Bohlokoa ba Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash
KE JOANG u ka bolelang nako ea ho ngoloa ha buka e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea khale ea Seheberu ka nepo? Boo ke bothata boo Dr. John C. Trever a neng a talimane le bona ka 1948 ha a ne a bona Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia ka lekhetlo la pele. O ile a hlolloa ke mofuta oa litlhaku tsa Seheberu. O ne a tseba hore litlhaku tseo li tšoere senotlolo se lebisang selemong seo o ngotsoeng ka sona, empa o ne a ka li bapisa le eng? Ka ho loketseng, o ile a etsa qeto: Ke mongolo oa Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash feela. Hobane’ng? Buka ee e ngotsoeng ka letsoho ke eng, hona e tsoa hokae?
Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash se ne se e-na le likotoana tse ’nè feela tsa mela e 24 ea taba e ngotsoeng ea Seheberu, ’me ha se lekanngoa se ne se e-na le bolelele ba lisenthimithara tse 7,5 le bophara ba tse 12,5. Se ile sa rehelloa ka W. L. Nash, mongoli oa Society of Biblical Archaeology, ea ileng a se fumana ho morekisi eo e leng letsoalloa la Egepeta ka 1902. E ile ea phatlalatsoa ke S. A. Cooke selemong se latelang ho Proceedings ea mokhatlo oo ’me ea neheloa ho Cambridge University Library, ea Engelane, moo e ’nileng ea lula teng ho tla fihlela joale. Bohlokoa ba sekotoana sena sa sengoliloeng sa loli bo amana le nako eo se ngotsoeng ka eona. Litsebi li bolela hore se ngotsoe lekholong la pele kapa la bobeli B.C.E., e leng hore ke leqephe la pele la buka e ngotsoeng ka Seheberu le fumanoeng.
Ha Dr. Trever a bapisa slide sa ’mala sa Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash le moqolo o pel’a hae, o ile a shebisisa ka hloko libōpeho tsa litlhaku ka bomong. Ntle le pelaelo, li ne li tšoana haholo. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho bonahala ho mo makatsa hore buka e ngotsoeng ka letsoho e khōlō, e sa tsoa fumanoa ho ne ho ka etsahala hore ebe ke ea khale joaloka Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash. Leha ho le joalo, ka mor’a nako mokhoa oa hae oa ho beha mabaka o ile oa ipaka o nepahetse. Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia e ne e le oa lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.!
Seo Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash se se Fupereng
Tlhahlobo ea taba e ngotsoeng ea Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash e utolla hore kaofela ha mela ea eona e 24 ha ea fella, ho na le lentsoe kapa litlhaku tse haellang qalong le qetellong ea eona. E na le likarolo tsa Melao e Leshome ho tsoa ho Exoda khaolo 20, hammoho le litemana tse itseng ho tsoa ho Deuteronoma likhaolo 5 le 6. Kahoo ena e ne e se buka e ngotsoeng ka letsoho e tloaelehileng ea Bibele empa taba e ngotsoeng ka letsoho e tsoakiloeng e nang le morero o khethehileng. Ka ho hlakileng e ne e le karolo ea pokello ea melao ho hopotsa Mojode boikarabelo ba hae ho Molimo. Karolo e itseng ea mangolo e qalang ka Deuteronoma 6:4, e bitsoang Shema, e ile ea phethoa ka makhetlo a mangata. Temana eo ea baleha: “Utloa, Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”
Litlhaku tse ’nè tsa lebitso la Molimo tsa Seheberu, YHWH, “Jehova,” temaneng ena li bonahala habeli moleng oa ho qetela oa buka ena ea loli, ’me li hlaha libakeng tse ling tse hlano. Li boetse li bonahala hanngoe, ’me tlhaku ea tsona ea pele ha e eo.
Shema ka ho khetheha e ne e reretsoe ho hatisa “botho bo bong ba Molimo.” Ho latela Talmud ea Bajode (Berakoth 19a), lentsoe le qetellang, ʼE·chadhʹ (“’Ngoe”), “le ne le lokela ho hatisoa ka ho khetheha ka ho qapollisa senoko se seng le se seng.” (W. O. E. Oesterley le G. H. Box) Mabapi le Molimo, ʼE·chadhʹ ena e lelefalitsoeng e ne e boetse e tsebahatsa ho khetheha ha hae.
Kajeno, ho na le libuka tse ngata tse ngotsoeng ka nako e tšoanang le Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash, haholo-holo har’a meqolo e fumanoeng mahaheng a lebopong la Leoatle le Shoeleng haufi le Qumran. Tlhahlobo e akaretsang makolopetso ’ohle e tiisitse hore bongata ba libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho bo ngotsoe lekholong la pele kapa la bobeli B.C.E.a Le hoja e se e se eona buka ea pele-pele e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu e tsejoang, Sengoliloeng se Entsoeng ka Loli sa Nash e ntse e le se thahaselloang haholo. E ntse e le eona feela buka e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea Seheberu ea khale hakaalo e fumanoeng Egepeta.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]