Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 10/15 maq. 15-20
  • Aparang Bonolo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aparang Bonolo!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Balisa ba Nang le Botho bo Bonolo
  • Bonolo bo Tataisa Moeletsi ea Bohlale
  • Bohlokoa ba Baeletsi ba Bangata
  • Ho Paka ka Bonolo
  • Ho Hlokahala Hore Bohle ba be Bonolo
  • Ke Hobane’ng ha re Apara Bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ba Nang le Botho bo Bonolo ba Thabile Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Bontša Bonolo Bohle ho Batho Bohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bonolo—Ke Tšobotsi ea Bohlokoa ea Bokreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 10/15 maq. 15-20

Aparang Bonolo!

“Joaloka batho ba Molimo ba khethiloeng, ba halalelang le ba ratoang, aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, boikokobetso, bonolo, le mamello.”—BA-KOLOSSE 3:12, NW.

1-3. Ho Ba-Kolosse 3:12-14, (NW) moapostola Pauluse o itse’ng ka bonolo le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo?

JEHOVA o fa batho ba hae seaparo se molemohali sa tšoantšetso. Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho amoheloa ke eena ba tlameha ho apara seaparo se entsoeng ka merōko e matla ea bonolo. Tšoaneleho ena ea tšelisa hobane e kokobetsa khatello tlas’a maemo a tepelletsang. Hape ea sireletsa, hobane e leleka khohlano.

2 Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng: “Joaloka batho ba Molimo ba khethiloeng, ba halalelang le ba ratoang, aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko, mosa, boikokobetso, bonolo, le mamello.” (Ba-Kolosse 3:12, NW) Sebōpeho sa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “aparang” se bontša khato e lokelang ho nkoa ka potlako. Batlotsuoa, ba khethiloeng, ba halalelang, le ba ratoang ke Molimo, ba ne ba sa lokela ho lieha ho apara litšoaneleho tse kang bonolo.

3 Pauluse o ile a phaella: “Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joale ka ha [Jehova] a le hauhetse, etsang joalo le lōna. Ka holim’a tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.” (Ba-Kolosse 3:13, 14) Lerato, bonolo, le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo li nolofalletsa Lipaki tsa Jehova ho “phela hammoho ka bonngoe.”—Pesaleme ea 133:1-3, NW.

Ho Hlokahala Balisa ba Nang le Botho bo Bonolo

4. Bakreste ba ’nete ba apara seaparo sa tšoantšetso se rōkiloeng ka litšoaneleho life?

4 Bakreste ba ’nete ba loanela ho ‘bolaea litho tsa ’mele ea bona mabapi le bohlola, litšila, litakatso tse mpe tsa botona le botšehali, litakatso tse ntšang kotsi, le litakatso tse sa lokang,’ ’me ba loanela ho hlobola seaparo sa khale se entsoeng ka lesela la bohale, khalefo, bobe, puo e litšila, le puo e lihlong. (Ba-Kolosse 3:5-11, NW) Ba hlobola “botho ba khale” (ha e le hantle, “motho oa khale”) ’me ba apara “botho bo bocha” (kapa, “motho e mocha”), e leng seaparo se loketseng. (Ba-Efese 4:22-24, Kingdom Interlinear) Seaparo sa bona se secha, se rōkiloeng ka kutloelo-bohloko, mosa, boikokobetso, bonolo, le mamello, se ba thusa ho rarolla mathata le ho phela bophelo ba bomolimo.—Mattheu 5:9; 18:33; Luka 6:36, NW; Ba-Filippi 4:2, 3.

5. Ka har’a phutheho ea Bokreste ho na le eng e etsang hore ho ba karolo ea eona e be ho thabisang?

5 Hangata banna bao ho nkoang hore ba atlehile lefatšeng lena ke ba hlokang kutloelo-bohloko, le ba sehlōhō. (Liproverbia 29:22) Ho fapane ka ho khathollang hakaakang har’a batho ba Jehova! Phutheho ea Bokreste ha e tsamaisoe ho tšoana le kamoo banna ba itseng ba tsamaisang khoebo—ka mokhoa o atlehang empa e le o bohale o ka ’nang oa se ke oa thabisa batho. Ho fapana le hoo, ho ba karolo ea phutheho hoa thabisa. Lebaka le leng ke hore botho bo bonolo ke tšobotsi ea bohlale e bonahatsoang ke Bakreste ka kakaretso, haholo-holo e bonahatsoang ke banna ba tšoanelehang bakeng sa ho ruta balumeli-’moho. E, ho rutoa le ho eletsoa ke baholo ba khethiloeng ba rutang ‘ka bonolo bo tsoaloang ke bohlale’ ho tlisa thabo.—Jakobo 3:13.

6. Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba tlameha ho ba le botho bo bonolo?

6 Moea oa batho ba Molimo kapa boikutlo bo ba busang, o hloka hore banna ba fuoeng boikarabelo ba bolebeli ka phuthehong ba be le botho bo bonolo, kahlolo e molemo, le kutloisiso. (1 Timothea 3:1-3) Bahlanka ba Jehova ba tšoana le linku tse bonolo, eseng lipoli tse manganga, li-’moulo tse manganga, kapa liphiri tse harolang. (Pesaleme ea 32:9; Luka 10:3) Kaha ba tšoana le linku, ho hlokahala hore ba tšoaroe ka tsela e bonolo le e mosa. (Liketso 20:28, 29) E, Molimo o lebelletse hore baholo ba be bonolo, ba be mosa, ba be le lerato, ’me ba bontše mamello ho linku tsa oona.—Ezekiele 34:17-24.

7. Baholo ba lokela ho ruta batho ba bang kapa ho thusa ba bang ba kulang moeeng joang?

7 Joaloka “mohlanka oa Morena,” moholo “e ka khona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete. A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekoe hore na mohlomong Molimo o ke se ke oa ba nea pako, ba be ba lemohe ’nete.” (2 Timothea 2:24, 25) Balisa ba Bakreste ba lokela ho bontša ho nahanela ho mosa ha ba leka ho thusa ba kulang moeeng, hobane linku ke tsa Molimo. Baholo ha baa tlameha ho ba tšoara kamoo bahiri ba neng ba tla ba tšoara ka teng empa ho hlokahala hore ba be le botho bo bonolo, joaloka Molisa ea Molemo, Jesu Kreste.—Johanne 10:11-13.

8. Ho ile ha etsahala eng ka Moshe ea neng a e-na le botho bo bonolo, hona hobane’ng?

8 Ka linako tse ling moholo a ka ’na a fumana ho le thata ho boloka moea o bonolo. “Moshe e ne e le motho ea ikokobelitseng ka ho fetisisa har’a batho bohle ba neng ba le lefatšeng.” (Numere 12:3, NW) Leha ho le joalo, ha Baiseraele ba haelloa ke metsi Kadeshe, ba ile ba omanya Moshe ’me ba ’meha molato ka ho ba ntša Egepeta le ho ba tlisa lefeelleng le sa beheng letho. Ho sa tsotellehe sohle seo Moshe a neng a se mamelletse ka bonolo, o ile a bua le bona ka ho ba omanya le ka bohale. Eena le Aarone ba ile ba ema ka pel’a sechaba ’me ba lebisa tlhokomelo ho bona, eaba Moshe o re: “Mamelang he, lōna bahanyetsi! A hleka re tla le ntšetsa metsi lefikeng lena na?” Eaba Moshe o otla lefika ka lere habeli, ’me Molimo o ile oa etsa hore ho tsoe ‘metsi a mangata’ bakeng sa sechaba le liphoofolo tsa sona. Jehova o ne a halefile hobane Moshe le Aarone ba ne ba sa ka ba Mo halaletsa, kahoo Moshe o ile a amohuoa tokelo ea ho etella Baiseraele pele ho kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Numere 20:1-13; Deuteronoma 32:50-52; Pesaleme ea 106:32, 33.

9. Ke joang moholo ea itseng a ka ’nang a behoa tekong mabapi le ho ba bonolo?

9 Ka ho tšoanang, bonolo ba moholo oa Mokreste bo ka ’na ba behoa tekong ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, Pauluse o ile a lemosa Timothea hore ho ka ’na ha hlaha motho ea ‘ikhohomosang’ le eo ‘kelello ea hae e jeoang ke lefu la lipelaelo le likhang tsa mantsoe.’ Pauluse o ile a phaella: ‘Lintho tsena li hlahisa mōna, khohlano, lipuo tse nyefolang, lipelaelo tse khopo, liphapang tse mabifi ka lintho tsa lefeela tsa batho ba bolileng likelellong, ba lahlehetsoeng ke ’nete.’ Molebeli Timothea o ne a sa lokela ho etsa lintho ka bohale empa o ne a lokela ho “baleha linthong tsena,” ’me o ne a lokela ho “phehella ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, botho bo bonolo.”—1 Timothea 6:4, 5, 11, NW.

10. Tite o ne a lokela ho hopotsa liphutheho eng?

10 Le hoja ho hlokahala hore baholo ba be bonolo, ba tlameha ho ema ba tiile bakeng sa se nepahetseng. Tite o ne a le joalo, o ile a hopotsa ba kopanelang le liphutheho tse Kreta hore ba “se nyefole motho, ba se rate ntoa, ba be mosa, ba be bonolo ho batho bohle.” (Tite 3:1, 2, BPN) Ha a bontša lebaka leo ka lona Bakreste ba lokelang ho ba le botho bo bonolo ho batho bohle, Tite o ne a lokela ho bontša kamoo Jehova a bileng mosa ka teng le ho bontša lerato. Molimo ha oa ka oa pholosa balumeli ka baka la liketso leha e le life tse lokileng tseo ba li entseng empa o ne o ba pholositse ho latela mohau oa oona ka Jesu Kreste. Bonolo ba Jehova le mamello ea hae li bolela poloko ho rōna. Ka hona, joaloka Tite baholo ba kajeno ba lokela ho hopotsa liphutheho ho ikokobeletsa Molimo, ba O etsise ka ho tšoara ba bang ka tsela e bonolo.—Tite 3:3-7; 2 Petrose 3:9, 15.

Bonolo bo Tataisa Moeletsi ea Bohlale

11. Ho latela Ba-Galata 6:1, 2, keletso e lokela ho fanoa joang?

11 Ho thoe’ng haeba nku ea tšoantšetso e entse phoso? Pauluse o itse: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena. Jarelanang liphahlo, ’me le phethe joalo molao oa Kreste.” (Ba-Galata 6:1, 2) Keletso e atleha haholoanyane haeba e fanoa ka moea o bonolo. Esita le haeba baholo ba leka ho eletsa motho ea halefileng, ba lokela ho bontša boitšoaro, ba hlokomele hore “leleme le bonolo le roba masapo.” (Liproverbia 25:15) Motho eo botho ba hae bo leng thata joaloka lesapo a ka ’na a kokobetsoa ke polelo e bonolo, ’me botho ba hae bo thata bo ka ’na ba nolofala.

12. Moea o bonolo o thusa moeletsi joang?

12 Jehova ke Morupeli ea nang le botho bo bonolo, ’me tsela ea hae e bonolo ea ho ruta ea sebelisoa ka phuthehong. Haholo-holo sena se bonahala ha baholo ba fumana ho hlokahala ho eletsa ba hlokang thuso ea moea. Morutuoa Jakobo o ngotse: “O kae har’a lōna ea hlalefileng, ea rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao oa hae o motle mesebetsi ea hae ka mosa [“bonolo,” NW] o tsoaloang ke bohlale.” Bonolo bo tlisoa ke tlhompho le teboho bakeng sa “bohlale bo tsoang holimo,” hammoho le ho hlokomela ha motho mefokolo ea hae ka boikokobetso. Moea o bonolo le o ikokobelitseng o sireletsa moeletsi hore a se ke a bua mantsoe a ntšang kotsi le ho etsa liphoso tse ntšang kotsi ’me o etsa hore ho be bonolo ho amohela keletso ea hae.—Jakobo 3:13, 17.

13. ‘Bonolo bo tsoaloang ke bohlale’ bo ama tsela eo keletso e fanoang ka eona joang?

13 “Mosa [“bonolo,” NW] o tsoaloang ke bohlale” o thibela moeletsi hore e se ke ea e-ba ea se nang kutloelo-bohloko kapa ea bohale ka ho sa nahaneleng. Leha ho le joalo, ho ameha ka setsoalle kapa ho amoheloa ke motho ea itseng ha hoa lokela ho susumelletsa moholo ho bua lintho tse reretsoeng ho khahlisa ho fapana le hore ka bonolo a fane ka keletso e tobileng e thehiloeng Lentsoeng la Molimo. (Liproverbia 24:24-26; 28:23) Keletso eo Amnone a ileng a e fumana ho motsoal’ae e ile ea khotsofatsa takatso ea hae, empa e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo. (2 Samuele 13:1-19, 28, 29) Ka hona, baholo ba kajeno ha baa tlameha ho fokolisa melao-motheo ea Bibele e le hore ba ka kokobetsa letsoalo la motho ea itseng, hobane ha ba ka etsa joalo, sena se ka beha bophelo ba hae kotsing. Joaloka Pauluse, baholo ha baa tlameha ho tsila-tsila ho bolella ba bang “keletso eohle ea Molimo.” (Liketso 20:26, 27, NW; 2 Timothea 4:1-4) Moeletsi oa Mokreste ea hōlileng tsebong o bontša tšabo ea bomolimo ’me o fana ka keletso e lokileng ka bonolo bo tsoaloang ke bohlale.

14. Ke hobane’ng ha moholo a lokela ho ba hlokolosi hore a se ke a etsetsa ba bang liqeto?

14 Bonolo hammoho le bohlale ba leholimo bo tla thibela moholo ho botsa lipotso ka bohale. Hape o lokela ho hlokomela hore ha se bohlale ebile ha aa lokela ho etsetsa motho e mong qeto. Moholo o ne a tla ikarabella bakeng sa liphello tse ka hlahang haeba e le eena ea etselitseng ba bang liqeto, ’me le eena o ne a tla behoa molato ka phello leha e le efe e mpe. Moholo a ka lebisa tlhokomelo ho seo Bibele e se buang, empa haeba ho se na molao oa Mangolo o tšehetsang taba eo, kahlolo le letsoalo la motho ke tsona tse tlamehang ho rera hore na ke eng seo a tla se etsa kapa seo a ke keng a se etsa. Ho joalokaha Pauluse a itse: “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5; Ba-Roma 14:12) Leha ho le joalo, moholo a ka thusa motho ea ’motsang potso hore a etse qeto e nepahetseng ka ho ’motsa lipotso tse mo thusang ho beha mabaka ka mangolo a amanang le mekhoa e meng e mo bulehetseng.

15. Moholo o lokela ho etsa eng haeba a sa tsebe karabelo ea potso e itseng?

15 Haeba moholo a sa tsebe karabelo ea potso, ha aa lokela ho arabela hore feela a se ke a itšenya lebitso. Bonolo bo tsoaloang ke bohlale bo tla mo thibela ho noha litaba mohlomong le ho fana ka karabelo e fosahetseng eo hamorao e ka bakang tsietsi. Ho na le ‘nako ea ho khutsa le nako ea ho bua.’ (Moeklesia 3:7; bapisa le Liproverbia 21:23.) Moholo o lokela ho ‘bua’ hafeela a tseba karabelo ea potso e itseng kapa a entse patlisiso e lekaneng bakeng sa ho fana ka karabelo e nepahetseng. Ke bohlale ho tlohela lipotso tseo ba sa kholisehang ka tsona li sa arabeloa.—Liproverbia 12:8; 17:27; 1 Timothea 1:3-7; 2 Timothea 2:14.

Bohlokoa ba Baeletsi ba Bangata

16, 17. Ke hobane’ng ha ho loketse hore baholo ba buisane?

16 Thapelo le ho ithuta li tla thusa baholo ho arabela lipotso le ho rarolla mathata a boima, empa ba lokela ho hopola hore “ea eletsoang ke ba bangata eena oa atleha.” (Liproverbia 15:22, BPN) Ho buisana le baholo ba bang ho hlahisa bohlale bo kopanetsoeng. (Liproverbia 13:20) Hase baholo kaofela ba nang le phihlelo e lekanang kapa tsebo ea Bibele. Ka hona, bonolo bo tsoaloang ke bohlale bo lokela ho susumelletsa moholo ea nang le phihlelo e fokolang ho buisana le baholo ba nang le tsebo e khōloanyane le phihlelo e eketsehileng, haholo-holo ha ho hlokahala hore ho rarolloe taba e tebileng.

17 Ha baholo ba khethoa hore ba rarolle taba e itseng e tebileng, ba ntse ba ka batla thuso lekunutung. Moshe o ile a khetha “banna ba bohlale, ba tšabang Molimo, banna ba ’nete, ba hloileng tjotjo” ho mo thusa ho ahlola Baiseraele. Le hoja e ne e le baholo, ba ne ba se na tsebo le phihlelo e lekanang le ea Moshe. Ka hona, “linyeoe tse boima ba li isa ho Moshe, empa linyeoe tsohle tse nyenyane ba li ahlola ka bobona.” (Exoda 18:13-27, BPN) Ka hona, haeba ho hlokahala, ka nepo baholo ba sebetsanang le nyeoe e boima kajeno ba ka batla thuso ea baholo ba nang le phihlelo, le hoja e le bona ba tla iketsetsa qeto ea ho qetela.

18. Ha ho sebetsanoa le litaba tsa boahloli, lintho tsa bohlokoa tse hlokahalang bakeng sa ho etsa liqeto tse nepahetseng ke life?

18 Mishnah ea Sejode e bolela hore Iseraeleng lenane la ba bōpang makhotla a motse le ne le fapa-fapana ho latela hore na nyeoe ke e tebileng hakae. Kannete ho ba le baeletsi ba bangata ke habohlokoa, le hoja lenane le leholo le ke ke la fana ka tiiso ea hore litaba li tla tsamaea ka nepo, hobane ho ka ’na ha etsahala hore batho ba bangata ba etse phoso. (Exoda 23:2) Lintho tsa bohlokoa tse fanang ka tiiso ea hore ho etsoa liqeto tse nepahetseng ke Mangolo le moea oa Molimo. Bohlale le bonolo li susumelletsa Bakreste ho ikokobeletsa tsona.

Ho Paka ka Bonolo

19. Bonolo bo thusa batho ba Jehova joang ha ba pakela ba bang?

19 Bonolo bo boetse bo thusa bahlanka ba Jehova ho pakela batho ba nang le botho bo sa tšoaneng. (1 Ba-Korinthe 9:22, 23) Kaha Jesu o ne a ruta ka bonolo, batho ba ikokobelitseng ba ne ba sa mo tšabe, joalokaha ba ne ba tšaba baeta-pele ba bolumeli ba bohale. (Mattheu 9:36) Ha e le hantle, litsela tsa hae tse bonolo li ile tsa hapa “linku,” e seng “lipōli” tse khopo. (Mattheu 25:31-46; Johanne 3:16-21) Le hoja Jesu a ne a sebelisa mantsoe a matla ha a sebetsana le baikaketsi ba kang lipoli, Lipaki tsa Jehova li tlameha ho ba bonolo ha li bolela melaetsa ea kahlolo ea Molimo kajeno hobane ha li na temohisiso le matla a kang a Jesu. (Mattheu 23:13-36) Ha ba utloa molaetsa oa ’Muso o boleloa ka bonolo, ‘batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba fetoha balumeli,’ joaloka batho ba kang linku ba ileng ba utloa Jesu.—Liketso 13:48, NW.

20. Seithuti sa Bibele se rua molemo joang haeba se rutoa ka bonolo?

20 Ho paka le ho ruta batho ba bang ka bonolo le ho buisana le bona ka ho behelana mabaka ka melao-motheo ea Bibele le ka ’nete ho hlahisa liphello tse molemo. Petrose o ngotse: “Halaletsang Kreste joaloka Morena lipelong tsa lōna, ka mehla le itokisetse ho itšireletsa ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka la tšepo e leng ho lōna, empa le etse joalo ka botho bo bonolo le ka tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15, NW) Seithuti se rutoang ka tsela e bonolo se ka tsepamisa mohopolo boitsebisong ho e-na le ho sitisoa kapa ho khopisoa ke mokhoa oa ho ruta o bohale le o tletseng khang. Joaloka Pauluse, basebeletsi ba rutang ka bonolo ba ka re: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa.” (2 Ba-Korinthe 6:3) Ka linako tse ling esita le bahanyetsi ba arabela hamolemo ho ba rutang ka bonolo.

Ho Hlokahala Hore Bohle ba be Bonolo

21, 22. Bonolo bo ruisa batho ba Jehova molemo joang ka kakaretso?

21 Bonolo ba Bokreste ha boa tlameha ho aparoa feela ho khahlisa ba leng ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Tšoaneleho ena e boetse ke ea bohlokoa litšebelisanong tsa batho ba Molimo. (Ba-Kolosse 3:12-14, NW; 1 Petrose 4:8) Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba nang le botho bo bonolo ba sebetsa ’moho ka kutloano, liphutheho lia matlafala moeeng. Ho bonahatsa bonolo le litšoaneleho tse ling tsa bomolimo ke habohlokoa ho e mong le e mong oa batho ba Jehova hobane ho na le ‘molao o le mong’ bakeng sa bohle.—Exoda 12:49; Levitike 24:22.

22 Bonolo bo tlatsetsa khotsong le thabong ea batho ba Molimo. Ka hona, e lokela ho ba lesela la litšoaneleho tse bōpang seaparo se aparoang ke Bakreste bohle ka lapeng, ka phuthehong, le libakeng tse ling. E, ho hlokahala hore bahlanka bohle ba Jehova ba apare bonolo.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba tlameha ho ba le botho bo bonolo?

◻ Bonolo bo tataisa moeletsi ea bohlale joang?

◻ Baeletsi ba bangata ke ba bohlokoa hakae?

◻ Ke hobane’ng ha ho le molemo ho paka ka bonolo?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Batho ba Jehova ba tšoana le linku ’me ho hlokahala hore ba tšoaroe ka bonolo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Garo Nalbandian

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Bonolo bo nolofalletsa batho ba Jehova ho pakela batho ba nang le botho bo sa tšoaneng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela