Lipotso tse Tsoang ho Babali
Bakreste ba lokela ho ameha hakae ka taba ea hore e ka ’na eaba likarolo tsa mali, tse kang “plasma” e omisitsoeng, li kentsoe lijong?
Haeba ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore mali a liphoofolo (kapa karolo e itseng ea oona) a hlile a sebelisoa lijong sebakeng seo, Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi ka tsela e loketseng. Ho ntse ho le joalo, hase bohlale ho tšoenyeha ka ntho e belaelloang feela kapa ho khathatseha ka ntho e se nang motheo o utloahalang.
Qalong ea histori ea motho, ’Mōpi oa rōna o ile a laela batho hore ha baa lokela ho ja mali. (Genese 9:3, 4) O ile a bontša hore mali a emela bophelo, boo e leng mpho e tsoang ho eena. Mali a ntšitsoeng sebōpuoeng se itseng a ka sebelisoa feela bakeng sa sehlabelo, joaloka aletareng. Ho seng joalo, mali a tsoang sebōpuoeng a ne a lokela ho qhaloa fatše, ka mantsoe a mang a busetsoa ho Molimo. Batho ba hae ba ne ba lokela ho qoba ho boloka bophelo ka ho noa mali. O ile a laela: “Le ke ke la ja mali a nama efe le efe, hobane moea oa linama tsohle ke mali a tsona; mang le mang ea tlang ho a ja, a tlosoe.” (Levitike 17:11-14) Thibelo ea Molimo tabeng ea ho ja mali e ile ea boleloa hape ho Bakreste. (Liketso 15:28, 29) Kahoo ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba pele ba qobe lijo tse nang le mali, tse kang nama ea liphoofolo tse fenethiloeng kapa soseje e nang le mali.
Leha ho le joalo, bophelong ba sebele ke joang Bakreste bao ba neng ba ka sebetsa tumellanong le boikemisetso ba bona ba ho ‘tela mali’? (Liketso 21:25) Na ba ne ba lokela ho sebelisa mantsoe a moapostola Pauluse: “Jang ntho tsohle tse rekoang thekisong, le sa botse letho ka baka la letsoalo”?
Che. Mantsoe ao a ho 1 Ba-Korinthe 10:25 a bolela nama e ka ’nang eaba e tsoa phoofolong e entsoeng sehlabelo tempeleng ea litšoantšo. Ka nako eo, nama e setseng litempeleng e ne e rekisetsoa bahoebi, ba neng ba ka e kenya nameng eo ba e rekisang mabenkeleng a bona. Taba eo Pauluse a neng a bua ka eona e ne e le hore nama e tsoang tempeleng e ne e se mpe e bile e sa silafala. Ho bonahala hore ho ne ho tloaelehile hore mali a liphoofolo tse etsoang sehlabelo a ntšuoe ’me a sebelisoe lialetareng tsa bahetene. Kahoo haeba nama e ’ngoe e setseng e ne e rekisoa ’marakeng, e se na kamano leha e le efe e tobileng le tempele kapa likhopolo tse fosahetseng tsa bahetene, Bakreste ba ne ba ka e reka joaloka nama e rekisoang e hloekileng le e ntšitsoeng mali ka tsela e loketseng.
Leha ho le joalo, e ne e ka ba ntho e fapaneng haeba Bakreste bao ba ne ba tseba hore nama e tsoang liphoofolong tse fenethiloeng (kapa soseje e nang le mali) e ne e rekisoa mabenkeleng a sebaka seo. Ho ne ho tla hlokahala hore ba be hlokolosi ha ba khetha nama eo ba e rekang. Ba ka ’na ba khona ho hlokomela lintho tse entsoeng ka nama tse nang le mali haeba li ne li na le ’mala o khethehileng (joalokaha kajeno soseje e entsoeng ka mali e ka hlokomeloa linaheng tseo ho tsona e tloaelehileng). Kapa Bakreste ba ka ’na ba etsa lipatlisiso ka selakha kapa morekisi oa nama ea nang le botumo bo botle. Haeba ba se na lebaka la ho lumela hore nama e itseng e na le mali, ba ne ba ka e reka le ho e-ja.
Pauluse o boetse a ngola: “Mosa oa lōna o tsejoe ke batho bohle.” (Ba-Filippi 4:5) Seo se ka sebetsa tabeng ea ho reka nama. Molao oa Baiseraele kapa taelo ea sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholo la pele la lilemo ha ea ka ea bontša hore batho ba Molimo ba lokela ho nka nako e telele le ho etsa boiteko bo bongata ba ntse ba etsa lipatlisiso tse itseng ka nama, esita le ho fetoha batho ba jang meroho feela haeba ho na le pelaelonyana ea hore mali a teng nameng.
Setsomi sa Moiseraele se neng se bolaile phoofolo se ne se ntša mali a eona. (Bapisa le Deuteronoma 12:15, 16.) Haeba lelapa la hae le ne le ke ke la ja nama eohle, o ne a ka rekisa e ’ngoe. Esita le setopo sa phoofolo e ntšitsoeng mali hantle, se na le mali a seng makae a salang nameng, empa ha ho letho ka Bibeleng le bontšang hore ho ne ho hlokahala hore Mojode ea rekang nama a nke mehato e fetelletseng ea ho fumana lintlha tse joaloka metsotso e ileng ea feta pakeng tsa ho bolaoa ha phoofolo le hore e ntšoe mali, mothapo oa mali o ileng oa khaoloa kapa mali a ntšuoa ho oona, le mokhoa oa ho fanyeha phoofolo le nako eo e e nkileng e fanyehiloe. Ho feta moo, sehlopha se busang ha sea ka sa ngola hore Bakreste ba lokela ho sebelisa boitšireletso bo fetisisang mabapi le taba ena, joaloka hoja ba ne ba batla likarabelo tse nang le makolopetso a fetelletseng le a tobileng pele ba ka ja nama leha e le efe.
Kajeno, linaheng tse ngata molao, moetlo, kapa tšebeletso ea bolumeli li etsa hore lintho tse etsoang ka nama (ka ntle ho lintho tse sa tloaelehang, tse kang soseje e nang le mali) li etsoe ka nama ea liphoofolo tseo e tlamehang e be li ntšitsoe mali ha li hlajoa. Kahoo, ka tloaelo Bakreste libakeng tseo ha ho hlokahale hore ba amehe ka ho tlōlisang ka mekhoa e sebelisoang bakeng sa ho hlaba kapa ea ho sebetsana le nama. Ka kutloisiso e atolohileng, ba ka ’na ba ‘tsoela pele ho ja nama e rekoang thekisong, ba sa botse letho,’ ’me ba ka ba le letsoalo le hloekileng la hore ba tela mali.
Leha ho le joalo, ho ’nile ha e-ba le litlaleho tse tlang seoelo tse buang ka mali a sebelisoang khoebong a ’nileng a tšoenya Bakreste ba itseng. Bo-rakhoebo ba bang ba leng khoebong ea ho sebetsana le nama ba beha mabaka a bontšang hore mali a mangata a tsoang liphoofolong tse hlabiloeng a ka bokelloa ka morero oa ho sebelisoa le ho etsa phaello, joaloka menontšeng kapa lijong tsa liphoofolo. Bafuputsi ba ithutile hore na ho ka etsahala hore mali a joalo (kapa likarolo tsa oona) a sebelisoe nameng e tsoakiloeng. Libaka tse ling tsa khoebo li bile tsa etsa lero le seng lekae la plasma e mokelikeli, e hoammeng kapa e phoofo (kapa lisele tse khubelu tse ntšitsoeng ’mala) tse ka ’nang tsa nkela sebaka karolo e nyenyane ea nama e leng ka har’a lintho tse etsoang ka nama tse kang lisoseje kapa li-pâté. Liphuputso tse ling li likoloha tabeng ea ho sebelisoa ha lintho tse phoofo tse etsoang ka mali e le motsoako kapa ntho e kopanyang metsi le mafura nameng e sitsoeng, linthong tse sebelisoang bakeng sa ho etsa likuku, kapa lijong tse ling le linong ka morero oa ho kenya sehaha-’mele kapa tšepe.
Leha ho le joalo, ho molemo ho hlokomela hore liphuputso tse joalo li ’nile tsa tsoela pele ka mashome a lilemo. Leha ho le joalo, ho bonahala eka tšebeliso ea lintho tse joalo e ’nile ea e-ba e lekanyelitsoeng haholo, kapa ha e eo linaheng tse ngata. Litlaleho tse ling tsa sebele li bontša lebaka la sena:
“Mali ke mohloli oa lihaha-’mele tse molemo le tse matlafatsang. Leha ho le joalo, mali a seng makae a nama ea khomo a ’nile a jeoa ka baka la ’mala oa oona o hlahelletseng le tatso e khethollehileng.”—Journal of Food Science, Buka 55, Nomoro 2, 1990.
“Lihaha-’mele tsa mali tsa plasma li na le libōpeho tse molemo tse kang ho monyela, ho tsoakeha le ho se kopane le metsi ka tsela e phahameng . . . le ho sebelisoa ha tsona tabeng ea ho etsa lijo ho nang le melemo e meholo. Leha ho le joalo, ha ho na tsamaiso e sebetsang hantle bakeng sa ho tlosa litšobotsi tse sa rateheng tsa plasma, haholo-holo ka mor’a hore ho fumanoe tsela ea ho ntša metsi a mangata motsoakong o itseng Japane.”—Journal of Food Science, Buka 56, Nomoro 1, 1991.
Bakreste ba bang ka linako tse ling ba ’nile ba hlahloba mabitso a leng lijong tse phuthetsoeng, kaha mebuso e mengata e hloka hore metsoako ea tsona e thathamisoe. ’Me ba ka ’na ba khetha ho etsa joalo nako le nako nthong efe kapa efe eo ba nang le lebaka le utloahalang la ho lumela hore mohlomong e na le mali. Ho hlakile hore ho qoba lijo tseo ho tsona ho thathamisitsoeng lintho tse kang mali, plasma ea mali, plasma, sehaha-’mele sa globin (kapa globulin), kapa tšepe ea hemoglobin (kapa globin) e ka ba ntho ea bohlokoa. Boitsebiso ba ’marakeng bo tsoang k’hamphaning e ’ngoe ea Europe ea karolo ena bo ile ba hlokomela: “Boitsebiso bo amanang le tšebeliso ea globin joaloka motsoako bo lokela ho bontšoa sephutheloaneng sa lijo ka tsela eo moreki a ke keng a khelosoa tabeng ea lintho tse leng lijong kapa boleng ba tsona.”
Leha ho le joalo, joaloka tabeng ea ho hlahloba mabitso kapa ho etsa lipatlisiso ho beng ba lilakha, ho lekanyetsa lintho hantle hoa hlokahala. Ha ho bolele hore Mokreste ka mong lefatšeng ka bophara o tlameha ho ithuta mabitso le metsoako e leng lijong tsohle tse tšetsoeng ka har’a liphutheloana kapa o lokela ho botsa beng ba mabenkele a lijo lipotso tse fatisisang. Mokreste a ka ’na a qala ho ipotsa, ‘Na ho na le bopaki bo tiileng ba hore mali le lintho tse etsoang ka oona lia sebelisoa lijong tse tloaelehileng sebakeng see kapa naheng ee?’ Libakeng tse ngata karabelo ke che. Kahoo, Bakreste ba bangata ba entse qeto ea hore bona ka bobona ha ba na ho sebelisa nako e ngata le tlhokomelo bakeng sa menyetla e leng hōle. Motho ea sa ikutloeng ka tsela ena o lokela ho sebetsa litaba tumellanong le letsoalo la hae, ka ntle le ho ahlola ba bang ba ka ’nang ba etsa qeto e fapaneng le ea hae tabeng ena empa e le ka letsoalo le letle pel’a Molimo.—Ba-Roma 14:2-4, 12.
Esita le haeba lijo tse nang le mali li ka etsoa, e ka ’na eaba sena ha se etsoe libakeng tse ngata ka baka la litšenyehelo, molao, kapa mabaka a mang. Ka mohlala, Food Processing (September 1991) e ile ea hlokomela: “Bakeng sa baetsi ba lijo ba nang le mathata a itseng ka plasma ea nama ea khomo e tsoakiloeng e arotsoeng ho latela likarolo tsa eona eo e leng karolo ea 1 lekholong (e leng ka har’a sekoto sa nama e tsoakiloeng), motsoako o mong o kenya mokelikeli oa sehaha-’mele o sa hlapolloang bakeng sa eona ’me ho ka tiisoa hore o loketse.”
Ho hlokahala hore ho hatisoe hore molao, moetlo, kapa boikhethelo linaheng tse ngata ke hore mali a joalo ha a sebelisoe lijong tse ling. Haeba ho se na motheo o tiileng bakeng sa ho nahana hore boemo bo fapane sebakeng seo o leng ho sona kapa hore phetoho e khōlō e etsahetse haufinyane, Bakreste ba lokela ho itebela khahlanong le ho ferekanngoa ke ntho eo ba nang le pelaelo ea hore e ka etsahala kapa taba ea bo-ba-re. Leha ho le joalo, ha taba ea hore mali a sebelisoa haholo e le e tiileng kapa e ka ’nang ea etsahala—ho sa tsotellehe hore ke lijong kapa merianeng—re lokela ho ikemisetsa ho utloa molao oa Molimo oa ho tela mali.