Tlhokofatso ea ka ho sa Feleng—Ke Hobane’ng ha e le Thuto e Tšoenyang?
“Ke utloa hore le lelekile moruti oa lōna. Phoso e bile efe?”
“E, o ne a lula a re bolella hore kaofela re ea liheleng.”
“Moruti e mocha eena o re’ng?”
“Moruti e mocha le eena o re re ea liheleng.”
“Joale phapang e hokae?”
“Phapang ke hore ha moruti oa pele a ne a ho bua, o ne a utloahala eka o thabile ka hona; empa ha e mocha eena a bua, ekare ho utloisa maikutlo a hae bohloko.”
PALE ena e hlalositsoeng bukeng ea litšoantšo, e bontša ka tsela ea eona hore litichere tse ngata tsa Bibele, hammoho le batho ba eang kerekeng, ba kukuneloa ke thuto ea lihele. Ka kutloisiso e khōloanyane, e tiisa seo setsebi sa thuto ea bolumeli sa Canada Clark H. Pinnock se se hlokometseng: “Lihloohong tsohle tsa thuto ea bolumeli tse ’nileng tsa tšoenya letsoalo la batho ho theosa le makholo a lilemo, ke nahana hore ha ho tse kileng tsa baka matšoenyeho a mangata ho feta tlhaloso e amohetsoeng ea lihele e le kotlo ea ka ho sa feleng ’meleng le sephefumolohing ea motho ea ikutloang.”
Qaka ea Boitšoaro bo Nepahetseng
Ka hona, ke hobane’ng ha ba bangata ba tšoenngoa ke litšoantšo tsa sebōpi se bontšoang ke Bokreste-’mōtoana? (Bona lebokose.) Moprofesa Pinnock oa hlalosa: “Khopolo ea hore sebōpuoa se phelang se lokela ho hlokofatsoa ’meleng le kelellong ka ho sa feleng ke e tšoenyang haholo, ’me monahano oa hore sena se etsoa ho bona ka taelo ea Molimo o belaetsa kholiseho ea ka ka lerato la Molimo.”
E, thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng e baka bothata ba boitšoaro bo nepahetseng. Ka mohlala, Bakreste ba tšepahalang ba nahana ka potso e botsitsoeng ke setsebi sa thuto ea bolumeli sa K’hatholike Hans Küng: “Na Molimo ea lerato . . . a ka sheba ka ho sa feleng tlhokofatso ena e sa feleng, e se nang tšepo, e se nang kutloelo-bohloko, e se nang lerato, e sehlōhō ea ’mele le kelello ea libōpuoa tsa hae?” Küng o tsoela pele: “Na ke motho ea kolotoang ea se nang kutloelo-bohloko hakaalo? . . . Re ne re ka nahana’ng ka motho ea khotsofatsang takatso ea hae ea boiphetetso a sa fetohe ebile a sa khotsofale?”a Ka sebele, ke joang Molimo ea re bolellang ka Bibeleng hore re lokela ho rata lira tsa rōna a ka lakatsang ho hlokofatsa lira tsa hae ka ho sa feleng? (1 Johanne 4:8-10) Hase ho makatsang hore batho ba bang ba etsa qeto ea hore ho hang lihele ha li lumellane le botho ba Molimo, hore thuto ena ha e utloahale boitšoarong bo nepahetseng.
Balumeli ba bang ba bangata ba leka ho kokobetsa matsoalo a bona ka ho qoba lipotso tsena. Leha ho le joalo, ho hlokomoloha lipotso tsena ha ho etse hore lintho tsena tse tsietsang li nyamele. Kahoo a re tobeng taba. Ke qaka efe ea boitšoaro bo nepahetseng e tsamaisanang le thuto ena? Ho Criswell Theological Review, Moprofesa Pinnock oa ngola: “Tlhokofatso ea ka ho sa feleng e ke ke ea mamelloa ho ea ka pono ea boitšoaro bo nepahetseng hobane e hlahisa Molimo e le sebata se nyoretsoeng mali se bolokang kampo ea mahloriso ea Auschwitz bakeng sa ba hlokofatsoang bao a sa ba lumelleng le hore ba shoe.” Oa botsa: “Ke joang motho ea nang le kutloelo-bohloko a ka lulang a sa tšoenyeha ha a nahana ka monahano o joalo [thuto ea neano ea lihele]? . . . Ke joang Bakreste ba ka etsisang molimo ea sehlōhō hakaalo le ea tletseng boiphetetso?”
A bontša tšusumetso e mpe eo thuto ena e ka ’nang eaba e bile le eona boitšoarong ba batho, Pinnock oa hlalosa: “Hape kea ipotsa hore ke masisa-pelo a maholo hakaakang a entsoeng ke ba lumetseng ho Molimo ea hlokofatsang lira tsa hae?” Oa phetha: “Na ena hase khopolo e tšoenyang e hlokang ho nahanisisoa hape?” E, haeba ho thoe Molimo o sehlōhō joalo, ha ho makatse hore batho ba kenang kereke ba amehang maikutlo kapele ba hlahloba mollo oa lihele bocha. ’Me ba bona eng? Bothata bo bong bo tobanang le monahano oa tlhokofatso ea ka ho sa feleng.
Lihele le Toka
Ba bangata ba nahanang ka thuto ea neano ea lihele ba fumana hore e bonahala e bontša Molimo joaloka ea se nang toka, kahoo e belaetsa boikutlo ba bona ba tlhaho ba toka. Ka tsela efe?
Karabo e ’ngoe u e fumana ka ho bapisa thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng le tekanyetso ea toka e fanoeng ke Molimo: “Leihlo ka leihlo, leino ka leino.” (Exoda 21:24) Nka hore re sebelisa molao oa Molimo oo a o fileng Baiseraele ba boholo-holo thutong ea mollo oa lihele, molao oa tefetso e lekanang. Ke qeto efe eo mohlomong u ka e finyellang? Ea hore ke feela baetsalibe ba bakileng tlhokofatso ea ka ho sa feleng ba tšoaneloang ke tlhokofatso e lekanang ea ka ho sa feleng—tlhokofatso ea ka ho sa feleng bakeng sa tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Empa kaha batho (ho sa tsotellehe hore ba babe hakae) ba ka baka tlhokofatso e lekanyelitsoeng feela, ho ba ahlolela tlhokofatso ea ka ho sa feleng ho baka ho se leka-lekane pakeng tsa tlōlo ea bona ea molao le kahlolo ea ka ho sa feleng ea mollo oa lihele.
Ka mantsoe a bonolo, kotlo e ne e tla ba boima haholo. E ne e tla feta hore “leihlo le phetetsoe ka leihlo, leino ka leino.” Ha u nahana hore lithuto tsa Jesu li ile tsa fokotsa khopolo ea ho iphetetsa, u ka ’na ua lumela hore Bakreste ba ’nete ba ka bona toka ka thata tlhokofatsong ea ka ho sa feleng.—Mattheu 5:38, 39; Ba-Roma 12:17.
Ho Lokafatsa Thuto Ena
Leha ho le joalo, balumeli ba bangata ba leka ho lokafatsa thuto ena. Joang? Mongoli oa Brithani Clive S. Lewis o buella basireletsi ba bangata ba thuto ena bukeng ea hae The Problem of Pain: “Ha ho thuto e ’ngoe eo ke neng nka rata ho e tlosa Bokresteng ho feta ena, haeba ho ne ho le matleng a ka. Empa e na le tšehetso e feletseng ea Mangolo haholo-holo le ea mantsoe a Morena oa Rōna.” Ka hona, batšehetsi baa lumela hore tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea tšosa, empa ka nako e tšoanang, ba nahana hore thuto eo ke tlamo hobane ba ikutloa hore e rutoa ke Bibele. Setsebi sa thuto ea bolumeli Pinnock sea hlokomela: “Ka ho lumela ho se ratehe ha eona, ba tšepa ho paka ho tšepahala ha bona ho sa fetoheng Bibeleng le bonatla bo itseng ho lumeleng ha bona ’nete eo e tšabehang hobane feela mangolo a e ruta. Ba etsa ho bonahale eka ho se fose ha Bibele ho kotsing. Empa na kannete ho joalo?”
Le uena mohlomong u ka ipotsa hore na ho tšepahala Bibeleng ho u siea u se na khetho haese ho amohela thuto ena kapa che. Ha e le hantle Bibele e re’ng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Eternal Life?—Life After Death as a Medical, Philosophical, and Theological Problem, leqephe 136.
[Lebokose le leqepheng la 5]
LITLHALOSO TSE THARO TSE TŠOANANG
Boipolelo ba Tumelo ba Westminster, bo ileng ba amoheloa ke Maprostanta a mangata, ho bolela hore ba sa eeng leholimong “ba tla lahleloa tlhokofatsong ea ka ho sa feleng, ’me ba otloe ka timetso ea ka ho sa feleng.” The Encyclopedia of Religion ea hlalosa: “Bokresteng ba Roma e K’hatholike, lihele li talingoa e le boemo ba kotlo e sa feleng . . . bo khetholloang . . . ka ho utloa bohloko ka mollo le litlhokofatso tse ling.” Encyclopedia ena e eketsa hore “Bokreste ba Orthodox ea Bochabela” bo na le “thuto ea hore lihele ke sebaka sa mollo oa ka ho sa feleng le kotlo e letetseng ba ahlotsoeng.”—Moqolo 6, maqephe 238-9.