiso e sebelisitsoeng serapeng sa 11 sa khaolo ea 17 bukeng ea Tsebo. E bapisa botho ba batho ba sa tšoaneng ka phuthehong le likoloi tse sa tšoaneng tse tsamaeang li bapile le uena tseleng. Ke’ng e etsang hore e finyelle morero? Hlokomela hore e thehiloe maemong a tloaelehileng, e lumellana haholo le taba eo ho buuoang ka eona, ’me tšebeliso ea eona e hlakile. Ha re ruta re ka ’na ra sebelisa lipapiso tse libukeng, mohlomong re etsa hore li lumellane le litlhoko tsa seithuti sa Bibele kapa re li fetola hore li lumellane le puo.
21. Ke meputso efe e tlisoang ke ho ba mosuoe ea atlehang oa Lentsoe la Molimo?
21 Meputso ea ho ba mosuoe ea atlehang e meholo. Ha re ruta, re abela ba bang; re ba thusa ka ho sebelisa karolo e itseng ea matlotlo a rōna. Ho fana ka tsela ena hoa thabisa, hobane Bibele e re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ho mesuoe ea Lentsoe la Molimo, thabo eo ke nyakallo ea ho tseba hore re fa ba bang ntho ea bohlokoa kannete le ea bohlokoa ba ka ho sa feleng, e leng ’nete e buang ka Jehova. Hape re ka khotsofatsoa ke ho tseba hore re etsisa Mosuoe e Moholo, e leng Jesu Kreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
b Bona karolo ea “Likenyelletso Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo,” leqepheng la 9-15.—E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
c Ha u batla mehlala, e batle ho Watch Tower Publications Index 1986-2000, tlas’a “Illustrations.”—E hatisoa ka lipuo tse ’maloa ke Lipaki tsa Jehova.
Na U sa Hopola?
• Re ka ruta ka mokhoa o bonolo joang ha re khanna thuto ea lehae ea Bibele? ha re fana ka puo phuthehong?
• Re ka sebelisa lipotso ka katleho joang ha re bolela ka ntlo le ntlo?
• Re ka sebelisa mabaka a utloahalang joang ho totobatsa litšoaneleho tsa Jehova le litsela tsa hae?
• Re ka fumana lipapiso tse loketseng hokae?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Na U Hopola Lipapiso Tsee?
Ka tlaase mona ho na le lipapiso tse seng kae tse finyellang morero. Sheba litšupiso tsa tsona ’me u hlokomele kamoo lipapiso tsena li ileng tsa thusa kateng ho hatisa ntlha eo ho neng ho buuoa ka eona.
• Joaloka batho ba letsang meropa kapa ba akhellanang mabokose, batho ba batlang ho ba le lenyalo le atlehileng ba itšetlehile haholo ka molekane ea tšoanelehang.—Molula-Qhooa, May 15, 2001, leqepheng la 16.
• Ha u ntša maikutlo a hao ho tšoana le ha u akhela bolo. U ka e akhela ka mokhoa oo ka oona e tla kapuoa habobebe kapa ka matla hoo e ka ntšang motho kotsi.—Tsoha!, January 8, 2001, leqepheng la 10.
• Ho ithuta ho bontša lerato ho tšoana le ho ithuta puo e ncha.—Molula-Qhooa, February 15, 1999, leqepheng la 18, 22-3.
• Joaloka mongolo o fatiloeng lejoeng, sebe se ne se ngotsoe ka ho teba liphatseng tsa lefutso tsa batsoali ba rōna ba pele.—Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 58.
• Seo tšebelisano le meea e se etsetsang bademona se tšoana le seo ntho e hohelang e se etsetsang litsomi. E hohela phofu.—Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 111.
• Mokhoa oo Jesu a lopollang bana ba Adama ka oona o ka tšoantšoa le morui e mong ea fanang ea lefang molato oa feme (o entsoeng ke mookameli ea sa tšepahaleng) ’me a bula feme eo hape, kahoo a tsoela bahiruoa ba eona ba bangata molemo.—Molula-Qhooa, February 15, 1991, leqepheng la 13.
• Joalokaha batho ba ratang litšoantšo tsa litsebi ba ka ikitlaelletsa ho tsosolosa setšoantšo se ferefiloeng se senyehileng hampe, Jehova o sheba ka nģ’ane ho ho se phethahale ha rōna, ’me o bona botle bo ka ho rōna, ’me qetellong o tla re tsosolosetsa boemong bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla.—Molula-Qhooa, February 15, 1990, leqepheng la 22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Bakreste ba ’nete ke mesuoe ea Lentsoe la Molimo
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Baholo ba ka sebelisa lipotso ho thusa balumeli-’moho le bona ho fumana matšeliso Lentsoeng la Molimo