Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 leq. 23
  • Linku Tsa Jesu li Mamela Lentsoe la Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linku Tsa Jesu li Mamela Lentsoe la Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang Norway
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Ho Thabile Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 leq. 23

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Linku Tsa Jesu li Mamela Lentsoe la Hae

HA MOSEBETSI oa ho ruta o ntse o atolohela likarolong tsohle tsa lefatše, Jehova o sebelisa mangeloi a hae ho lebisa bahlanka ba hae ho batho ba kang linku. Ba utloa lentsoe la Jesu ’me ba ithuta ho mo sebeletsa ba e-na le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ho Johanne 10:27, 28 Jesu o ile a re: “Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka; kea li tseba, ’me lia ntatela. ’Na ke li fa bophelo bo sa feleng.” Hlokomela kamoo ba pelo li tšepahalang Madagascar ba ileng ba mamela lentsoe la Jesu ka teng.

E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a fa ngaka e neng e tl’o hlahloba ntate oa hae ea kulang likopi tsa libuka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng le Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona.

Ngaka eo e ne e le Moprostanta ’me e ne e hanyetsa Lipaki haholo, empa e ile ea bala buka eo ’me ea hlahloba mangolo ka Bibeleng ea eona. Mosali oa eona, e ne e le Mok’hatholike ’me le eena e le ngaka, o ile a bala buka ea Bocha ka makhetlo a ’maloa hobane o ne a re e bonahala e ngolletsoe eena ka ho khetheha. Tlhaloso ea Mokhatlo e thehiloeng Bibeleng ea se boleloang ke 1914 e ile ea ba tšosa ka bobeli ba bona. Monna o ile a lata Paki e ileng ea mo fa libuka tseo. Paki eo e ile ea mo fa Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ’me ea etsa litokisetso tsa ho mo etela le mosali oa hae ho ea arabela lipotso tsa bona. Ha a ba etetse, o ile a qalisa thuto ea Bibele ea ka mehla le banyalani bao hammoho le bana ba bona ba bararo. Ho ile ha ba le tsoelo-pele e potlakileng ea kutloisiso ea Bibele.

Ka mor’a thuto ea pele, lelapa lohle le ile la qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso ’me kapele ka mor’a moo le ile la ingolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Boitšoaro ba bana bo ile ba ntlafala haholo. Thutong ea bona ea Bibele, ba ile ba ithuta hore ho keteka matsatsi a tsoalo le matsatsi a mang a phomolo a bolumeli ha se ha Bokreste; ka hona, ba ile ba khaotsa ho a keteka. Monna o ile a hana ho fana ka mali a hae bakeng sa hore a e’o enteloa ho mong ka eena, le hoja taba eo e ne e e-s’o ka e tšohloa thutong ea Bibele. Haufinyane liaparo tsa hae tsa karate li ile tsa nyamela sebakeng seo a bolokang liaparo ho sona, o ile a li isa ho motho ea rokang hore a etsetse bana ba hae liaparo ka tsona. O ile a chesa limakasine le libuka tsohle tsa bolepi ba linaleli. Likhoeli tse tharo feela ka mor’a ho qalisa ho ithuta, monna eo le mosali oa hae ba ile ba itokolla likerekeng tsa bona ’me ba bolela ka takatso ea bona ea ho nka karolo mosebetsing oa boboleli. Hona joale ba kolobelitsoe.

◻ Mosali e mong oa Thailand o ne a batla ’nete. Le hoja e ne e le Mobuddha, ho hang o ne a e-s’o ka a inehela bolumeling ba hae hobane o ne a hlokometse boikaketsi bo bongata teng le meharo. Ntle le moo, ho ne ho e-na le meetlo e ’maloa eo a neng a sa lumellane le eona. O ile a tenoa ke lintho tsena kaofela.

Eaba moahelani e mong oa hae o mo khothalletsa hore a leke Bakreste ’me o ile a mo isa kerekeng ea Pentekonta. Leha ho le joalo, ha tšebeletso e ntse e tsoela pele, mosali eo o ile a ba le takatso e matla ea ho ea hae ka baka la lerata, kaha bohle ba neng ba le teng ba ne ba rapela ka mantsoe a phahameng. E ile ea e-ba lekhetlo la ho qetela a e-ea kerekeng eo.

Hamorao, o ile a leka kereke ea Roma e K’hatholike. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ea ka makhetlo a ’maloa, o ile a boela a hlokomela boikaketsi le meharo, haesita le bophelo ba boiketlo ba baruti. O ile a teneha ’me a khaotsa ho ea moo. Moruti o ne a lohothela ho tseba hore na ke hobane’ng ha a tsamaile. Ka mor’a ho tseba lebaka, o ile a re ka mokhoa o phoqang: “Haeba u batla ho latela batho ba se nang masaoana, e-ea ho Lipaki tsa Jehova.” O ile a botsa: “Li hokae?” Moruti o ile a arabela: “Li haufi le mane moo ho ntseng ho etsoa moaho oa phephelo ea metsi.” Letsatsing le latelang o ile a li batla empa ha aa ka a atleha. O ne a khathetse matla, leha ho le joalo o ile a nahana ka Lipaki tsa Jehova a sa khaotse.

Ka letsatsi le leng o ile a utloela e mong oa baahelani ba hae a re ho e mong ka mokhoa o phoqang: “Haufinyane o tla ba e mong oa Lipaki tsa Jehova!” Hoba a utloe seo, mosali eo o ile a potlakela ho moahelani eo ’me a ’motsa: “Na ho na le Lipaki tsa Jehova moo?” O ile a arabeloa: “E. Tse ling li ee li tle mona motseng li ntse li ruta ka ntlo le ntlo. U tla li hlokomela ka moaparo oa tsona o hloekileng o makhethe.” Ha a utloa seo a matha a ea li batla. Ka lekhetlo la pele ha aa ka a li fumana, empa ha a le tseleng a khutlela hae, o ile a hlokomela basali ba babeli ba neng ba apere ka makhethe ba ntse ba bua le motho e mong. O ile a ba atamela ’me a ba botsa hore na hase Lipaki tsa Jehova na. Ha ba bolela hore ke tsona, o ile a kōpa: “Ke kōpa hore le tle ha ka. Ke lakatsa ho bua le lōna.”

Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa, ’me ho sa tsotellehe khanyetso le ho songoa ke litho tsa lelapa, mosali enoa o se a qalisitse ho ea libokeng haesita le ho pakela beng ka eena.

Kannete Jesu oa li tseba linku tsa hae ’me o ntse a li bokella ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng hore li tle li pholohele lefatšeng la hae le lecha la ho loka.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela