Na U sa Hopola?
Na u nahanne ka hloko ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, mohlomong u tla ho fumana ho thahasellisa ho hopola tse latelang:
◻ Ke joang tlaleho ea Bibele ea lintoa tsa Jehova e re fang tšepo ea ho talimana le “mahlomola a maholo”? (Mattheu 24:21)
E le eena ea laolang maemo ka linako tsohle, Jehova o bontšitse hore o felisa lira tsa hae ka ho nahana ’me o laola maemo bakeng sa ho pholosa batho ba hae.—8/15, leqephe 27.
◻ Batsoali ba tšoanetse ho ikemisetsa ho etsa eng e le hore ba ka boloka puisano pakeng tsa bona le bana ba bona?
Batsoali ba tšoanetse ho qeta nako le bana ba bona. Hape, ba tlameha ho ikemisetsa ho itela molemong oa bana ba bona bakeng sa khōlo ea bona ea kelello, ea ’mele, le ea moea.—9/1, leqephe 22.
◻ Ho fetohela ha Jesu ponahalong e khanyang ho bolela eng ho rōna kajeno? (Mareka 9:2-4)
Ho fetohela ha Jesu ponahalong e khanyang ho ka haha tumelo lentsoeng la Jehova la boprofeta le ho matlafatsa ho lumela ha rōna ho Jesu Kreste e le Mor’a Molimo le Messia ea tšepisitsoeng. Ho ka boela ha matlafatsa ho lumela ha rōna ho tsosetsoeng ha Jesu bophelong ba moea le ho eketsa tumelo ea rōna ’musong oa Molimo.—9/15, leqephe 23.
◻ Ke’ng se boleloang ke “ka nakoana” ho Esaia 11:6? (NW)
Phetolelo e hlokolosi ea temana ena e bontša hore phiri le konyana li ke ke tsa e-ba hammoho ka linako tsohle lefatšeng le lecha. Hoa utloahala hore liphoofolo tse joalo li tla ’ne li be le libaka tseo li lulang ho tsona tse sa tšoaneng ’me kahoo li oela ka tlas’a manane a ‘liphoofolo tsa hae le liphoofolo tse hlaha’ joalokaha li bile teng Paradeiseng ea mathomo. (Genese 1:24) Leha ho le joalo, liphoofolo li tla ba le khotso har’a tsona, li tla tseba ho ba hammoho ka ntle ho kotsi.—9/15, leqephe 31.
◻ Senotlolo sa Bokreste ba ’nete ke sefe?
Lerato ke senotlolo sa Bokreste ba ’nete. Tumelo, mesebetsi, le litloaelano tse ntle lia hlokahala, empa ka ntle ho lerato bohlokoa ba tsona ha bo bonahale. Sena se joalo hobane Jehova ka ho khethehileng ke Molimo oa lerato. (1 Ba-Korinthe 13:1-3; 1 Johanne 4:8)—10/1, leqephe 20.
◻ Na polelo “nako e teng ea ho tsoaloa, e teng nako le ea ho shoa” e ho Moeklesia 3:2 e tšehetsa khopolo ea hore Molimo o rerile esale pele nako ea rōna ea ho shoa?
Che. Salomone o ne a mpa a bua ka potoloho e tsoelang pele ea bophelo le lefu tse hlaselang batho ba sa phethahalang. Moeklesia 7:17 ea tlaleha: “U se ke ua iketsa e mobe ka ho fetisisa, u se ke ua ipea leoatla; hobane ke ha u no u tla shoela’ng, e e-so ho be nako ea hao?” Keletso ena e ne e tla utloahala joang haeba nako ea motho ea ho shoa e ne e se e ntse e reriloe esale pele?—10/15, maqephe 5-6.
◻ Ke likhang life tse teng khahlanong le ho ba ha moapostola Petrose mobishopo oa pele oa Roma?
Ha ho na bopaki ba hore Petrose o kile a etela motse oa Roma; leha e le hore Petrose o kile a itlhalosa ka tsela e ’ngoe ntle le hore ke e mong oa baapostola ba Kreste. (2 Petrose 1:1)—10/15, leqephe 8.
◻ Na ho loketse hore Bakreste ba romele lipalesa lepatong?
Haeba ho tsebahala hantle hore moetlo o itseng (kapa setšoantšo se kang sefapano) hona joale o na le moelelo oa bolumeli sebakeng ka seng, o lokela ho qojoa. Kahoo Bakreste ba ke ke ba romela lipalesa tse lokisitsoeng ka tsela eo ka eona li nang le sebōpeho sa sefapano kapa ho li sebelisa ka tsela e ’ngoe e tloaelehileng eo ka sebele e nang le moelelo oa bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, hona joale linaheng tse ngata, moetlo oa ho fana ka lipalesa o sa amaneng le bolumeli o atile. Bakreste ba bang ba ile ba romela lipalesa ho fana ka molaetsa oa ho hlasimolla motho ea masoabing le ho bontša kutloelo-bohloko le ho ameha.—10/15, leqephe 31.
◻ Litlhaloso tsa litsebi li hlakisa eng ka Boraro-bo-bong?
Li hlakisa hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e bonolo. Ho e-na le hoo, ke letoto la likhopolo tse rarahaneng tse bokelletsoeng hammoho ka lilemo tse fetang makholo a ’maloa ’me tsa etsoa hore li lumellane. Liithuti tse ngata, ho akarelletsa le Litsebi tsa Thuto ea Boraro-bo-bong, li lumela hore Bibele ha e le hantle ha e na thuto ea Boraro-bo-bong.—11/1, maqephe 21-22.
◻ Ke hobane’ng ha 29 C.E. e le letsatsi la bohlokoahali historing ea Bibele?
Hobane ka ho kopanya boitsebiso ba Bibele bo nepahetseng le nako ea ho busa ha Tiberiuse, liithuti tsa Bibele li ka paka hore tšebeletso ea Johanne e qalile nakong ea selemo ea 29 C.E. le hore likhoeli tse tšeletseng hamorao, nakong ea lehoetla la 29 C.E., Johanne o ile a kolobetsa Jesu.—11/15, leqephe 31.
◻ “Borapeli” bo ne bo bolela eng ho batho ba neng ba bua Seheberu, ’me sena se sebetsa joang ho Lipaki tsa Jehova kajeno?
Lentsoe la Seheberu le nang le moelelo o lekanang le “borapeli” le ka fetoleloa e le “tšebeletso.” Ka hona, ka kutloisiso ea Seheberu, borapeli bo ne bo bolela tšebeletso. Sena ke seo bo se bolelang ho batho ba Jehova kajeno, kahoo letšoao la bohlokoahali la borapeli ba ’nete ke tšebeletso ea bomolimo ea boboleli.—12/1, leqephe 19.