Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 1/1 maq. 8-17
  • Lerato ho Jehova le Susumetsa Borapeli ba ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato ho Jehova le Susumetsa Borapeli ba ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho e Ikhethang
  • Ho Etsa Tšebeletso e Lerato Molemong oa Batho
  • Barati ba Tokoloho ea Bomolimo
  • Lerato le Matla ho Jehova
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Na U ka Etsa ho Eketsehileng ho Tlotlisa Jehova?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 1/1 maq. 8-17

Lerato ho Jehova le Susumetsa Borapeli ba ’Nete

“Seo lerato la Molimo le leng sona ke hore re bōlōke litaelo tsa hae.”—1 JOHANNE 5:3, BPN.

1, 2. Re lokela ho sebeletsa Jehova ka sepheo sefe?

SEHLOPHA sa baeti ba 80 ba tsoang Japane se ne se ntse se lekola Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova e California, U.S.A. Tikoloho ena e khathollang, e nang le jarete e tletseng makhoaba a mofuta o itseng, maebana-khoroana, le mahaqasi, e ile ea etsa hore ba ikutloe ba le haufi-ufi le ’Mōpi oa bona e Moholo, Jehova Molimo. Kapele-pele motho ea ba tsamaisang o ile a hlokomela hore hoo e ka bang e mong le e mong sehlopheng seo o sebeletsa ka nako e tletseng joaloka pula-maliboho. Kahoo o ile a botsa sehlopha sena potso e ’nileng ea botsoa ka makhetlo-khetlo: “Ke hobane’ng ha ho e-na le bo-pula-maliboho ba bangata hakaale Japane?” Ba ile ba khutsa ka nakoana. Joale mosetsana e mong o ile a ithaopela ho arabela: “Hobane re rata Jehova.”

2 Lerato ho Jehova—ke tšusumetso e kaakang ea hore re be le cheseho tšebeletsong ea hae! Ke ’nete hore hase e mong le e mong eo e ka bang pula-maliboho. Ha e le hantle, ba bangata ho bahoeletsi ba rōna ba fetang limillione tse ’nè ha baa khona ho sebelisa tokelo ena. Empa ba bangata bao maemo a bona a ba lumellang baa e hahamalla. Le rōna kaofela re ka “tšepa Jehova le ho etsa se molemo,” ra bontša lerato la rōna ka ho kopanela ka tsela e itseng mosebetsing oa ho etsa barutuoa. (Pesaleme ea 37:3, 4, NW) Barapeli bohle ba Jehova ba inehetseng ba ka kopanela ho khothalletseng moea oa bopula-maliboho, ba ka fana ka tšehetso e lerato ho bo-pula-maliboho.—Mattheu 24:14; 28:19.

3. Ke phapang efe e teng pakeng tsa ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste le Lipaki tsa Jehova?

3 Ho fapana le ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste, ba nkang bolumeli joaloka karolo feela ea bophelo ba bona e ba ruisang molemo, Lipaki tsa Jehova li bonahatsa lerato le matla ho Molimo le li susumelletsang ho tsoela pele ‘li ntse li batla ’muso le ho loka ha oona pele.’ Sena se ’nile sa hloka hore li itele, empa boitelo boo e ’nile ea e-ba bo putsang hakaakang! (Mattheu 6:33; 16:24) Bo ’nile ba lumellana le taelo ea pele e khōlō, eo qalong e boletsoeng ke Moshe ’me ea phetoa ke Jesu Kreste: “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka sephefumolohi sa hao sohle le ka khopolo ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.”—Mareka 12:29, 30, NW; Deuteronoma 6:4, 5.

4, 5. Ke bo-mang ba lokelang ho nkoa e le batho ba tšepahalang, ’me botšepehi bo ka bonahatsoa joang?

4 Haufinyane e mong oa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova o ile a bua tjena ho F. W. Franz, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ea lilemo li 98 ea qetileng lilemo tse fetang 70 a le tšebeletsong ea nako e tletseng: “Moena Franz, u ’nile oa beha mohlala o motle oa botšepehi.” ’Me Moena Franz o ile a arabela: “E! U lokela ho tšepahala.” Sena se akaretsa taba eohle. Tšobotsing efe kapa efe ea mosebetsi oa ’Muso eo re sebeletsang ho eona, re ka ba ba tšepahalang.—1 Ba-Korinthe 4:2; Ba-Galata 3:9.

5 Ke ’nete hore ba bangata ba lakatsa ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, empa boikarabelo ba Mangolo kapa mathata a bophelo a ka ’na a ba sitisa ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ba sa khoneng ho ba bo-pula-maliboho, ha baa lokela ho nkoa e le ba tšepahalang hanyenyane. Ba bang ba ’nile ba lula ba tšepahala tlas’a maemo a hatellang ka ho fetisisa ’me hangata e le ka lilemo tse ngata haholo. E, ba ’nile ba tšepahala! Ba ’nile ba bontša lerato ho Jehova ’me ba sebeletsa ka mafolo-folo ho tšehetseng litokisetso tsa puso ea Molimo ka pelo eohle. Ba ’nile ba bontša thahasello e matla mosebetsing oa bopula-maliboho ’me ba khothalletsa bo-pula-maliboho ba ka moso, hangata e le bana ba bona, hore ba hahamalle bopula-maliboho joaloka pakane e fetang lipakane tse ling tsohle bophelong.—Bapisa le Deuteronoma 30:19, 20.

6, 7. Ketsahalo e etsahetseng nakong e fetileng e tlalehiloeng ho 1 Samuele 30:16-25 e sebetsa joang kajeno?

6 Ho sebetsa ka bonngoe bo lerato ho leng teng har’a batho bohle ba Molimo kajeno ho ka tšoantšoa le tlaleho e ho 1 Samuele 30:16-25. Ntoeng e neng e le khahlanong le Baamaleke, “Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo e-sa, ho isa mantsiboea” ’me a hapa lintho tse ngata. Ha bahlabani ba bang ba Davida ba khutlela kampong ba ile ba kōpa hore ho se be le letho la lintho tse hapiloeng le ka nehoang ba sa kang ba ea le bona ntoeng. Empa Davida o ile a arabela: “Ke mang ea tla le mamela tabeng tseo na? Seabo sa ea eang ntoeng se tšoanetse ho lekana le seabo sa letšola-kobo, ba hapisoe ka mokhoa o le mong.”

7 Molao-motheo oona oo oa sebetsa le kajeno. Bo-pula-maliboho ke bona ba ka pele-pele ntoeng ea rōna ea moea. Empa ba bang bohle ba ka phuthehong ba fana ka tšehetso ea pelo eohle le e tšepahalang. ’Me phello e hlollang ea mosebetsi oa bona o kopanetsoeng ka 1991 e bontšitsoe chateng e latelang joale.

Tlaleho e Ikhethang

8. (a) Tlaleho ea lefatše ka bophara e senola eng mabapi le kakaretso ea bahoeletsi le lihora tseo ba li sebelitseng tšebeletsong ea Jehova? (b) Ke lintlha life tse hapang thahasello ea hao tseo u li hlokomelang linaheng tse hlahileng bocha tlalehong?

8 E, maqephe a mane a fetileng a leng makasineng ona a bontša kamoo boiteko bo kopaneng ba barapeli bohle ba Jehova ba chesehang bo tlatselitseng tlalehong e hlollang ea lefatše ka bophara ka 1991. Ho tlalehiloe tlhōrō e ncha e tsotehang ea bahoeletsi ba ’Muso ba 4 278 820—e leng keketseho ea 6,5 lekholong. Ba sebelitse lihora tse 951 870 021 (e leng hoo e ka bang lihora tse billione!) tšebeletsong. ’Me hlokomela boiteko bo boholo bo entsoeng ke baena ba rōna linaheng tseo pele li neng li thibetsoe empa joale li hlaha tlalehong ea lefatše ka bophara—Bulgaria, Cameroon, Czechoslovakia, Ethiopia, Mozambique, Nicaragua, Rwanda, le U.S.S.R.

9, 10. (a) Bo-pula-maliboho ba ’nile ba arabela joang phephetsong ea linako tse thata? (b) Ho fanoa ka khothatso efe mabapi le ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho?

9 Lilemong tsa morao tjena moea oa bopula-maliboho o atile lefatšeng ka bophara. Esita le linaheng tseo ho tsona tokoloho ea borapeli e sa tsoa fanoa haufinyane, ho na le manane a phahameng a bo-pula-maliboho. Maemo a lichelete a boima ha a sitise Lipaki tsena tse matla hore li sebelise sohle seo li nang le sona borapeling ba Jehova. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:23, 27.) Ka karolelano ea khoeli le khoeli, karolo ea 14 lekholong ea bahoeletsi bohle ba ’Muso e bile bo-pula-maliboho. Lenane la tlhōrō ea bo-pula-maliboho ke 780 202, e leng karolo ea 18 lekholong ea bahoeletsi bohle.

10 Ha ba bang ba hlokomela thabo e fumanoang ke bo-pula-maliboho, le bona ba susumelletseha ho kenela tšebeletso ena. Haeba u ntse u e-s’o be pula-maliboho, na lerato la hao ho Jehova le ka u susumelletsa ho re “Ke ’na enoa, roma ’na!” joalokaha re bala ho Esaia 6:8? Kapa ka ho ithuta Bibele ka matla, na mohlomong Lentsoe la Molimo le ka tsosa takatso e tukang ka pelong ea hao, e le hore u ka nka bohato bo tsoelang pele ba ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho? Esita le nakong ea khatello, lentsoe la Jehova le ile la matlafatsa Jeremia, e le hore a se ke a chechela morao.—Jeremia 20:9.

Ho Etsa Tšebeletso e Lerato Molemong oa Batho

11. Mosebetsi oa lithuto tsa lehae tsa Bibele o ’nile oa atleha hakae?

11 E ’ngoe ea litšobotsi tse ikhethang tsa tlaleho ea selemo ke khōlo e bileng teng lenaneng la lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng, ’me ho khanniloe tse 3 947 261, khoeli le khoeli lefatšeng ka bophara. Ena ke tokisetso e lerato eo ka eona Lipaki tsa Jehova li khutlelang moo li fumaneng batho ba thahasellang mosebetsing oa tsona oa ntlo le ntlo. Re thabela ho khannela batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle lithuto tsa Bibele, re sebetsa ka cheseho e tšoanang le ea moapostola Pauluse. Ntle ho pelaelo ‘ho paka ha hae ka mokhoa o phethahetseng ho Bajode le Bagerike’ ho ne ho hloka lihora tse ngata tsa ho ba ruta ’nete. (Liketso 20:20, 21, NW) Hoa tšoana le kajeno. Lipaki tsa Jehova li thusa “batho bohle [hore] ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

12-14. Ke litlaleho life tse thabisang tse hlahang Europe?

12 Litlaleho tsa mosebetsi o eketsehileng oa lithuto tsa Bibele Europe Bochabela ke tse thabisang hakaakang! Ka lilemo tse mashome-shome ho ne ho hlokahala hore baena ba rōna moo ba bokane ka lihlopha tse nyenyane, mohlomong ba e-na le kopi e le ’ngoe feela ea Molula-Qhooa oa khale o thosholehileng, le o etselitsoeng likopi ka mochine bakeng sa sehlopha kaofela. Empa hona joale Libibele le lingoliloeng tsa Bibele li ntse li romelloa ka bongata linaheng tseo. Sena se re hopotsa Sefela sa Lifela 2:4, King James Version: “[Kreste Jesu] o ntlisitse tlung ea mokete [oa moea] oa lijo tse hlabosang, ’me flaga ea hae holim’a ka ke lerato.” Kaha ba bangata ba na le likopi tsa bona tsa botho tsa limakasine, ba hlomelletsoe hamolemo bakeng sa ho sebelisa “lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Timothea 2:15, NW.

13 Haufinyane tjena phutheho ea bahoeletsi ba 103 e St. Petersburg, Russia, e tlalehile lithuto tsa lehae tsa Bibele tse fetang 300. Ka likhoeli tse robeli feela ho ile ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 53 e le litholoana tsa mosebetsi ona oa lithuto tsa Bibele. Karolo e ka holimo ho halofo ea phutheho e bile ’neteng ka likhoeli tse robeli kapa ka tlaase ho moo! ’Me ha ho na baholo—ho na le mohlanka a le mong ea sebeletsang bakeng sa ho hlokomela khatelo-pele ea bona moeeng.

14 Mohoeletsi e mong oa ’Muso Estonia o ile a botsoa ke seithuti sa Bibele hore na se ka mema metsoalle e meng ea sona hore e be teng thutong. Ha Paki e fihla lapeng leo beke e latelang, e ile ea fumana ho bokane batho ba ka holimo ho 50! Ha e le hantle, ho ile ha hlokahala hore ho etsoe litokisetso tse khethehileng bakeng sa ho tsoela pele ho hlokomela batho bao ba thahasellang kaofela.

15. Re ka re’ng ka batho ba bileng teng Sehopotsong le ba kolobelitsoeng?

15 Ba bangata ba ntseng ba ithuta ba latsoa botsoalle ba Bokreste ka lekhetlo la pele ka ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu. Selemong sena se fetileng, ka lekhetlo la pele ba bileng teng ba bile ka holimo ho 10 000 000, ’me lefatšeng ka bophara batho ba 10 650 158 ba ile ba kopanela le liphutheho tse 66 207 bakeng sa ketsahalo ena e thabisang. Linaheng tse ’maloa tsa Latin-America, Afrika, le Europe Bochabela, ba bileng teng ba ile ba mena palo ea bahoeletsi ba ’Muso ka makhetlo a fetang a mararo kapa a mane. Joale re tlameha ho qala ho etsa litokisetso bakeng sa Sehopotso se tla tšoaroa selemong sena ka Labohlano, April 17. Ho tšeptjoa hore lenane le leholo la liithuti tsa Bibele tse ncha tse bang teng Sehopotsong le tla ’ne le hatele pele ho fihlela le kolobetsoa. Mabapi le ba kolobelitsoeng, ka 1991 re boetse ra bona ha ba fetang 300 000 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova Molimo ka ho qoelisoa metsing.

Barati ba Tokoloho ea Bomolimo

16. Ke litlaleho life tse hlollang tse tsoang Likopanong tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho”?

16 Tšobotsi e ikhethang ea selemo sa tšebeletso sa 1991 e bile letoto la Likopano tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho,” tse seng li phethiloe Karolong e ka Leboea empa li tla ’ne li tsoele pele ho fihlela ka 1992 Karolong e ka Boroa. Ka lekhetlo la pele, ho ile ha nehelanoa ka lenaneo le felletseng la kopano linaheng tse ’maloa tse Europe Bochabela, tseo ho tsona baena ba rōna ba thabelang ho sebelisa tokoloho ea bona eo ba sa tsoa e fumana bakeng sa ho rorisa Jehova. Ka October 1991 kakaretso e tlalehiloeng ho tla fihlela joale ea ba bileng teng likopanong tsa pele tse 705 tse neng li tšoaretsoe linaheng tse 54 ke 4 774 937.

17, 18. (a) Barapeli ba Jehova ba thabela tokoloho ea mofuta ofe ’me ba lebelletse ho thabela tokoloho ea mofuta ofe? (b) Tokoloho ea bomolimo e fapana joang le tokoloho ea lefatše?

17 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Kajeno, ’nete ea Bibele e lokollotse batho ba limillione lithutong tsa Bokreste-’mōtoana. Batho bana ba limillione ba ithutile hore tokisetso ea Jehova ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo e tla nolofalletsa batho ho “holloa bohlankeng ba tšenyeho, [ba] tle [ba] be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:19-22) Eo e tla ba tokoloho e hlollang hakaakang—ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise re ipapisitse le meeli eo Jehova a e behileng ka lerato!—Esaia 25:6-8; bapisa le Liketso 17:24-26.

18 Tokoloho eo Lipaki tsa Jehova li e thabelang hona joale, le eo li lebelletseng ho e thabela ka tekanyo e khōloanyane tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo, e tsoa ho Molimo oa rōna, Jehova. (2 Ba-Korinthe 3:17) Ha ea itšetleha ka mokhatlo leha e le ofe oa lipolotiki kapa oa bofetoheli. (Jakobo 1:17) Molemong oa ho qoba ho hloka kutloisiso leha e le hofe tabeng ena, libeche tsa kopano ea 1991 tse neng li qhoaetsoe ke Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling tse Europe Bochabela li ne li na le mantsoe a reng “Barati ba Tokoloho ea Bomolimo” ho fapana le ho ngola feela “Barati ba Tokoloho.”

Lerato le Matla ho Jehova

19. Ho atamela Jehova ka thapelo ho ka re tšehetsa joang?

19 Lerato la rōna ho Jehova le tšepo ea rōna ho eena li tla re etsa hore re lule haufi le eena ka thapelo. Ke katamelano ena e haufi le Jehova e ’nileng ea thusa baena ba rōna ho mamella mathata le mahloriso a mangata. (Pesaleme ea 25:14, 15) Nakong ea teko ea hae e khōlō ka ho fetisisa, Jesu o ile a ipoloka a atamelane le Ntate oa hae ka thapelo. (Luka 22:39-46) Ho atamelana ho joalo le Jehova ka thapelo ho ile ha tšehetsa Setefane mahlomoleng a hae a ho shoela tumelo. A talimme leholimong ha a le lekhatheng la ho tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa, o ile a re: “Bonang! ke bona maholimo a phetliloe, le Mor’a motho [Jesu] a eme ka letsohong le letona la Molimo.”—Liketso 7:56.

20-22. Phihlelo e ’ngoe e bontša joang hore Molimo o utloa lithapelo?

20 Joalokaha hangata barapeli ba Jehova ba ’nile ba hlokomela, Jehova o arabela lithapelo tse lumellanang le thato ea hae. Ka mohlala, naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa Lipaki o thibetsoeng, pula-maliboho ea khethehileng ea neng a ea karolong e ka leboea ka bese o ne a nkile mokotla o moholo o tšetseng lingoliloeng tsa ’Muso le lienfolopo tseo a neng a lokela ho li tsamaisa. Motho ea tsamaeang le bese ea neng a ntse a e laela o ile a botsa moena: “Mokotla oo o tšetse eng?” Moena o ile a bua ntho ea pele e ileng ea tla ka kelellong ea hae: “O tšetse mangolo.”

21 Ha bese ena e ntse e le tseleng, e ile ea feta tseleng e tloaelehileng eo batho ba phenya-phenngoang ho eona, ’me mapolesa a sephethe-phethe a ile a e lelekisa a ba a e emisa, a ne a belaella hore e laetse thepa e utsoitsoeng. A ile a laela hore bapalami bohle ba theohe beseng le hore ho hlahlobjoe thepa eohle. Litaba li ne li le mosenekeng! Moena o ile a tsoela tjaronyana a tloha letšoeleng lena le ntseng le korotla, eaba o khumama ka mangole, ’me o rapela Jehova. Ha a khutlela letšoeleng leo hape, thōto ea bohle ba palameng bese e ne e ntse e phutholloa ’me e hlahlobjoa ka hloko. Ha mokotla oa moena o lokela ho phutholloa, o ile a rapela Jehova a ntse a khutsitse hore a mo thuse.

22 Lepolesa le leng le ile la tleroha: “Ke mokotla oa mang oo, hona o tšetse eng?” Pele moena a ka ahlamisa molomo, motho ea tsamaeang le bese o ile a arabela ’me a re: “Ke mangolo a tsoang—— posong ’me a ea—— posong.” Ofisiri eo e ile ea re: “Ho lokile.” E ile ea nka mokotla oo ’me ea o neha motho ea tsamaeang le bese. E ile ea mo laela: “U tiise hore u o beha sebakeng se sireletsehileng leetong lena.” Pula-maliboho enoa ea khethehileng o ile a boela a khumama ka mangole ’me a leboha Ea utloang thapelo.—Pesaleme ea 65:2; Liproverbia 15:29.

23. Jehova o ’nile a bonahatsa eng, empa ke hobane’ng ha ka linako tse ling a lumella mahloriso hore a phethe morero oa ’ona?

23 Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ho hang barapeli ba Jehova ha ba hlaheloe ke liketsahalo tsa tlokotsi. Maemong a mang, mehleng ea Bibele le kajeno, Jehova o ’nile a bontša hore a ka lopolla batho ba hae. Empa tumellanong le ho rarolla tseko ea botšepehi, ka linako tse ling ho bonahala a lumella mahloriso hore a phethe morero oa ’ona. (Bapisa le Mattheu 26:39.) Ho phaella moo, Jehova ha a sireletse batho ba hae likotsing, likhohlanong tsa sechaba, kapa tlōlong ea molao a sa ka a nahanisisa ka boemo esale pele, le hoja e ka ba habohlokoa ho sebelisa bohlale bo sebetsang bo thehiloeng ka Bibeleng. (Liproverbia 22:3; Moeklesia 9:11) Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na rea lopolloa maemong a lekang kapa che, ho tšepahala ha rōna ho tla putsoa, ebile ha ho hlokahala ho ka putsoa ka tsoho.—Mattheu 10:21, 22; 24:13.

24. Jehova o ’nile a fana ka lintho life tse lerato, ’me re ka arabela joang leratong la hae?

24 Lintho tse lerato tseo Jehova a fanang ka tsona ke tse hlollang hakaakang! Mpho eo a e fileng batho e leng lefatše lena le lintho tse ho lona kaofela ke pontšo e ikhethang ea lerato la hae. (Pesaleme ea 104:1, 13-16; 115:16) ’Me mpho e bontšang kutloelo-bohloko eo Molimo o faneng ka eona e leng Mora oa oona, Jesu Kreste, hore a rekolle batho sebeng le lefung ke mpho e lerato ka ho fetisisa e kileng ea fanoa. “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:9, 10) Ha re arabela leratong leo, e se eka re ka kholiseha “hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:38, 39.

Tlhahlobo ea Sehlooho Sena

◻ Ho tšepahala ho bolela eng?

◻ Re ka bontša lerato ho Jehova mesebetsing efe?

◻ Ke litšobotsi life tsa tlaleho ea selemo sa tšebeletso tse hapileng thahasello ea hao ka ho fetisisa?

◻ Ke joang re ka bontšang kananelo bakeng sa lintho tse lerato tseo Jehova a faneng ka tsona?

[Lebokose le leqepheng la 15]

KE HOBANE’NG HA HO E-NA LE BO-PULA-MALIBOHO BA BANGATA HAKAALE?

Ho tlalehoa hore ka lilemo tse 2 600 Majapane e ne e le barapeli ba chesehang ba baemphera ba ’ona. Lintoeng tsa lekholo lena la bo20 la lilemo feela, bahlabani ba Majapane ba fetang limillione tse tharo ba ile ba etsa mahlabelo ka bophelo ba bona, hobane ba nahana hore ha ho tlotla e khōlō ho feta ho shoela moemphera oa bona oa molimo. Empa bahlabani ba Mabuddha le Mashinto ba ile ba hlōloa Ntoeng ea II ea Lefatše, ’me ka mor’a moo moemphera o ile a itokolla boemong ba ho ba molimo. Ke eng e neng e ka koala sekheo see sa bolumeli? Ka thabo, lithuto tsa lehae tsa Bibele tse khannoang ke baromuoa ba Lipaki tsa Jehova le Lipaki tsa moo li ile tsa thusa ba bangata ho fumana Molimo oa ’nete, Jehova, le ho nehela bophelo ba bona ho eena. Boinehelo bona bo bolela ho hongata ho Lipaki tseo tsa Majapane. Haeba nakong e fetileng li ka be li entse bophelo ba tsona sehlabelo ho moemphera oa molimo, joale li nehela matla a tsona ka cheseho e khōlō hakaakang ka ho sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ha li ntse li rapela Molimo o phelang le ’Mōpi oa bokahohle—’Musi Morena Jehova!

[Chate e leqepheng la 10-13]

TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1991 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Barati ba tokoloho ea bomolimo—barapeli ba Jehova ba leng kopanong e tšoaretsoeng Prague, ka August 9-11, 1991

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela