Ke Hobane’ng ha re Apara Bonolo?
KE SETSOTO ebile boa ananeloa. Bo re thusa ho qoba khang. Ka phoso bo talingoa e le bofokoli, empa bo matla ho feta tšepe. Ke bonolo!
Ka Bibeleng, bonolo bo amahanngoa le boikokobetso, mosa. Lentsoe la Segerike le na le maikutlo a ho ba mosa, ‘ho ba bonolo le ho ba le botsoalle; ho fapana le ho ba ea mekhoa e thata, ea se nang boitšoaro, ea halefang kapele, ea mantsoe a hlabang.’ Empa leha ho le joalo, bonolo bo bonahala kapele liketsong ho feta mantsoe.
Empa ke hobane’ng ha re apara bonolo? ’Me bo ka re thusa joang?
Lebaka leo bo Leng Bohlokoa
Bakreste ba tlameha ho bontša bonolo kahobane bo khahlisa Jehova Molimo. Bibele e re eletsa hore re tsamaee “ka boikokobetso bohle, le bonolo.” Basali ba Bakreste ba lokela ho apara “mokhabo o sa senyeheng oa moea o khutsitseng le o bonolo, oo e leng ntho ea bohlokoa mahlong a Molimo. (Ba-Efese 4:1-3, TLP; 1 Petrose 3:3, 4, NW) ’Me moapostola Pauluse o khothalitse balumeli ’moho le eena: “Le apare ke hona, ka ha le le bakhethoa ba Molimo, ba halalelang, ba ratoang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.”—Ba-Kolosse 3:12.
Seaparo sa bonolo se molemo kaha se re sireletsa kotsing. Haeba re apere bonolo ha ho hlaha boemo bo kotsi, re ka khona ho tima bohale ba ea khopisitsoeng ’me re boloke khotso. Bonneteng, “karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” (Liproverbia 15:1) Ho feta moo, bonolo bo re thusa ho hlōla mathata a khathatsang a letsatsi le letsatsi, bo re lokolla khatellong ea maikutlo mosebetsing kapa sekolong, bo hōlisa khotso le botsoalle, ’me bo re nolofaletsa ho phela ka khutso, hamonate, le ka thabo. (Liproverbia 14:30) Ka baka leo ho na le mabaka a molemo a etsang hore re apare bonolo.
Tsela ea ho Etsa Sena
Ho ka bonahala ho le thata ho ba motho ea bonolo, empa re ka bonahatsa tšoaneleho eo haeba re rata. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore Molimo o re bōpile ka setšoantšo sa oona. (Genese 1:26) Jehova ke mohlala oa bonolo. Bonolo ba hae bo bonahala ka tsela eo a sebelisanang le batho ba baetsalibe. “Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna.”—Pesaleme ea 103:10.
Bonolo ke karolo ea litholoana tsa moea oa Molimo o halalelang. (Ba-Galata 5:22, 23) Haeba re ikutloa re haelloa ke bona, re ka kōpa moea o halalelang ka thapelo re thusa ho hlaolela maikutlo a bonolo le ho a bonahatsa.—Luka 11:13.
Kaha bonolo bo hlahisoa ke moea oa Molimo, ke karolo ea bohlokoa ea botho ba Mokreste. Ha e le hantle, e lokela ho ba karolo ea seaparo se re khethollang re le Bakreste. E, re tlameha ‘ho apara bonolo,’ mokhabo o hlahisoang ke moea o halalelang le hlohonolofatso tsa Jehova.
Bonolo Boa Sebetsa
Jesu Kreste, ea neng a tiisetsa ho se lokileng, o ne a bontša bonolo. ’Me o boletse hore ba bonolo ke bona ba thabileng. Jesu o rutile ka motheo oa ‘ho sekeha le Iona lerama le leng,’ hore esita le tlas’a phephetso motho a se iphetetse. (Mattheu 5:5, 39; 21:5) Ba bang ba bolela hore lefatšeng la kajeno le tletseng tlhōlisano motheo o joalo ha o sebetse. Empa ke phoso ho bolela hore bonolo bo bonahatsoang ke Mokreste ke letšoao la bokoala kapa botho bo fokolang. Bonolo bo joalo bo loheletsoe le tumelo e matla, lerato ho Jehova, le ho ananela litsela tsa hae tse lokileng. Ka baka leo, bonolo ke matla a maholo.
Historing ea Bibele, banna le basali ba tšabang Molimo ba fane ka mehlala e metle ea bonolo. Ka mohlala, “Ha e le Moshe, e ne e le monna ea mosa [ea moea o bonolo], ea mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Numere 12:3) Empa ke mang ea ka bolelang hore o ne a e-na le botho bo fokolang kapa ba bokoala?
Ha bonolo bo bapisoa le “mesebetsi ea nama,” bo totobala haholo. (Ba-Galata 5:19-23) Ka mohlala, bonolo bo sebetsa ha bo bapisoa le bohale bo sa laoleheng. Seroki sa Moroma Horace se itse: “Bohale ke bohlanya ba nakoana, ka hona laola boikutlo ba hao ho seng joalo bo tla u laola.”
Ho sebetsa “ka bonolo bo tsoaloang ke bohlale” ho bolela ho itšoara ka tsela e lumellanang le botho ba Jehova, litšebelisano, le litsela tsa hae. (Jakobo 3:13) Ka mohlala, monna ea tšoanelang ho ruta balumeli ’moho o tlameha ho ba bonolo, a be le khotso, a be le khutso, e se be ea hlabang ka mantsoe, ea ikhohomosang, le ea inahanang. (1 Timothea 1:6, 7; 2 Timothea 2:24, 25) Empa bonolo bo ka re thusa haholo likarolong tse ling tsa bophelo.
Kamoo Bonolo bo Thusang Bophelong ba Letsatsi
Bonolo bo ka re thusa haeba ho hlaha mathata pakeng tsa rōna le baahisani. Bo thusitse Cathy. Ho ne ho entsoe pikniki ’me metsoalle e meng ea Cathy e ne e le teng, e mong oa bana a hloella ngataneng ea patsi e beiloeng hantle ke moahelani. Ngoana a heletsa karolo ea ngatana eo ea patsi ha moahisani a hloelisa ka fenstere. Ka bohale, moahisani a tsoela ka ntle, a omanya lelapa le amohetseng baeti, le moshanyana ea sebileng, le batsoali ba hae. Ho e-na le hore ho tsohe khang e khōlō, ba leka ho kokobetsa bohale ba moahisani. Ba araba ka bonolo. Ka letsatsi le hlahlamang Cathy a etsetsa lelapa la hae bohobe ’me a etsa a mang a mabeli bakeng sa moahelani le mosali oa hae. Bonolo bo joalo ba kokobetsa khalefo ea moahelani oa hae le ho khutlisa likamano tse molemo, ho sa ka ha hlokahala hore a bue ka ketsahalo e ileng ea sebetsoa ka bonolo.
Ho ’nile ha boleloa hore baokameli ba molemo ba amohela teboho e khōlō haholo ha lintho li entsoe hantle empa ha li entsoe hampe ha ba ikarabelle ho hang. Don, mohlokomeli oa sehlopha sa lihahi, a sebelisa bonolo. Ba mo hlahisetsa litholoana tse ntle. Ka letsatsi le leng mookameli oa bona a soaba ha a bona kamoo karolo e ’ngoe ea mohaho e entsoeng kateng. A botsa: “Ke mang ea ikarabellang ka see?” Le hoja sehahi se seng se ne se sa mamela litaelo tsa Don hantle, Don a araba: “Ke ’na ea molato. Ha kea ka ka hlalosa taba hantle hore banna ba sebetsang ka tlas’a ka ba utloisise kamoo ba lokelang ho haha kateng.” Ha batho ba bang ba rorisa Don ka mosebetsi o tsoileng matsoho, a arabela: “Banna bana ke bona ba tšoaneloang ke tlotla.” Ka baka la bonolo le botho bo tiileng ba Don, o ratoa le ho hlomphuoa ke baokameli le basebeletsi ba hae.
Metheo ena e sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ha li etela baahisani ba tsona mosebetsing oa tšimo. Batho ba bang ha ba ananele liketelo tsena ’me baa halefa. Leha ho le joalo, bonolo bo thusa Lipaki tse etileng hore li se nke beng ba matlo hampe kapa ho ba ahlola hampe. Le hoja Lipaki tsa Jehova li na le boikutlo bo botle, na mohlomong ketelo ea tsona e ile ea sitisa ntho e itseng eo mong a ntlo a neng a e thabela? Na ketelo e mo tsositse borokong? Bonolo bo li thusa ho sebetsana le maemo a joalo ka ho nahanela.—1 Petrose 3:15.
Ka ho tšoanang, haeba motho ‘a nka bohato bo fosahetseng le pele a hlokomela,’ bonolo bo thusa baholo ba Bakreste ho boloka boikutlo bo leka-lekaneng ha ba mo eletsa. Sepheo sa bona ha se ho mo lihela kotlo empa e le ho “’musetsa tseleng,” joalokaha ka bonolo ngaka e busetsa lesapo le nonyetsehileng. Ba nang le litšoaneleho tsa moea ba se lebale hore ba tlameha ho leka ho busetsa mofosi tseleng “ka moea o mosa [bonolo].”—Ba-Galata 6:1.
Tsoelang Pele le Phehella Bonolo
Bonolo bo ka bapisoa le mobu oo litholoana tse ling tsa moea oa Molimo li melang habonolo ha li lengoa ho oona le ho hlokomeloa. Haeba re le bonolo, re tla inehela tataisong ea moea oa Jehova. ’Me haeba re bontša bonolo, Molimo o tla re hlohonolofatsa, hobane o rata batho ba bonolo le ba mosa.—Esaia 29:18-21; 61:1.
Batho ba phallela ho Jesu kahobane o ne a le “mosa le pelo nolo.” (Mattheu 11:28, 29) Boikutlo bo joalo bo hohela batho ba pelo li tšepahalang joalokaha leifo le hlenneng tlung ea baeti le hoehla baeti ba fihlang bosiung bo batang. Motho ea mosa, ea bonolo ke motsoalle ea ratehang haholo. Ke ho loketseng hakaakang hore re phehelle “mosa [bonolo]”! (1 Timothea 6:11, bapisa NW.) E, re apare bonolo.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Jesu Kreste o bontšitse bonolo. Ho thoe’ng ka uena?