Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
HA HO pelaelo hore Jehova Molimo a ka sireletsa batho ba hae. Ke eena “Ea matla ’ohle.” (Pesaleme ea 68:14) Lebitso la hae le ikhethang le bolela “O Etsa Hore ho be Teng.” Sena se mo khetholla e le Eena feela bokahohleng ea khonang ho hlōla tšitiso leha e le efe e le hore a ka phethahatsa litšepiso tsa hae le ho phetha thato ea hae. Molimo ka boeena oa bolela: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.
Molimo o sireletsa ba mo tšepang. Lentsoe la Hae le tiisa sena. Morena Solomone ea bohlale o ile a bua tjena tlas’a pululelo ea bomolimo: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” O ile a tsoela pele ho re: “Ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.”—Liproverbia 18:10; 29:25.
Tšireletseho Bakeng sa Bahlanka ba Molimo
Kamehla Jehova o ’nile a sireletsa ba itšetlehang ka eena. Ka mohlala, moprofeta Jeremia o ile a thabela ho sireletsoa ke Molimo. Ha makhotla a Babylona a thibella Jerusalema ea bokoenehi, batho ba ile ba tlameha ho ‘ja bohobe bo lekantsoeng, ba bo ja ka mahlomola.’ (Ezekiele 4:16) Boemo bo ile ba e-ba thata hoo basali ba bang ba ileng ba pheha bana ba bona ’me ba ba ja. (Lillo tsa Jeremia 2:20; 4:10) Le hoja Jeremia a ile a ba litlamong ka lebaka la ho bolela ha hae a sa tšabe, Jehova o ile a tiisa hore ‘o neoa ka tsatsi le leng le le leng polokoe ea bohobe e tsoang seterateng sa liapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng.’—Jeremia 37:21.
Ha Jerusalema e lihuoa ke Bababylona, Jeremia ha aa ka a bolaoa leha e le ho hulanngoa joaloka motšoaruoa ho isoa Babylona. Ho e-na le hoo, ‘molaoli oa balebeli [oa Mobabylona] a mo nea mofaho le limpho, ’me a mo fa tsela.’—Jeremia 40:5.
Makholo a lilemo hamorao Jesu Kreste o ile a tiisetsa bahlanka ba Molimo: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja eng?’ kapa, ‘Re tla noa eng?’ kapa, ‘Re tla apara eng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka taba-tabelo. Etsoe Ntate oa lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:31-33.
Na see se bolela hore bahlanka ba Jehova ba tla latsoa tšireletso ea bomolimo litlokotsing tsohle tsa kajeno? Che, e seng joalo. Batho ba tšepahalang ha baa sireletseha linthong tse ka ba ntšang kotsi. Bakreste ba ’nete baa kula, baa hlorisoa, ba hlaseloa ka tlōlo ea molao, ba shoa likotsing le ho utloa bohloko ka litsela tse ling.
Le hoja Jehova a sa sireletse bahlanka ba hae ka ho feletseng kotsing, litlaleho li bontša hore o sebelisa matla a hae ho ba matlafatsa le ho ba boloka. Bakreste ba boetse ba sirelelitsoe mathateng a mangata kahobane ba sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona. (Liproverbia 22:3) Ho feta moo, ba thabela tšireletseho lefatšeng ka bophara ea botsoalle ba moea bo lerato ba bara le barali ba motho, ba thusanang linakong tseo ba hlokang. (Johanne 13:34, 35; Baroma 8:28) Ka mohlala, ha ba arabela mahlomoleng a otlang pelo a barab’abo bona Rwanda, Lipaki tsa Jehova tsa Europe li ile tsa phakisa tsa nehelana le ho romela lithane tse 65 tsa liaparo le meriana ea boleng ba R5 800 000, lijo le thepa e ’ngoe.—Bapisa le Liketso 11:28, 29.
Le hoja Jehova a lumella hore Bakreste ba ’nete ba hlaheloe ke liteko, ba na le tiisetso ea hore o tla ba fa matla, thuso le bohlale hore ba mamelle. Ha a ngolla balumeli-’moho le eena, moapostola Pauluse o ile a re: “Ha ho moleko [teko] o kileng oa le hlahela haese o tloaelehileng ho batho. Empa Molimo oa tšepeha, ’me a ke ke a lumela hore le lekoe ka ’nģane ho seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko [teko] o tla boela a etse mokhoa oa ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.”—1 Bakorinthe 10:13; The Emphatic Diaglott.
Seo Molimo a se Etsetsang Batho ba Hae
Kajeno, batho ba limilione ba thabela ho etsa thato ea Molimo. Ha baa qobelloa ho sebeletsa Molimo; ba etsa joalo hobane ba mo tseba ’me ba mo rata. Ka lehlakoreng le leng, kaha Jehova o rata bahlanka ba hae ba tšepahalang, o rerile ho fetola boemo ba lefatše ho bo etsa paradeise moo moloko oa batho o mamelang o tlang ho thabela khotso, bophelo bo botle le tšireletseho ka ho sa feleng.—Luka 23:43.
Molimo o tla etsa sena ka puso ea leholimo, a na le Morena oa hae ea khethiloeng, Jesu Kreste, e le ’Musi. (Daniele 7:13, 14) Bibele e bua ka puso ena e le “’muso oa Molimo” hape e le “’muso oa maholimo.” (1 Bakorinthe 15:50; Matheu 13:44) ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka. Ho e-na le ho ba le mebuso e mengata lefatšeng, ho tla ba le ’muso o le mong feela. O tla busa ka ho loka holim’a lefatše lohle.—Pesaleme ea 72:7, 8; Daniele 2:44.
Jehova o atolosetsa memo ho bohle ho tla phela tlas’a ’Muso oo. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho ajoa ho pharaletseng ha Bibele, buka e hlalosang seo ’Muso o tlang ho se etsetsa moloko oa batho. Bibele ke buka e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng, ’me hona joale e fumaneha, e feletse kapa ka karolo e itseng, ka lipuo tse fetang 2 000.
Jehova Molimo ka lerato o thusa batho hore ba utloisise seo Bibele e se rutang ka ’Muso oo. O etsa sena ka ho rupela le ho romela batho ba hae ho ea hlalosetsa ba bang Mangolo. Lipaki tsa Jehova tse ka holimo ho limilione tse hlano hona joale li phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo linaheng tse fetang 230.
Tšireletseho ea ’Nete ho Bohle?
Na ke e mong le e mong ea tla amohela memo ea ho ba mofo oa ’Muso oa Molimo ka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa hae tse lokileng? Che, hobane batho ba bangata ha ba na thahasello ea ho etsa thato ea Molimo. Ba hana boiteko bo ba thusang ho fetola bophelo ba bona ho bo etsa bo molemonyana. Ka sebele, ba iponahatsa ho ba joaloka bao Jesu a ileng a re ka bona: “Lipelo tsa batho bana li fetohile tse sa amoheleng letho, ’me ka litsebe tsa bona ba utloile ha se ke ha e-ba le karabelo, ’me ba koetse mahlo a bona; e le hore le ka mohla ba se ke ba bona ka mahlo a bona le ho utloa ka litsebe tsa bona le ho utloisisa ka lipelo tsa bona ’me ba khutle, ’me [Molimo a] ba folise.”—Matheu 13:15.
Tšireletseho ea ’nete e ka ba teng joang lefatšeng lee le tletseng ka batho ba hanang ho phela tumellanong le litsela tse lokileng tsa Molimo? E ke ke ea e-ba teng. Batho ba se nang bomolimo ba sokela tšireletseho ea ba batlang ho sebeletsa Jehova.
Molimo ha a qobelle batho hore ba fetohe, empa le teng ha a na ho lumella bokhopo ka ho sa feleng. Le hoja Jehova ka mamello a ntse a tsoela pele ho romela Lipaki tsa hae ho ea ruta batho ka litsela tsa hae le merero ea hae, ha a na ho tsoela pele ho etsa joalo nako e telele. Jesu Kreste o ile a bolela esale pele: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
“Bofelo” bo tla bolela eng ho ba hanang litekanyetso tsa Molimo? Bo tla bolela kahlolo e bohloko le timetso. Bibele e bua ka ho tlisoa ha “phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu. Bona bana ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.”—2 Bathesalonika 1:6-9.
Qetellong—Tšireletseho ea ’Nete ka ho sa Feleng!
Ka mor’a timetso ea ba hanang litsela tsa Jehova tsa khotso, ’Muso oa Molimo o tla tlisa nako e khanyang ea tšireletseho molemong oa ba lokileng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:10, 11) Lefatše le lecha le tla fapana hakaakang le leo re phelang ho lona kajeno!—2 Petrose 3:13.
Tlala ea bo-ja-likata le ho lapa li ke ke tsa hlola li e-ba teng. E mong le e mong o tla ba naleng. Bibele e re ‘lichaba kaofela li tla thabela mokete oa lijo tse hlabosang.’ (Esaia 25:6) Ha ho sa tla ba le khaello ea lijo, hobane “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.”—Pesaleme ea 72:16.
Batho ha ba sa tla hlola ba lula mek’huk’hung le metseng ea mek’huk’hu. Tlas’a ’Muso oa Molimo, bohle ba tla ba le matlo a matle, ’me ba tla ja lijo tse tsoang masimong a bona. Bibele ea tšepisa: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona.”—Esaia 65:21.
Ho e-na le tlhokahalo ea mesebetsi e jeleng setsi, ho tla ba le mesebetsi e khotsofatsang, ’me batho ba tla bona litholoana tsa eona tse molemo. Lentsoe la Molimo le re: “Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela.”—Esaia 65:22, 23.
Tlas’a puso ea ’Muso, batho ba ke ke ba utloa bohloko le ho shoa ke ho kula. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa: “’Me ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.
Lefatšeng la Paradeise leo haufinyane le tlang ho ba ntho ea sebele, mahlomola le bohloko, masoabi le lefu, li tla be li felisitsoe. E, esita le lefu! Batho ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng! Bibele e re bolella hore Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Tlas’a bobusi ba Jesu Kreste, “Morena oa khotso,” bophelo lefatšeng e tla ba bo sireletsehileng ka ho feletseng qetellong. Ka sebele, ho tla ba le tšireletseho lefatšeng lohle tlas’a puso e lokileng, e lerato ea ’muso o le mong—’Muso oa Molimo.—Esaia 9:6, 7; Tšenolo 7:9, 17.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Ho sireletseha ha batho ho bontša tšepo nakong e tlang, . . . [tšepo] botsitsong ba maemo a lipolotiki le a moruo.”—Mosali e mong ea phelang Asia
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Se etsang hore u ikutloe u sa sireletseha ho feta tsohle ke pefo le botlokotsebe.”—Monna e mong ea phelang Amerika Boroa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
“Ke ne ke sa ikutloe ke sireletsehile nakong ea . . . tlhaselo. Haeba naha e le ntoeng, batho ba lokela ho ikutloa ba sireletsehile joang?”—Morutoana oa sekolo sa praemari, Bochabela bo Hare
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Ke tla ikutloa ke sireletsehile mohla ke tsebang hore nka tsamaea seterateng le bosiu ke se na ho betoa.”—Ngoanana oa sekolo, Afrika