Na Kereke ea Pele e ne e Ruta Hore Molimo ke Boraro-bo-Bong?
Karolo 2—Na Bo-ntate ba Kereke ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
Ho Molula-Qhooa oa November 1, 1991, Karolo 1 ea letoto lena e ile ea tšohla taba ea hore na Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong—khopolo ea hore Ntate, Mora, le moea o halalelang ke batho ba bararo ba lekanang empa e le Molimo o le mong. Bopaki bo hlakileng bo tsoang Bibeleng, ho bo-rahistori, esita le ho litsebi tsa thuto ea bolumeli bo bontša hore ba ne ba sa rute thuto eo. Ho thoe’ng ka baeta-pele ba kereke ba ileng ba latela kapele ka mor’a moo—na ba ile ba ruta Boraro-bo-bong?
“BO-NTATE BA KEREKE” ke lebitso le sebelisoang bakeng sa banna ba kereke ba ileng ba ngola ho hong ka Bokreste qetellong ea lekholo la pele la lilemo le qalong ea lekholo la bobeli la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Ba bang ba bona e ne e le Clement oa Roma, Ignatius, Polycarp, Hermas, le Papias.
Ho ne ho boleloa hore ke batho ba mehleng ea ba bang ba baapostola. Ka hona, e tlameha ebe ba ne ba tloaelane le lithuto tsa baapostola. Mabapi le seo banna bao ba ileng ba se ngola, The New Encyclopædia Britannica e re:
“Ha ho kopanngoa sohle seo Bo-ntate ba Kereke ba ileng ba se ngola se bonahala e le sa bohlokoa haholoanyane historing ho feta lingoliloeng leha e le life tsa Bokreste tseo e seng karolo ea Testamente e Ncha.”1
Haeba baapostola ba ne ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong, joale e tlameha ebe Bo-ntate bao ba Kereke le bona ba ile ba e ruta. E ne e lokela hore ebe e hlahelletseng thutong ea bona, kaha ho ne ho se letho la bohlokoa ho feta ho bolella batho hore na Molimo ke mang. Kahoo na ba ile ba ruta thuto ea Boraro-bo-bong?
Polelo ea Pele ea Tumelo
E ’ngoe ea lipolelo tsa pele tsa tumelo ea Bokreste tse sa hlaheng ka Bibeleng e fumanoa bukeng e nang le likhaolo tse 16 tse khutšoanyane e tsejoang e le The Didache, kapa Teaching of the Twelve Apostles. Bo-rahistori ba bang ba bolela hore e ngotsoe pele ho 100 C.E. kapa ka selemo seo. Moqapi oa eona ha a tsejoe.2
The Didache e tšohla lintho tseo ho neng ho hlokahala hore batho ba li tsebe e le hore e ka ba Bakreste. Khaolong ea eona ea bosupa, e bua ka ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang,” e leng mantsoe a tšoanang le ao Jesu a a sebelisitseng ho Mattheu 28:19.3 Empa ha e bue letho ka hore ba bararo bana baa lekana ka ho hloka qalo le qetello, ka matla, boemo, le bohlale. Khaolong ea eona ea leshome, The Didache e akarelletsa boipolelo ba tumelo bo latelang ka sebōpeho sa thapelo:
“Rea u leboha, Ntate ea Halalelang, ka Lebitso la hao le halalelang leo u entseng hore le lule ka lipelong tsa rōna; le bakeng sa tsebo le tumelo le ho se shoe tseo u re tsebisitseng tsona ka Jesu Mohlanka oa hao. Khanya e ke e ee ho uena ka ho sa feleng! Uena, Monghali ea Matla ’Ohle, u bōpile lintho tsohle ka baka la Lebitso la hao . . . ’Me ka mohau u re file lijo le lino tsa moea le bophelo bo sa feleng ka Jesu Mohlanka oa hao.”4
Ha ho Boraro-bo-bong ho sena. Ho The Influence of Greek Ideas on Christianity, Edwin Hatch o qotsa serapa se ka holimo ’me o re:
“Moo Bokreste bo bileng le tšusumetso teng qalong ha ho bonahale eka ho ne ho e-na le ntšetso-pele e kaalo ea likhopolo tsena tse bonolo. Thuto e neng e hatelloa haholo ke e reng, Molimo o teng, O mong, O matla ’ohle ebile ha o na qalo le qetello, O entse lefatše, mohau oa Oona o mesebetsing eohle ea Oona. Ba ne ba sa sekamela lipuisanong tsa lifilosofi tse phahametseng kutloiso ea motho.”5
Clement oa Roma
Clement oa Roma, eo ho neng ho nahanoa hore e ne e le “mobishopo” motseng oo, ke e mong oa bangoli ba pele ba lingoliloeng tsa Bokreste. Ho lumeloa hore o ile a shoa hoo e ka bang ka 100 C.E. Boitsebisong boo ho hakanngoang hore o bo ngotse, ha aa bolela letho ka Boraro-bo-bong, ka mokhoa o tobileng kapa o sa tobang. Ho First Epistle of Clement to the Corinthians, oa bolela:
“Mohau o be ho uena, le khotso, e tsoang ho Molimo o Matla ’Ohle ka Jesu Kreste, e eketsoe.”
“Baapostola ba re bolelletse Kosepele e tsoang ho Morena Jesu Kreste; Jesu Kreste o e nkile ho Molimo. Kahoo Kreste o ne a rometsoe ke Molimo, ’me baapostola ba ne ba rometsoe ke Kreste.”
“Molimo o bonang lintho tsohle, le oo e leng ’Musi oa meea eohle le Morena oa nama eohle—ea khethileng Morena oa rōna Jesu Kreste le rōna ka Eena hore re be batho ba khethehileng—o ke o fe liphefumolohi tsohle tse bitsang Lebitso la Oona le khanyang le le halalelang, tumelo, tšabo, khotso, mamello, tiisetso.”6
Clement ha a re Jesu kapa moea o halalelang ba lekana le Molimo. O bua ka Molimo o Matla ’Ohle (eseng feela “Ntate”) e le o arohileng ho Mora. Ho buuoa ka Molimo e le o phahameng, kaha Kreste o “rometsoe” ke Molimo, ’me Molimo o ile oa “khetha” Kreste. Ha a bontša hore Molimo le Kreste ke batho ba babeli ba arohaneng le ba sa lekaneng, Clement o itse:
“Re tla rapela ka tieo re be re kōpe hore ’Mōpi oa bokahohle a sireletse bakhethoa ba hae kaofela lefatšeng lohle, ka Ngoan’a hae ea ratoang Jesu Kreste. . . . Re hlokomela hore ke uena [Molimo] u ’notši ea ‘phahameng ka ho fetisisa har’a ba phahameng ka ho fetisisa’ . . . ke uena u ’notši eo e leng mohlokomeli oa meea le Molimo oa nama eohle.”
“Etsa hore lichaba tsohle li hlokomele hore ke uena feela u leng Molimo, hore Jesu Kreste ke Ngoan’a hao.”7
Clement o bitsa Molimo (eseng feela “Ntate”) “ea phahameng ka ho fetisisa,” ’me o bua ka Jesu joaloka “Ngoan’a” Molimo. O boetse o hlokomela sena ka Jesu: “Kaha o bonahatsa bohlale ba Molimo, o phahametse mangeloi joalokaha tlotla ea hae e khethollohile haholoanyane ho feta litlotla tsa ’ona.”8 Jesu o bonahatsa bohlale ba Molimo, empa bohlale ba hae ha bo lekane le ba Molimo, joalokaha khoeli e bonahatsa khanya ea letsatsi empa e sa lekane le mohloli oa khanya eo, e leng letsatsi.
Haeba Mora oa Molimo a ne a lekana le Molimo, eo e leng Ntate oa leholimo, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore Clement a re Jesu o phahametse mangeloi, kaha ho ne ho tla be ho se ho ntse ho totobetse hore ho joalo. ’Me mantsoe a hae a bontša hore o hlokomela hore le hoja Mora a phahametse mangeloi, eena o ka tlaase ho Molimo o Matla ’Ohle.
Pono ea Clement e hlakile hantle: Mora o boemong bo ka tlaasana ho ba Ntate ’me oa mo hlahlama. Le ka mohla Clement ha aa ka a talima Jesu e le ea kopanetseng bomolimo le Ntate. O bontša hore Mora o itšetlehile ka Ntate, e leng Molimo, ’me ka ho tiea o re Ntate ke ‘Molimo o ’notši,’ o sa arolelaneng boemo ba Oona le mang kapa mang. ’Me ha ho kae kapa kae moo Clement a buang ka moea o halalelang e le o lekanang le Molimo. Kahoo, Boraro-bo-bong ha bo eo ho hang ka har’a lingoliloeng tsa Clement.
Ignatius
Ignatius, mobishopo oa Antioke, o phetse hoo e ka bang ho tloha bohareng ba lekholo la pele la lilemo ho isa qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E. Haeba mohlomong lingoliloeng tsohle tse amahanngoang le eena e le tsa ’nete, ho efe kapa efe ea tsona ha ho moo ho buuoang ka ho lekana ha Ntate, Mora, le moea o halalelang.
Esita le haeba Ignatius a ne a itse Mora o lekana le Ntate ka ho hloka qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale, hoo e ne e ntse e ke ke ea e-ba Boraro-bo-bong, hobane ha ho kae kapa kae moo a itseng moea o halalelang o lekana le Molimo ka litsela tseo. Empa Ignatius ha aa ka a re Mora o lekana le Molimo Ntate ka litsela tseo kapa leha e le life tse ling. Ho e-na le hoo, o ile a bontša hore Mora o ka tlaase ho Ea phahameng, Molimo o Matla ’Ohle.
Ignatius o bitsa Molimo o Matla ’Ohle “Molimo o ’notši oa ’nete, o sa tsoaloang le o sa atameloeng, Morena oa bohle, Ntate le Motsoali oa Mora ea tsoetsoeng a ’notši,” ha a bontša phapang pakeng tsa Molimo le Mora oa Oona.9 O bua ka “Molimo Ntate, le Morena Jesu Kreste.”10 ’Me oa phatlalatsa: “Ho na le Molimo o le mong, o Matla ’Ohle, o Iponahalitseng ka Jesu Kreste, Mora oa Oona.”11
Ignatius o bontša hore Mora o ne a sa hloke qalo le qetello joaloka motho empa o ne a bōpiloe, hobane ho latela Ignatius Mora o ile a re: “Morena [Molimo o Matla ’Ohle] o ile a Mpōpa, qalong ea litsela tsa Hae.”12 Ka mokhoa o tšoanang, Ignatius o itse: “Ho na le Molimo o le mong oa bokahohle, Ntate oa Kreste, ‘oo tsohle li entsoeng ke oona;’ le Morena a le mong Jesu Kreste, Morena oa rōna, ‘eo tsohle li entsoeng ka eena.’”13 O boetse oa ngola:
“Moea o Halalelang ha o bue lintho tseo e leng tsa Oona, empa tsa Kreste, . . . joalokaha Morena le eena a ile a re bolella lintho tseo A ileng a li amohela ho Ntate. Hobane, Eena [Mora] o re, ‘lentsoe leo le le utloang hase La Ka, empa ke la Ntate, ea Nthomileng.’”14
“Ho na le Molimo o le mong o ileng oa iponahatsa ka Jesu Kreste Mora oa oona, eo e leng Lentsoe la oona le tsoang moo ho khutsitseng ’me le khahlisa ea [Molimo] le romileng ka litsela tsohle. . . . Jesu Kreste o ne a le ka tlaase ho Ntat’ae.”15
Ke ’nete hore Ignatius o bitsa Mora “Molimo Lentsoe.” Empa ho sebelisa lentsoe “Molimo” bakeng sa Mora ha ho bolele hore o lekana le Molimo o Matla ’Ohle. Bibele e boetse e bitsa Mora enoa “Molimo” ho Esaia 9:6. Johanne 1:18 (NW) e bitsa Mora enoa “molimo o tsoetsoeng o ’notši.” A fuoe matla le bolaoli bo tsoang ho Jehova Molimo, Ntate, ka ho loketseng Mora o ne a ka bitsoa “ea matla,” e leng seo lentsoe “molimo” le hlileng le se bolelang.—Mattheu 28:18; 1 Ba-Korinthe 8:6; Ba-Heberu 1:2.
Leha ho le joalo, na mangolo a 15 ao ho boleloang hore a ngotsoe ke Ignatius a amoheloa e le a nang le tlaleho ea ’nete? Ho The Ante-Nicene Fathers, Buka 1, bahlophisi Alexander Roberts le James Donaldson baa bolela:
“Hona joale pono e akaretsang ea bahlahlobisisi, ke hore mangolo a robeli a pele har’a ao ho boleloang hore ke a Ignatius hase a ’nete. A na le bopaki bo sa belaetseng ba hore a ngotsoe hamorao . . . ’me joale a lahliloe ka tumellano e akaretsang joaloka a iqapetsoeng ka bolotsana.”
“Har’a Liepistole tse supileng tse amoheloang ke Eusebius . . . , re na le litaba tse ngotsoeng tse peli tsa Segerike tse ntšitsoeng liphoso, e khutšoanyane le e telele. . . . Le hoja taba eo e ngotsoeng e khutšoanyane . . . e ne e amoheloa haholoanyane ho feta e telele, ho ne ho ntse ho e-na le khopolo e matla har’a liithuti, ea hore esita le eona e ne e ke ke ea nkoa e le e sa angoang ka ho felletseng ke litaba tse iqapetsoeng, kapa se e-na le tlaleho ea ’nete e sa belaetseng.”16
Haeba re amohela phetolelo ea lingoliloeng tsa hae e le ’nete, sena se tlosa lipoleloana tse ling (tse phetolelong e teletsana) tse bontšang hore Kreste o ka tlas’a Molimo, empa se setseng phetolelong e khutšoanyane se ntse se sa bontše hore ho na le Boraro-bo-bong. ’Me ho sa tsotellehe hore na ke lingoliloeng life tsa hae tseo e leng tsa ’nete, bonyane li bontša hore Ignatius o ne a lumela ho bobeli bo bong ba Molimo le Mora oa oona. Ka sebele bobeli bona bo bong e ne e se ba batho ba lekanang, hobane ka mehla Mora o bontšoa e le ea ka tlaasana ho Molimo ebile e le mohlanka oa oona. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na motho o talima lingoliloeng tsa Ignatius joang, thuto ea Boraro-bo-bong ha e fumanoe ho tsona.
Polycarp
Polycarp oa Smyrna o hlahile karolong ea ho qetela ea lekholo la pele la lilemo ’me a shoa bohareng ba lekholo la bobeli la lilemo. Ho boleloa hore o kile a kopana le moapostola Johanne, ’me ho boleloa hore o ngotse Epistle of Polycarp to the Philippians.
Na ho ne ho na le ntho leha e le efe ka har’a lingoliloeng tsa Polycarp e bontšang Boraro-bo-bong? Che, ha li bue ka bona. Ruri seo a se buang se tumellanong le seo Jesu le barutuoa ba hae le baapostola ba neng ba se ruta. Ka mohlala, ho Epistle, Polycarp o ile a bolela:
“E se eka Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, le Jesu Kreste ka Boeena, eo e leng Mora oa Molimo, . . . ba ka le haha tumelong le ’neteng.”17
Hlokomela hore, joaloka Clement, Polycarp ha a bue ka “Ntate” le “Mora” ba nang le kamano ea Boraro-bo-bong bo lekanang ho molimo o le mong. Ho e-na le hoo, o bua ka “Molimo le Ntate” oa Jesu, eseng feela ‘Ntate oa Jesu.’ Kahoo o arola Molimo ho Jesu, joalokaha bangoli ba Bibele ba etsa sena khafetsa. Pauluse o re ho 2 Ba-Korinthe 1:3: “Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.” Ha aa re feela, ‘ho bokoe Ntate oa Jesu’ empa, “Ho bokoe Molimo, Ntat’a” Jesu.
Hape, Polycarp o re: “Khotso e tsoang ho Molimo o Matla ’Ohle le ho Morena Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.”18 Hape hona mona, Jesu o arohile ho Molimo o Matla ’Ohle, hase motho a le mong ea entsoeng ka batho ba bararo ba lekanang ho Molimo o le mong.
Hermas le Papias
Ntate e mong oa Kereke ke Hermas, ea ileng a ngola libuka qalong ea lekholo la bobeli la lilemo. Na bukeng ea hae Shepherd, kapa Pastor, ho na le ntho leha e le efe eo a e buang e ka etsang hore motho a lumele hore o ne a utloisisa hore Molimo ke Boraro-bo-bong? Hlokomela mehlala e meng ea seo a ileng a se bua:
“Leha e le hona hore ha motho a lakatsa hore moea o bue, Moea o Halalelang oa bua, empa o bua feela ha Molimo o lakatsa hore o bue. . . . Molimo o lemme serapa sa morara, hona ho bolela hore, O bōpile batho, ’me oa ba fa Mora oa Oona; ’me Mora enoa o ile a khetha mangeloi a Hae hore a ba lebele.”19
“Mora oa Molimo o moholo ho pōpo eohle ea hae.”20
Mona Hermas o re ha Molimo (eseng feela Ntate) o rata hore moea o bue, oa bua, ho bontša hore Molimo o phahametse moea. ’Me o re Molimo o file Mora oa oona serapa sa morara, e leng se bontšang hore Molimo o phahametse Mora. O boetse o bolela hore Mora oa Molimo o moholo ho libōpuoa tsa hae, libōpuoa tsa Mora, sena se bolela ba bōpiloeng ke Mora oa Molimo, joaloka Mosebetsi ea ka Sehloohong oa Molimo, “hobane ka eena lintho tsohle tse ling tse maholimong le lefatšeng li ile tsa bōptjoa.” (Ba-Kolosse 1:15, 16, NW) ’Nete ke hore Mora o bile le qalo. O ile a bōptjoa joaloka sebōpuoa sa moea sa boleng bo phahameng, pele ho libōpuoa tse ling tsa moea, joaloka mangeloi, a ileng a bōptjoa ka eena.
Bukeng ea hae Early Christian Doctrines, J. N. D. Kelly o ngola ka pono ea Hermas mabapi le Mora oa Molimo:
“Likarolong tse ngata re bala ka lengeloi le phahametseng mangeloi a tšeletseng a etsang lekhotla le pel’a Molimo, le hlalosoang e le le ‘hlomphehang ka ho fetisisa’, le ‘halalelang’, le le ‘khanyang’. Lengeloi lena le fuoe lebitso la Mikaele, ’me ho thata ho balehela qeto ea hore Hermas o ile a hlokomela hore ke Mora oa Molimo a ba a mo lekanya le arekangeloi Mikaele.”
“Ho boetse ho na le bopaki . . . ba boiteko ba ho hlalosa Kreste joaloka mofuta oa lengeloi le phahameng ka ho fetisisa . . . Ho hlakile hore ha ho na pontšo ea thuto ea Boraro-bo-bong ka kutloisiso e felletseng.”21
Ho boleloa hore Papias le eena o ne a tseba moapostola Johanne. Mohlomong o ile a ngola libuka qalong ea lekholo la bobeli la lilemo, empa ke likaroloana tse nyenyane tsa lingoliloeng tsa hae tse ntseng li le teng kajeno. Ho tsona ha a bue letho ka thuto ea Boraro-bo-bong.
Thuto e Lumellanang
Tabeng ea bophahamo bo fetisisang ba Molimo le kamano ea oona le Jesu, thuto ea Bo-ntate ba Kereke e lumellana hantle le thuto ea Jesu, barutuoa ba hae, le baapostola ba hae, joalokaha e tlalehiloe ka Bibeleng. Kaofela ha bona ha ba bue ka Molimo e le Boraro-bo-bong, empa e le Boleng bo arohileng, bo se nang qalo le qetello, bo matla ’ohle, bo tsebang lintho tsohle. ’Me ba bua ka Mora oa Molimo e le ea arohileng, ea tlaasana, sebōpuoa sa moea sa mohlanka eo Molimo o mo bōpileng hore a O sebeletse bakeng sa ho phethahatsa thato ea Oona. Le moea o halalelang ha ho kae kapa kae moo ho bontšoang hore o lekana le Molimo.
Kahoo, ka har’a lingoliloeng tseo tsa Bo-ntate ba Kereke tsa qetellong ea lekholo la pele la lilemo le qalong ea lekholo la bobeli la lilemo, ha ho moo ho tšehetsoang Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana. Li buile ka Molimo, Jesu, le moea o halalelang feela joalokaha Bibele e etsa. Ka mohlala, sheba ho Liketso 7:55, 56:
“Setefane, a tletse Moea o Halalelang, a sheba leholimong ’me a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo. O ile a re, ‘Ke bona leholimo le butsoe, le Mor’a Motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.’”—Jerusalem Bible ea K’hatholike.
Ponong Setefane o ile a bona Molimo o le leholimong le Jesu a eme pel’a Oona. Mora o ne a eme pel’a Ea bitsoang “Molimo,” eseng feela “Ntate,” ea arohaneng le Jesu ka ho felletseng ka boleng. ’Me ho ne ho se motho oa boraro ea amehang ho seo Setefane a ileng a se bona. Moea o halalelang ha oa ka oa bonoa leholimong o e-na le Jesu le Ntate oa hae.
Sena se tšoana le se hlahang ho Tšenolo 1:1, e reng: “Ena ke tšenolo eo Molimo o e fileng Jesu Kreste.” (The Jerusalem Bible) Hape, Kreste ea tsoselitsoeng leholimong o bontšoa e le ea arohaneng ka ho felletseng le Molimo, ’me ha ho buuoe ka moea o halalelang. Haeba Jesu e ne e le motho oa bobeli oa Boraro-bo-bong, a tseba lintho tsohle, ke joang a neng a ka “fuoa” tšenolo?
Mangolo a kang ana a bontša ka ho hlaka hore Boraro-bo-bong ha bo eo. ’Me ka har’a Bibele eohle ha ho na lengolo le buang ka Molimo e le Boraro-bo-bong. Libuka tsa Bo-ntate ba Kereke li ile tsa bontša sena. Ruri ba ne ba sa rute Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana.
Sehlopha se latelang sa bohlokoa sa libuka tse ngotsoeng mabapi le Bokreste se ile sa tla qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo. Libuka tsena li ne li ngotsoe ke banna ba kereke ba bitsoang babuelli ba tumelo. Na ba ne ba ruta Boraro-bo-bong? Karolo 3 ea letoto lena la lihlooho e tla bua ka lithuto tsa bona tokollong ea nako e tlang.
Litšupiso:
1. The New Encyclopædia Britannica, Khatiso ea bo15, 1985, Micropædia, Buka 1, leqephe 488.
2. A Dictionary of Christian Theology, e hlophisitsoeng ke Alan Richardson, 1969, leqephe 95; The New Encyclopædia Britannica, Khatiso ea bo15, 1985, Micropædia, Buka 4, leqephe 79.
3. The Apostolic Fathers, Buka 3, ea Robert A. Kraft, 1965, leqephe 163.
4. Ibid., maqephe 166-7.
5. The Influence of Greek Ideas on Christianity, ea Edwin Hatch, 1957, leqephe 252.
6. The Ante-Nicene Fathers, ea Alexander Roberts le James Donaldson, bahlophisi, Buka e Hatisitsoeng Bocha ea Amerika ea Khatiso ea Edinburgh, 1885, Buka I, maqephe 5, 16, 21.
7. The Library of Christian Classics, Buka 1, Bo-ntate ba Kereke ba Pele, e fetoletsoeng ea ba ea hlophisoa ke Cyril C. Richardson, 1953, maqephe 70-1.
8. Ibid., leqephe 60.
9. The Ante-Nicene Fathers, Buka I, leqephe 52.
10. Ibid., leqephe 58.
11. Ibid., leqephe 62.
12. Ibid., leqephe 108.
13. Ibid., leqephe 116.
14. Ibid., leqephe 53.
15. The Apostolic Fathers, Buka 4, ea Robert M. Grant, 1966, leqephe 63.
16. The Ante-Nicene Fathers, Buka I, maqephe 46-7; Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea John McClintock le James Strong, e ileng ea hatisoa bocha ke Baker Book House Co., 1981, Buka IV, maqephe 490-3; The Catholic Encyclopedia, 1910, Buka VII, maqephe 644-7.
17. The Ante-Nicene Fathers, Buka I, leqephe 35.
18. Ibid., leqephe 33.
19. The Ante-Nicene Fathers, Buka II, maqephe 27, 35.
20. The Apostolic Fathers (Loeb’s Classical Library) e nang le Phetolelo ea Senyesemane ka Kirsopp Lake, 1976, leqephe 249.
21. Early Christian Doctrines, ea J. N. D. Kelly, Khatiso ea Bobeli, 1960, maqephe 94-5.