Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Khantša Leseli la Bona India
LIPAKI tse thabileng tse 11 524 li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso India. (Mattheu 24:14) Ba 1 066 ba ileng ba kolobetsoa selemong sa tšebeletso sa 1991 ke baboleli ba ’Muso, ba khantšetsang ba bang leseli la bona. Bohle ba ile ba thaba hakaakang ha ba bona ba 28 866 ba e-ba teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Kreste!
◻ Ba bangata ba qala ho ithuta ka tšepo ea ’Muso ka bopaki bo sa reroang. Ka mohlala, Paki e ’ngoe e ile ea bua ka ’Muso ho basebetsi-’moho le eona, bao le bona e leng babetli ba mapolanka. Mosebetsi-’moho e mong o ile a arabela ’me a qala ho khantšetsa lelapa la hae le metsoalle ea hae. Bana ka thabo ba ile ba fetisetsa molaetsa ona o hlollang oa ’Muso ho ba bang. Ho ea ka litlaleho, ka lilemo tse seng kae feela, ‘batho ba fetang 30 ba ne ba amohetse ’nete.’ Jehova o ile a mo hlohonolofatsa le baena ba hae ba bacha ba moea bakeng sa ho khantša leseli la bona.
◻ Phuthehong e ’ngoe moena e mong e mocha lilemong o ile a khantša leseli la hae ka ho pakela barutoana-’moho le eena sekolong ka mokhoa o sa reroang. Ba bang ba bona ba ne ba e-na le thahasello tšepong ea ’Muso, ’me o ne a atisa ho ba hlalosetsa Bibele ho fihlela ka mor’a khitla. E mong, eo e neng e le Mok’hatholike, o ile a emela ’nete ka tieo ho sa tsotellehe ho hlokomelisoa ke moprista ka liphello tse bohloko haeba a ntse a tsoela pele ho kopana le Paki eo. Leha ho le joalo, morutoana eo o ne a kholisehile hore o ithuta ’nete ea Bibele ho Lipaki, ’me o ile a tsoela pele ho fumana tsebo. Ka nako e loketseng o ile a kolobetsoa ’me hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. O ithabela tšepong e tlang ka leseli le hlollang la ’nete!—Ba-Roma 12:12.
◻ E mong ea ileng a mamela mocha enoa oa Paki ke morutoana e mong ea tsebahalang, ea neng a sa lumele boteng ba Molimo, ’me a tloaetse ho soma ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo, empa ka letsatsi le leng a kenella puisanong ’me a botsa lipotso tse ngata. O ile a makala ha a fumana likarabo tse utloahalang lipotsong tsa hae tsohle ’me a fihlela qeto ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. O ile a tsoela pele tsebong ea Bibele ’me qetellong a kolobetsoa. Ntate oa hae oa Mohindu o ile a mo hanyetsa ho isa bohōleng ba hore a mo leleke lapeng la hae. Leha ho le joalo, ho emela ’nete ka tieo hona ha mocha enoa ho ile ha putsoa ha bana babo nameng ba babeli le metsoalle e ’meli ea hae ba amohela ’nete ’me ba kolobetsoa. E mong oa bana babo hona joale o sebeletsa ofising ea lekala India.
◻ Mohlophisi e mong oa barutoana le eena o ile a kenella lipuisanong le mocha enoa oa Paki. E ne e le lekhoba la ho tsuba hape e le letahoa. Ka nako e ’ngoe o ne a batla ho otla barutoana-’moho le eena ba babeli ba neng ba ithutile ’nete ho Paki ena. Ka baka la ho amohela ha bona ’nete, ba ne ba hanne ho kenella seteraekeng sa k’holeche hape ba ne ba ke ke ba fana ka mali nakong ea letšolo la ho bokella mali le neng le eteletsoe pele ke mohlophisi enoa oa barutoana. Mocha enoa hona joale o thabile hore ebe ke Paki e jereng leseli ea Jehova.
◻ Ka kakaretso, morutoana ea qalileng ho khantša leseli la hae e bile kofuto ho thuseng ba 15 ba lithaka tsa hae ho fihla boinehelong le kolobetsong ka ho ba pakela ka mokhoa o sa reroang.
Ke thabo ho bona ba bangata naheng eo e khōlōhali ba amohela tšepo ea Bibele ea lefatše le lecha la Molimo ’me ba ikopanya le boena ba lefatše lohle boo Jehova Molimo a ntseng a bo bokella ho phela ka ho sa feleng tlas’a ’Muso oa hae.