Na Sejo Sena se Bolela ho Hong ho Uena?
KHOELI e tolokile e khantša lefatše ka khanya ea eona e seng bohale. Kamoreng e ka holimo ea sebaka sa bolulo Jerusalema ea boholo-holo, banna ba 12 ba bokane hammoho ba pota-potile tafole. Ba 11 ba mametse ka hloko ha Tichere ea bona e ba tsebisa ka ketsahalo ea bohlokoa haholo ea ba ea bua mantsoe a bohlokoa. Tlaleho e ’ngoe e re:
“Jesu [Kreste] a nka bohobe, ’me eitse hobane a boke, a bo ngoatha, a bo nea barutuoa ba hae, a re ho bona: Nkang, le je; hona ke [“ho bolela,” NW] ’mele oa ka. A nka le senoelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Noelang ho sona bohle; hobane hona ke [“ho bolela,” NW] mali a ka a selekane se secha, a tšolleloang ba bangata tšoarelong ea libe. Empa ke re ho lōna: Ho qala nakong eona ena, ha ke sa tla hlola ke e-noa se beoang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se noa le lōna se le secha, ’musong oa Ntate. Eitse hobane ba bine lithoko, ba ea thabeng ea mehloare.”—Mattheu 26:26-30.
Sena se ile sa etsahala ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 14 la khoeli ea Sejode ea Nisane selemong sa 33 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Jesu le baapostola ba hae ba ne ba sa tsoa keteka Paseka ka morero oa ho hopola ho lokolloa ha Iseraele botlamuoeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. Kreste o ne a lelekile Judase Iskariota, ea neng a le haufi le ho mo eka. Kahoo, ke Jesu feela le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba neng ba le teng.
Sejo sena sa mantsiboea e ne e se ho ntšetsa pele Paseka ea Sejode. E ne e le ntho e ’ngoe e ncha e ileng ea bitsoa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Mabapi le ketsahalo ena, Jesu o ile a laela balateli ba hae: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19, 20; 1 Ba-Korinthe 11:24-26) Ke hobane’ng ha a ile a bua joalo? ’Me ke joang ketsahalo ena ea lilemo tse makholo tse fetileng e ka bolelang ho hong ho uena?