Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/15 leq. 3
  • Ke Bo-mang ba Tsoetsoeng Hape?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang ba Tsoetsoeng Hape?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo le Kelello
  • Ke Bo-mang ba ‘Tsoetsoeng Hape’?
    Tsoha!—1988
  • Ho Tsoaloa Hape—Na ke Tsela ea ho Pholoha?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • O Ruta Nikodema
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/15 leq. 3

Ke Bo-mang ba Tsoetsoeng Hape?

NA BATHO bohle ba molemo ba ea leholimong? Batho ba bangata ba nahana joalo, empa Jesu Kreste ha a ka a lumela hoo. Ha Jesu a bua le ’musi oa Mojode Nikodema, ea ileng a tla ho eena ka lenyele bosiu, o itse: “Ha ho ea kileng a nyolohela leholimong.”—Johanne 3:13.

Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša Nikodema hore ho tla tla nako eo ka eona batho ba bang ba neng ba tla ba le monyetla oa ho kena ’Musong oa leholimo. Jesu o itse ka bona: ‘Motho ha a sa tsoaloe ka metsi le ka moea, o sitoa ho kena ’musong oa Molimo. Se tsoetsoeng ke nama, ke nama; ’me se tsoetsoeng ke moea, ke moea. Se makale, ha ke re ho uena: E ka khona le tsoaloe hape.’ Empa Nikodema o ile a botsa hore na ke joang motho a neng a ka tsoaloa hape.—Johanne 3:1-9.

Mohlomong le uena u botsa hore na Jesu o ne a bolela eng. Na mantsoe aa a ne a ka sebetsa liphihlelong tsa tšokoloho tseo ba bangata ba bolelang hore ba ba le tsona ha ba ikutloa ba tletse moea o halalelang oa Molimo?

Maikutlo le Kelello

Batho ba bang ba bolela hore ha ho lekanyetsoa hore na motho o tsoetsoe hape, seo e leng sa bohlokoa ke ho utloa matla a moea. Empa, lipelo tsa rōna le likelello li ka re khelosa, haholo-holo haeba re susumetsoa ke maikutlo a matla.—Jeremia 17:9.

William Sargant, mofuputsi oa liphello tsa maikutlo kelellong, o bua ka tlhokahalo ea “ho itebela khahlanong le litumelo tseo re li fumanang ha re le boemong boo ho bona maikutlo a rōna a tsositsoeng nakong eo e ka ’nang eaba boko ba rōna boa re thetsa.” Ho latela Sargant, mohlala o mong ke phello ea boboleli bo etsoang ka morero oa ho tsosolosa le litšoso tsa kahlolo ea mollo oa lihele. Ke mang ea neng a ke ke a rata ho tsoaloa hape e le hore a ka ea leholimong haeba phello e fapaneng le eo e le ho ea tlhokofatsong ea ka ho sa feleng? Sargant o bolela hore ka tlas’a khatello e joalo ea maikutlo, “matla a ho nahana a qheleloa ka thōko, ho emisoa tšebetso ea computer e tloaelehileng ea boko ka nakoana, ’me likhopolo tse ncha le litumelo li amoheloa ka ntle ho pelaelo.”—The Mind Possessed.

Kahoo, ke joang motho a ka tsebang haeba tumelo e itseng tabeng ena ea ho tsoaloa hape e ‘amohetsoe e sa ka ea hlahlojoa’? Tsela ea bohlale ba ’nete ke ea ho tataisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo moea o halalelang oa Molimo o entseng hore bangoli ba Bibele ba e tlalehe. Bakreste ba khothalletsoa ho rapela Molimo ‘ka matla a bona a ho nahana’ ’me ho hlokahala hore ba kholisehe hore seo ba se lumelang ke ’nete.—Ba-Roma 12:1, 2, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:21.

Ho tsoaloa hape ho bula e ’ngoe ea litokelo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse kileng tsa fuoa motho. E amana le mehato e tsoelang pele le e tsotehang mabapi le ho phethahala ha morero oa Molimo. Le hoja sena sohle e le ’nete, ho phahama lipotso tse kang tsena: Ke bo-mang ba tsoetsoeng hape? Sena se etsahala joang? Ke litebello life tse beiloeng ka pel’a batho ba joalo? ’Me na ke bona feela ba tla bolokeha?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Nikodema o ile a botsa hore na ke joang motho a neng a ka tsoaloa hape

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela