Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/15 maq. 28-31
  • Justin—Rafilosofi, Moloaneli oa Tumelo, le Moshoela-tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Justin—Rafilosofi, Moloaneli oa Tumelo, le Moshoela-tumelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Pele le Thupelo
  • Ho Hlahlobisisa Libuka tsa Hae
  • Lefu la Hae
  • Thuto e le ’Ngoe e Iqapeloang e Tsoala e ’Ngoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Karolo 3—Na Baloaneli ba Tumelo ba Kile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Basireletsi ba Tumelo—Na ha e le Hantle ba ne ba Loanela Bokreste Kapa e ne e le Bo-rafilosofi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Testamente e Ncha”—Histori Kapa Tšōmo?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/15 maq. 28-31

Justin—Rafilosofi, Moloaneli oa Tumelo, le Moshoela-tumelo

“RE BATLA hore liqoso tse etsoang khahlanong le Bakreste li batlisisoe, le hore, haeba ho ka tiisoa hore ke ’nete, ba fuoe kotlo e tšoanetseng . . . Empa haeba ho se ea ka re fumanang re le molato oa ntho leha e le efe, kahlolo e molemo e le thibela hore, ho se jalehe taba ea bo-ba-re, ho utloisa banna ba se nang molato bohloko . . . Hobane haeba, ha le se le tsebile ’nete, le sa etse se lokileng, le tla hlaha ka pel’a Molimo ka ntle ho meitatolo.”

Ka mantsoe ana, Justin Martyr, motho ea neng a ipolela e le Mokreste oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a ipiletsa ho moemphera oa Moroma Antoninus Pius. Justin o ne a kōpa hore ho etsoe patlisiso ea boahloli e se nang leeme bophelong le litumelong tsa ba ipolelang e le Bakreste. Kōpo ena bakeng sa toka e ne e tsoa ho monna ea nang le semelo le filosofi tse thahasellisang.

Bophelo ba Pele le Thupelo

Justin e ne e le Molichaba, ea tsoaletsoeng Samaria hoo e ka bang ka 110 C.E. motseng oa Flavia Neapolis, eo kajeno e leng Nablus. O ne a ipitsa Mosamaria, le hoja mohlomong ntate oa hae le ntate-moholo oa hae e ne e le Maroma kapa Magerike. Ho hōlela ha hae meetlong ea bohetene, hammoho le ho nyoreloa ’nete, ho ile ha etsa hore a ithute filosofi ka mafolo-folo. A sa khotsofatsoa ke ho batla har’a Bastoike, Balateli ba Aristotle, le Pythagoras, o ile a hahamalla likhopolo tsa Plato.

Ho e ’ngoe ea libuka tsa hae, Justin o bua ka takatso ea hae ea ho buisana le bo-rafilosofi ’me o re: “Ke ile ka inehela ho Mostoike ea itseng; joalokaha ke ne ke lutse le eena ka nako e telele, empa ke sa fumana tsebo e eketsehileng ka Molimo (hobane eena ka boeena a ne a sa tsebe), . . . Ke ile ka mo tlohela ’me ka ea ho e mong.”—Dialogue of Justin, Philosopher and Martyr, With Trypho, a Jew.

Joale Justin a ea ho Molateli oa Aristotle ea neng a thahasella chelete ho feta ’nete. Justin o re: “Monna enoa, ka mor’a hore a nkamohele ka matsatsi a ’maloa a pele, o ile a nkōpa hore re lokise tefo, e le hore puisano ea rōna e se be e se nang molemo. Le eena, ka lona lebaka lena, ke ile ka mo tlohela, ke kholisehile hore ha se rafilosofi ho hang.”

Justin a lakatsa ho utloa “filosofi e molemo ka ho fetisisa,” o ile a ea ho molateli oa Pythagoras, ea tummeng haholo—monna ea inahanang haholo ka bohlale ba hae.” Justin o re: “Ha ke buisana le eena, ke ikemiselitse ho ba momameli le morutuoa oa hae, a re, ‘Joale? Na u tseba ’mino, bolepi ba linaleli, le jeometri? Na u nahana hore u tla utloisisa lintho tseo tsohle tsa [bomolimo] tse tlatsetsang bophelong bo thabileng, haeba u sa tsebisoa ka [tsona] esale pele?’ . . . O ile a re ke tsamaee ha ke ipolela ho hloka tsebo ha ka ho eena.”

Le hoja a ne a nyahame, Justin o ile a tsoela pele ho batla ’nete ka ho retelehela ho Balateli ba Plato ba tsebisahalang. O re: “Mono ke ile ka qeta nako ea ka e ngata le e mong ea neng a sa tsoa fallela motseng oa rōna—monna ea bohlale, ea neng a le boemong bo phahameng har’a Balateli ba Plato,—’me ka etsa tsoelo-pele, le ho etsa lintlafatso tse khōlō ka mehla . . . , hoo ka nako e khutšoanyane feela ha ke ne ke nahana hore ke se ke le bohlale; athe hoo ho ne ho bontša bothoto ba ka,” Justin o qetella ka ho rialo.

Ho batla ’nete ha Justin ka ho ba le kamano le bo-rafilosofi e bile lefeela. Empa ha a ntse a thuisa a le lebōpong la leoatle, a kopana le Mokreste ea hōlileng, “monna-moholo e mong, eo ponahalo ea hae e neng e le ntle ka sebele, a bontša boikokobetso le mekhoa e bontšang tlhompho.” Moqoqo o tsoelang pele o ile oa qetella ka ho lebisa tlhokomelo ea hae lithutong tsa motheo tsa Bibele tse buang ka tlhokahalo ea ho ba le tsebo e nepahetseng ea Molimo.—Ba-Roma 10:2, 3, bapisa le NW.

Mokreste eo ho sa boleloang lebitso la hae o ile a bolella Justin: “Khale koana, ho ne ho e-na le banna ba itseng ba khale ho feta bohle bao ho nahanoang hore ke bo-rafilosofi, ba ne ba lokile ebile ba ratoa ke Molimo, ba . . . ileng ba bolela esale pele liketsahalo tse neng li tla etsahala, e leng tse etsahalang hona joale. Ba bitsoa baprofeta. Ke bona feela ba ileng ba bona le ho tsebahatsa ’nete ho batho, . . . ba tletse Moea o Halalelang.” Mokreste enoa a leotsa takatso ea Justin haholo ka hore: “Lingoliloeng tsa bona li sa le teng, ’me ea kileng a li bala o thusoa haholo tsebong ea hae ea ho qaleha le ea ho qetella ha lintho.” (Mattheu 5:6; Liketso 3:18) Joalokaha monna enoa ea bonolo a ile a khothatsa, ka mafolo-folo Justin o ile a hlahlobisisa Mangolo ’me ho bonahala a ile a ba le kananelo e khōlō bakeng sa oona le boprofeta ba Bibele, joalokaha ho bonoa lingoliloeng tsa hae.

Ho Hlahlobisisa Libuka tsa Hae

Justin o ile a khahloa ke ho hloka tšabo ha Bakreste ha ba tobane le lefu. Hape o ile a ananela lithuto tsa ’nete tsa Mangolo a Seheberu. Ho tšehetsa likhang ho Dialogue With Trypho, Justin o qotsitse ho Genese, Exoda, Levitike, Deuteronoma, 2 Samuele, 1 Marena, Lipesaleme, Esaia, Jeremia, Ezekiele, Daniele, Hosea, Joele, Amose, Jonase, Mikea, Zakaria, le Malakia, hammoho le Likosepele. Kananelo ea hae bakeng sa libuka tsena tsa Bibele e bonahala puisanong le Trypho, moo Justin a buileng haholo ka Bojode bo neng bo lumela Messia.

Ho tlalehiloe hore Justin e ne e le ’moleli oa evangeli, a bolela litaba tse molemo ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ho bonahala a ile a tsamaea haholo. Nako e ’ngoe ea hae o e sebelisitse a le Efese, ’me mohlomong o ila a lula Roma ka nako e teletsana.

Libuka tsa Justin tse bontšang boqapi ba bongoli li akarelletsa lipolelo tsa boikemelo tse ngoletsoeng ho sireletsa Bakreste. Ho First Apology ea hae, o batla ho felisa lefifi le leholo la filosofi ea bohetene ka ho sebelisa leseli le tsoang Mangolong. O bolela hore bohlale ba bo-rafilosofi ke ba bohata ebile ha bo na kelello ha bo bapisoa le mantsoe a matla le mesebetsi ea Kreste. (Bapisa le Ba-Kolosse 2:8.) Justin o etsa kōpo bakeng sa Bakreste ba nyelisoang bao a itsebahatsang le bona. Ka mor’a ho sokoloha ha hae, o ile a tsoela pele ho apara seaparo sa bo-rafilosofi, a bolela hore o fumane filosofi e le ’ngoe feela ea ’nete.

Bakreste ba lekholong la bobeli la lilemo ba ne ba nkoa e le ba latolang boteng ba Molimo ha ba ne ba hana ho rapela melimo ea bohetene. Justin o ile a araba: “Ha re batho ba latolang boteng ba Molimo, re rapela Moetsi oa bokahohle . . . Ea re rutang lintho tsena ke Jesu Kreste . . . Ke Mora oa Molimo oa ’nete.” Mabapi le borapeli ba litšoantšo, Justin o itse: “Ba etsa hoo ba ho bitsang molimo; hoo rōna re ho nkang e se feela bothoto, empa e le ho hlapaolang Molimo . . . Ke booatla bo bokaakang! hore ebe banna ba se nang boitšoaro ba ka bōpa le ho etsa melimo bakeng sa borapeli ba hao.”—Esaia 44:14-20.

Ka litšupiso tse ngata tse tsoang Mangolong a Segerike a Bakreste, Justin o bolela ho lumela ha hae tsohong, boitšoarong bo botle ba Bokreste, kolobetsong, boprofeteng ba Bibele (haholo-holo bo buang ka Kreste), le lithutong tsa Jesu. Mabapi le Jesu, Justin o qotsa Esaia, ka hore: “’Muso o tla ba holim’a mahetla a [Kreste].” Hape Justin o re: “Haeba re batla ’muso oa batho, re tla lokela ho latola Kreste oa rōna.” O tšohla liteko le lintho tseo Bakreste ba tlamehileng ho li etsa, o bolela hore tšebeletso e loketseng ho Molimo e hloka hore motho a etse thato ea Oona, hape o tsoela pele hore “batho ba lokela ho romeloa ke Oona ho lichaba tsohle ho tsebahatsa lintho tsena.”

The Second Apology of Justin (eo ho lumeloang hore ke ntšetso-pele ea ea pele) e ne e lebisitsoe ho Lekhotla le Phahameng la Roma. Justin o ipiletsa ho Baroma ka ho pheta liphihlelo tsa Bakreste, ba neng ba hlorisoa ka mor’a ho fumana tsebo e nepahetseng ea Jesu Kreste. Mekhoa ea boitšoaro e molemo ea lithuto tsa Jesu, e bonahalang boitšoarong ba baahi ba Bakreste, e ne e bonahala e na le molemo o fokolang ho ba boholong Roma. Ho e-na le hoo, ho ipolela feela ha motho hore ke morutuoa ho ne ho ka ba le liphello tse bolaeang. Mabapi le eo pele e neng e le tichere ea lithuto tsa Bokreste, Justin o ile a qotsa e mong ea bitsoang Lucius, ea ileng a botsa: “Ke hobane’ng ha le file monna enoa kotlo, e seng hobane e le mofebi, kapa sehlola, kapa ’molai, kapa lesholu, kapa senokoane, kapa e le ea fumanoeng a le molato oa tlōlo ea molao leha e le efe, empa hobane feela a ipolela hore o bitsoa ka lebitso la Mokreste?”

Boholo ba leeme le neng le bontšoa khahlanong le ba ipolelang e le Bakreste ka nako eo le bonahatsoa ke polelo ea Justin: “Ka hona, le ’na ke lebelletse ho etsetsoa leqheka le ho fanyehoa thupeng, ke ba bang ba bao ke ba boletseng, kapa mohlomong ke Crescens, ea ratang ho iketsa mohale le ea ikakasang; hobane monna eo ha a tšoaneloe ke lebitso la rafilosofi ea fanang ka bopaki phatlalatsa khahlanong le rōna ka litaba tseo a sa li utloisiseng, a bolela hore Bakreste ke ba latolang boteng ba Molimo ebile ha ba hlomphe, hape a etsa seo hore a ratoe le ho thabisa batho bao ba lahlehisitsoeng. Hobane haeba a ka re hlasela a sa bala lithuto tsa Kreste, o tla be a le khopo ka ho fetisisa, ’me a le mobe ho feta ba sa rutehang, bao hangata ba qobang ho bua kapa ho beha bopaki ba bohata ka litaba tseo ba sa li utloisiseng.”

Lefu la Hae

Ebang ke matsohong a Crescens kapa a Bahlahlobisisi ba Liphoso, Justin o ile a boleloa a le molato ho ’maseterata ea ka sehloohong oa Roma joaloka ea senyang tumelo ’me a ahloleloa lefu. Hoo ekabang ka 165 C.E., o ile a khaoloa hlooho Roma ’me ea e-ba “martyr” (ho bolelang “paki”). Ka hona, o ile a bitsoa Justin Martyr.

Mokhoa oa Justin oa ho ngola mohlomong o ka ’na oa haelloa ke bokheleke le bohlale tse bontšitsoeng ke banna ba rutehileng ba mehleng ea hae, empa cheseho ea hae bakeng sa ’nete le ho loka li bonahala e ne e le tsa sebele. Hore na ke ho isa bohōleng bofe a phetseng tumellanong le Mangolo le lithuto tsa Jesu re ke ke ra bolela ka kholiseho. Leha ho le joalo, mesebetsi ea Justin e nkuoa e le ea bohlokoa ka baka la boitsebiso ba eona ba histori le ka litšupiso tse ngata tsa Mangolo. E re thusa ho lemoha bophelo le liphihlelo tsa ba neng ba ipolela e le Bakreste lekholong la bobeli la lilemo.

Ho hlokomelehang ke boiteko ba Justin ba ho bontša babusi ba naha ho hloka toka ha tlhoriso e neng e etsoa khahlanong le Bakreste. Ho hana ha hae bolumeli ba bohetene le filosofi ka baka la ho rata tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo ho re hopotsa hore Athene moapostola Pauluse o buile ka sebete ho bo-rafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike ka Molimo oa ’nete le ka Jesu Kreste ea tsositsoeng.—Liketso 17:18-34.

Justin ka boeena o ne a na le tsebo e itseng ka tsoho ea bafu nakong ea Lilemo tse Sekete. Tšepiso ea ’nete ea Bibele ka tsoho e matlafatsa tumelo hakaakang! E tšehelitse Bakreste ha ba talimane le mahloriso ’me e ba thusitse ho mamella liteko tse matla, esita le lefu.—Johanne 5:28, 29; 1 Ba-Korinthe 15:16-19; Tšenolo 2:10; 20:4, 12, 13; 21:2-4.

Kahoo, he, Justin o batlile ’nete ’me a hana filosofi ea Bagerike. Joaloka moloaneli oa tumelo, o sirelelitse lithuto le mesebetsi ea ba ipolelang e le Bakreste. Ka ho ipolela e le Mokreste ka boeena, e bile moshoela-tumelo. Ho hlokomelehang ka ho khetheha e ne e le kananelo ea Justin ka ’nete le ho paka ha hae ka sebete a talimane le mahloriso, hobane litšobotsi tsena li fumanoa bophelong ba balateli ba sebele ba Jesu kajeno.—Liproverbia 2:4-6; Johanne 10:1-4; Liketso 4:29; 3 Johanne 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela