Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 12/1 leq. 31
  • Tokoloho ea Moea Colombia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tokoloho ea Moea Colombia
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Colombia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tokoloho—E Lakatseha Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tokoloho ea Bolumeli e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Tse Bōpiloeng Tsohle li Ntse li Feheloa”—Hobane’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 12/1 leq. 31

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Tokoloho ea Moea Colombia

HO TLOHA nakong ea bahlōli ba Maspanishe, K’hatholike e ’nile ea ba le matla a bolumeli a hatellang Amerika Boroa. Colombia, e ’nile ea ba bolumeli ba molao ba Naha ka nako e telele. Ka lilemo tse 105 tse fetileng, Vatican e ’nile ea ba le tumellano ea molao le ’muso oa Colombia e neng e sireletsa kereke ’me e e fa litokelo tse khethehileng litabeng tsa thuto le lenyalo.

Ka December 1990 batho ba Colombia ba ile ba khetha lekhotla bakeng sa ho ea rala molao oa motheo o mocha, ho ileng ha qetoa mahareng a 1991. Molao oa motheo o mocha o fetola boemo ba bolumeli Colombia. Bolumeli bohle joale bo na le litokelo tse lekanang molaong, ’me thuto ea bolumeli e ke ke ea qobelloa baneng likolong tsa sechaba. Tumellano e neng e le teng pakeng tsa Vatican e lokela ho ea hlahlojoa ho ntse ho hopotsoe liphetoho tsena tsa molao oa motheo.

Tokoloho ena e eketsehileng ea bolumeli e tla fokotsa tšusumetso ea Kereke e K’hatholike, e etse hore ho be bobebe hore ba pelo li tšepahalang ba fumane tsebo ea Bibele ’me ba fihlele tokoloho ea moea.

Ka tebello ea tokoloho ena ea moea, Lipaki tsa Jehova tse 51 000 naheng ena li ’nile tsa etsa litokisetso tsa ho hlokomela baphaphathehi moeeng. Moaho oa bona o mocha oa lekala hammoho le likarolo tse atolositsoeng, ho akareletsa le mochine oa ho hatisa o mathang ka lebelo le phahameng o hatisang ka ’mala, o se o le haufi le ho qetoa. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba rometsoe litoropong tse nyenyane ho ea batla linku tse lahlehileng tsa Jehova ’me ba finyeletse mosebetsi o moholo oa thuto ea Bibele. Litoropong tse 63, tseo ho nang le baahi ba 10 000 toropong ka ’ngoe, ho se ho thehiloe liphutheho le lihlopha tse ncha tse 47.

Ha moea oa Jehova o tsoela pele ho susumeletsa batho ba pelo li tšepahalang, bacha ba bangata le bona baa arabela. Tokollo Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e ipakile e le thuso ea bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa bakeng sa bao ba bacha esita le batsoali ba bona. Ha Paki e ’ngoe e ntse e ea ka ntlo le ntlo, e ile ea kopana le monna ea neng a ile a bala likarolo tsa buka ena, eo kopi ea eona a neng a ile a e alingoa ke moahelani. O ne a hloletsoe ke bohlale bo sebetsang boo e bo bontšang ha e tšohla mathata a lelapa. O ile a hlolloa ka ho khetheha ke Khaolo 4, “Ke Hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba Ile ba Arohana?” kaha eena le mosali oa hae ba ne ba le lintšing tsa ho arohana. O ile a re buka eo e ile ea mo pholosa kotsing e khōlō. Joale eena le lelapa la hae ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me ba ea libokeng tsohle tsa phutheho. Ba leboha haholo bohlale bo sebetsang boo Jehova a fanang ka bona ka Bibele le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.

Phihlelo ena e tšoantšetsa tokoloho ea moea e etsahalang Colombia ha Lipaki tsa Jehova li thusa ba lapileng moeeng ho ithuta ka merero e babatsehang ea Jehova le ka lefatše la hae le lecha, le haufi.—2 Petrose 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela