Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/1 maq. 8-9
  • U Laba-labela Tšireletseho ea Mofuta Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Laba-labela Tšireletseho ea Mofuta Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Talima ka ’Nģane ho “Khotso le Tšireletseho” tse Tlisitsoeng ke Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Tloselitsoe Ruri!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/1 maq. 8-9

U Laba-labela Tšireletseho ea Mofuta Ofe?

BATHO ba sa tšoaneng ba na le likhopolo tse sa tšoaneng ka tšireletseho. Ba bang ba e talima joaloka botsitso pakeng tsa mabotho a loantšanang a sesole. Ka mohlala, mebuso e meholo ea lefatše hammoho le metsoalle ea eona ea Europe e lumellane ka mehato e mengata ea ho thibela monyetla oa hore liketsahalo tsa sebaka se itseng li hōle ho isa ntoeng ea lefatše ka bophara ea nuclear. Stockholm International Peace Research Institute Yearbook 1990 e bua ka ho makala ka ho haelloa ke thahasello mehatong e joalo ke lichaba “tse likarolong tse ling tsa lefatše.”

Leha ho le joalo, ho batho ba limillione ba phelang linaheng tse futsanehileng, “tšireletseho” e bolela tlhokomelo ea lijo le bophelo bo botle. Rasaense oa lipolotiki Yash Tandon o hlalosa hore: “Ha ho nahanoa ka ‘khotso le tšireletseho,’ ho atile likhopolo tse teng ka ho tloaelehileng mokhoeng oa bophelo o hlahelletseng oa Bophirima. . . . ‘Tšireletseho’ e nkoa e le taba ea libetsa le peho ea libetsa fatše, e arohileng likamehong tsa tšireletseho tsa batho ba hlokang lijo le ba hlokang matlo tsa karolelano ea batho ba babeli ho ba bararo baahing ba lefatše.”

Bibele eona e tšepisa hore tlas’a ’Muso oa Molimo ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa. “O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” (Pesaleme ea 46:9; Esaia 2:4) Ho kula ’meleng e tla ba ntho ea nako e fetileng. “Ha ho motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko! Sechaba se ahileng teng se tšoaretsoe libe.”—Esaia 33:24.

Tlas’a ’Muso oo, ho se sireletsehe litabeng tsa moruo ho ke ke ha hlola ho tšosa leha e le mang. “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona.”—Esaia 65:21, 22.

Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ke hore, ’Muso o tla felisa mohloli o ka sehloohong oa khaello ea khotso le tšireletseho. Ke mang ea ’nileng a susumetsa histori e telele ea puso ea motho e sa atlehang le e hatellang? Le hoja ka lebaka le utloahalang Molimo o lumelletse hore mebuso ena e ’ne e be teng, motho ea lokelang ho ikarabella ke Satane, kaha Bibele e bolela hore ‘lefatše lohle le tlas’a taolo ea hae.’—1 Johanne 5:19.

Joale, e tla ba ho khathollang hakaakang qetellong ha tlas’a ’Muso oa Molimo mantsoe a Pauluse a neng a ea ho Baroma a phethahala: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna”! (Ba-Roma 16:20) Ke ’Muso oa Molimo oa leholimo feela, tlas’a Morena Jesu Kreste, o ka finyellang ntho e joalo. Ka hona, ke tlas’a ’Muso oo feela moo lefatše le tlang ho fetoloa paradeise.—Genese 1:28; Luka 23:43.

E, tšireletseho e tšepisitsoeng ka Bibeleng e phahame ebile e pharalletse ho feta tšireletseho leha e le efe e qapiloeng ke motho. Re bala hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko”! (Tšenolo 21:4) Na re ka tšepa litšepiso tse joalo? E, hobane li tsoa ho ’Mōpi ea matla ’ohle, Jehova Molimo, ea boetseng a re: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:11) Katleho e tiileng e tšoaea mehato eo Jehova Molimo a e nkang esita le hona joale ho tlisetsa batho khotso ea ka mehla le e tlisang thabo, tšireletseho, le nala hore bobusi ba Hae ba ka ho sa feleng bo tlosoe qoso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela