Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/11 leq. 1
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Leseli la Lōna a le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 5/11 leq. 1

“Leseli la Lōna le ke le Khanye”

1. Ke mpho efe e khethehileng eo re lokelang ho e fetisetsa ho batho ba bang?

1 Ho tloha ha mafube a hlaha ho fihlela ha letsatsi le sunya nko mobung, leseli le tlotlisa Jehova Molimo ka lebaka la botle ba lona. Empa leseli leo Jesu a neng a re barutuoa ba hae ba be le lona ke la mofuta o mong—ke “leseli la bophelo.” (Joh. 8:12) Ho ba le leseli lena la lintho tsa moea ke mpho e khethehileng e tsamaisanang le boikarabelo bo boholo. Jesu o ile a fana ka taelo ena: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho,” e leng se tla tsoela batho ba bang molemo. (Mat. 5:16) Le hoja kajeno ho e-na le lefifi la moea le letšo-letšo, leseli la bophelo le lokela ho fetisetsoa ho batho ba bang, ’me taba ena e potlakile ho feta leha e le neng pele! Re ka etsisa Kreste joang ’me ra etsa hore leseli la rōna le khanye?

2. Jesu o ile a bontša joang hore ho fetisetsa leseli la moea ho batho ba bang ke ntho ea bohlokoa?

2 Ka ho Bolela Molaetsa: Jesu o ile a sebelisa nako ea hae, matla le matlotlo hore a khantšetse batho leseli la ’nete malapeng a bona, mapatlelong, mesikong ea lithaba le hohle moo ba neng ba le teng. O ne a tseba hore ho chabisetsa batho leseli la ’nete ea Molimo ho tla ba tsoela molemo ka nako e telele. (Joh. 12:46) Hore molaetsa ona o fihle ho batho ba bangata le ho feta, Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae hore e be “leseli la lefatše.” (Mat. 5:14) Ba ile ba khantša leseli la bona ka ho etsetsa baahelani ba bona se molemo le ka ho ba bolella linnete tse ka Bibeleng.

3. Re ka bontša joang hore ruri re ananela leseli la ’nete?

3 Batho ba Molimo ba nka ka botebo boikarabelo ba ho ‘tsoela pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli’ ’me ba bolela litaba tse molemo hohle moo batho ba leng teng. (Baef. 5:8) Nakong ea khefu sekolong kapa mosebetsing, motho a ka bula monyetla oa ho qoqa le ba bang ka Mangolo ka hore a bale Bibele kapa likhatiso tsa rōna tsa Bokreste moo batho ba bang ba mo bonang. Ka tsela ena morali e mong oabo rōna ea lilemong tsa bocha o ile a qala thuto ea Bibele a ba a tsamaisetsa bana ba 12 bao a kenang tlelaseng e le ’ngoe le bona libuka.

4. Ke hobane’ng ha re ka re boitšoaro bo botle boa ameha e le hore ‘leseli la rōna le khanye’?

4 Ka Mesebetsi e Metle: Ho khantša leseli la rōna ho boetse ho akarelletsa boitšoaro ba rōna ba letsatsi le letsatsi. (Baef. 5:9) Mosebetsing, sekolong le libakeng tse ling tsa sechaba, batho ba bang ba atisa ho lemoha boitšoaro ba rōna ba Bokreste ’me seo se re bulela menyetla ea ho ba bolella linnete tse ka Bibeleng. (1 Pet. 2:12) Ka mohlala, boitšoaro bo botle ba moshanyana e mong ea lilemo li hlano bo ile ba susumelletsa tichere ea hae hore e letsetse batsoali ba hae. E ile ea re, “Ke qala ho bona ngoana ea utloisisang ka ho hlakileng hakana hore na boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng ke bo joang!” Ruri mosebetsi oa rōna oa ho bolela hammoho le boitšoaro ba rōna bo botle li hohela batho hore ba tle ‘leseling la bophelo,’ e leng se tlotlisang Molimo oa rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela