Tumelo e Teng Hohle
“Ke ne ke ee ke phofe bosiu ke cha liheleng! Ke lora ke akheloa ka mollong ebe ke tsoha ke hoelelitse. Bonneteng ke ne ke leka ka matla hore ke se ke ka etsa sebe.”—Arline.
NA U lumela hore lihele ke sebaka seo baetsalibe ba hlokofatsoang ho sona? Batho ba bangata ba lumela seo. Ka mohlala, ka 2005 seithuti se seng Univesithing ea St. Andrews e Scotland, se ile sa fumana hore moruti a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba Scotland o ne a lumela hore batho ba hōle le Molimo ba tla “hlokofatsoa ka ho sa feleng maikutlong ba le liheleng.” A le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano o ne a lumela hore ba liheleng ba hlokofatsoa ’meleng.
Linaheng tse ngata, batho ba bangata ba lumela hore lihele li teng. Ka mohlala, ka 2007 ho ile ha etsoa phuputso e reheletsoeng ka Gallup, United States, eo ho eona ho ileng ha fumanoa hore batho ba ka etsang liphesente tse 70 tsa bao ho buuoeng le bona ba lumela hore lihele li teng. Esita le linaheng tseo boholo ba batho e seng balumeli, ho sa ntse ho e-na le ba lumelang hore lihele li teng. Ka 2004, phuputsong e reheletsoeng ka Gallup, ho ile ha fumanoa hore Canada, batho ba etsang liphesente tse 42 ba lumela hore lihele li teng. Great Britain teng batho ba etsang liphesente tse 32 ba ne ba kholisehile hore lihele li teng.
Seo Baruti ba se Rutang
Baruti ba bangata ba khaolitse ho ruta hore lihele ke sebaka seo batho ba hlokofatsoang ka mollo ho sona. Ho e-na le hoo, ba tšehetsa tlhaloso e tšoanang le e ngotsoeng ho Catechism of the Catholic Church, e hatisitsoeng ka 1994. Buka eo e re: “Kotlo e ka sehloohong ea lihele ke ho ba hōle le Molimo ka ho sa feleng.”
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba lumela hore lihele ke sebaka seo ho sona motho a hlokofatsoang maikutlong kapa ’meleng. Ba buellang thuto ena ba bolela hore e thehiloe Bibeleng. R. Albert Mohler, mopresidente oa Southern Baptist Theological Seminary, o re: “Ha e le hantle, ena ke ’nete e hlahang ka Mangolong.”
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?
Haeba lihele ehlile ke sebaka sa tlhokofatso, ka sebele u lokela ho li tšaba. Leha ho le joalo, haeba thuto ena hase ’nete, baeta-pele ba bolumeli ba e rutang ba ferekanya batho ebile ba tšosa ba ba kholoang. Ba boetse ba senya Molimo lebitso.
Lentsoe la Molimo Bibele le re’ng ka taba ee? Lihloohong tse latelang ho tla sebelisoa Bibele ea Mak’hatholike le ea Maprostanta ho arabela lipotso tsena tse tharo: (1) Ha e le hantle ke’ng se etsahalang ha motho a e-shoa? (2) Jesu o ile a ruta eng ka lihele? (3) Ho ithuta ’nete ka lihele ho ka u ama joang?