Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/15 maq. 23-26
  • Ho Atleha Toantšanong le Bokhoba ba Tahi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atleha Toantšanong le Bokhoba ba Tahi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Itlhahloba ka Botšepehi
  • Fumana Thuso
  • Theha Kamano le Molimo
  • “Matla a Fetang a Tloaelehileng”
  • Mokhoa oa Tšehetso
  • Ke Boikarabelo ba Hao ho Hlaphoheloa
  • Lelapa le ka Thusa Joang?
    Tsoha!—1992
  • Ke Joang Nka Khaotsang ho Noa?
    Tsoha!—1993
  • U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Itokolla Tšebelisong e Mpe ea Joala
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/15 maq. 23-26

Ho Atleha Toantšanong le Bokhoba ba Tahi

“Nakong ea mosebetsi, hoo e ka bang ka hora ea leshome hoseng, ke ne ke qalella ho nahana ka ho noa. Ka hora ea bo12 ke ne ke tsoa ho ea noa botlolo e le ’ngoe kapa tse peli. Ka hora ea boraro ke ne ke qala ho thothomela. Ke ne ke laba-labela hore nako ea ho emisa mosebetsing e fihle e le hore ke il’o noa hape. Hangata ke ne ke noa haholo ha ke ea lapeng. Hoo e ka bang ka hora ea bosupa ke ne ke ba le takatso e matla ea ho noa hape. Ke ne ke noa, ke oe setulong ke akhehe, ke ntšetse metsi borikhoeng ’me ke robale morotong oa ka moo ho fihlela hoseng. Nka ketsahalo ena ’me u e atise ka matsatsi a 7 a beke; ’me u atise eo ka libeke tse 52 tsa selemo; ebe u atisa eo ka lilemo tse 29.”

MONNA enoa ke lekhoba la tahi. Ha a mong. Ba limillione lefatšeng ka bophara ba loantšana le boemo bona bo kotsi hoo, ho ea ka Dr. Vernon E. Johnson bo “amang motho ka botlalo: ’meleng, kelellong, boitšoarong, le moeeng.”a

Litsebi tse ngata li bolela hore bokhoba ba tahi bo ke ke ba phekoloa empa hore bo ka khaotsoa ka lenaneo la ho itima tahi nakong ea bophelo ba motho. Ena hase tlhokahalo e se nang kelello, hobane tahi ha e bohlokoa haholo bophelong. Bonneteng, tšebeliso e mpe ea tahi e tlisa ho se amoheloe ke Molimo. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Ho molemo ho kena lefatšeng le lecha la Molimo u itimme tahi ho feta ho inehela takatsong ea eona le ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng.—Mattheu 5:29, 30.

Ho khaohana—le ho lulella thōko—le tšebeliso e mpe ea tahi hangata ke phephetso e ferekanyang. (Bapisa le Ba-Roma 7:21-24.) Ke eng se ka thusang? E re re fane ka keletso e tobileng. Esita le haeba u sa noe lino tse nang le tahi ho hang, keletso ena e tla ba e fanang ka boitsebiso ’me e ka ’na ea u nolofaletsa ho thusa motsoalle ea itseng kapa mong ka uena ea ntseng a loantšana le bokhoba ba tahi.

Ho Itlhahloba ka Botšepehi

E ’ngoe ea litšitiso tse khōlōhali tsa ho hlōla bothata bona ke ho latola ’nete ea hore u lekhoba la tahi. Ho latola ho joalo ke mokhoa o mong oa ho se tšepahale. Ke ho ikemela ka mabaka ka morero: ho sireletsa tokoloho ea hao ea ho noa. Mohlomong u beha lebaka tjena, ‘Ha ke mobe hakaalo! Ke ntse ke na le lelapa la ka. Ke ntse ke sebetsa.’ Hoa bohlokoahali u ntse u e-na le tahi ea hao.

Ho latola ho joalo ho ka ’na ha u sitisa ho mamela metsoalle e batlang ho u thusa. Robert o ile a hlokomela hore ntate oa bobeli oa mosali oa hae o ne a na le mekhoa e mebe ea ho noa le boitšoaro bo bobe. Robert o re: “Ka mor’a matsatsi a ’maloa, ke ile ka mo atamela, ke ’motsa hore na ebe o ikutloa hore ho noa ha hae ho tlatselitse boitšoarong ba hae.” Phello? “Ke ile ka thulana le ho itatola ka ho feletseng, ka lipolelo tse kang, ‘Ha u na bopaki’ le, ‘Ha u tsebe kamoo ke ikutloang ka teng.’”

Haeba u atameloa ke setho sa lelapa kapa motsoalle ea amehileng ka ho noa ha hao, itlhahlobe, ’me u ichebe ka botšepehi. (Liproverbia 8:33) Na u ka phela ntle le tahi beke kaofela, khoeli eohle, kapa ka likhoeli tse ’maloa? Haeba u hlōleha, lebaka ke lefe? Se ke ua tšoana le motho ea ithetsang ka mabaka a bohata. Jakobo o re: “O joalo ka motho ea iponang seiponeng tšobotsi eo a tsoetsoeng ka eona. Ere hobane a ipone, o ee a tlohe, a lebale hang hore ke motho ea joang.”—Jakobo 1:22-25.

Esita le ka mor’a ho qala ho hlaphoheloa, u ntse u tla tlameha hore u hlokomele ho latola. Buka Willpower’s Not Enough ea hlalosa: “Motho ea sa tsoa khaotsa ho noa lino tse tahang ka phoso a ka ’na a lumela hore kaha o khonne ho khaotsa ho noa ka nako e khutšoanyane—mohlomong ka lekhetlo la pele a khaolitse ho se hokae—joale o folile.” Ona ke monahano oa motho eo e leng lekhoba la tahi, ’me ke mohato oa pele oa ho khutlela bokhobeng ba tahi. Haeba u hlile u batla ho hanela boitatolo bo joalo, ha ua lokela ho leka ho loantša bokhoba ba tahi ntle le thuso ea ba bang.

Fumana Thuso

A hlokomela hore a ke ke a loantša bokhoba ba tahi a le mong, monna eo re tla ’mitsa Leo o ile a batla thuso ho litsebi. Ka mor’a nako ea phekolo e matla, o ne a le mocheng oa ho hlaphoheloa. Leo o ikutloa hore bohlokoa ba thuso ea litsebi bo hloka ho eloa hloko ka ho khethehileng.b Haeba thuso e joalo e fumaneha moo u lulang, mohlomong u ka etsa qeto ea ho e fumana.

Leha ho le joalo, u tlameha ho hlokomela hore ho na le ho eketsehileng tabeng ea ho hlaphoheloa ho feta ho tlohela ho noa feela. Ho na le liketso tse tebileng tse susumetsang bokhoba ba tahi tseo ho hlokahalang hore u tobane le tsona. Ho li hlokomoloha ho ka ba kotsi. Dr. Charlotte Davis Kasl oa ngola: “Ke ile ka buisana le batho ba ileng ba phekoloa ka makhetlo a leshome le metso e mene ka lebaka la tšebeliso e mpe ea lintho tse lemalloang kahobane mathata a sehlooho a tšebeliso e mpe, a temallo ea lithethefatsi, le a ho se tsotelle a ne a sa tšohloa.”

Dennis o ile a lumela. Oa ngola: “Ke ne ke le lekhoba la tahi le hlaphohetsoeng le ntseng le na le mathata a mangata. Ho ne ho sa lekana ho khaotsa ho noa. Ke ile ka tlameha ho hetla morao nakong e fetileng, ho hlahloba lithuto tsa bongoaneng ba ka, ho utloisisa kamoo li neng li nkama ka teng, le ho etsa liphetoho tse itseng boitšoarong ba ka.”

Ka ho tšoanang, Leo o ile a tlameha ho itlhahloba botebong e le hore a ka tsoela pele a hlaphoheloa. O re: “Ke ne ke le mōna haholo, ’me ke le motho ea mabifi. Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke se na seriti sa botho ha ka nako e ’ngoe ke ne ke thetseha ke ho ikutloa eka kea hlompheha.” Leo o ile a sebelisa keletso ea Bibele e ho Ba-Efese 4:22: “Le hlobole, kamoo metsamao ea lōna ea pele e neng e le kateng, motho oa khale.” E, ‘metsamao ea hao ea pele’ e susumelitse botho ba hao haholo. Joalokaha letsopa le latela foromo eo le tšeloang ho eona, ka hona botho ba hao ka karolo e ’ngoe bo entsoe ho latela tsela ea hao ea pele. Ha motsamao oa pele o tlosoa, ho sala’ng? Ho sala botho boo mohlomong bo foromiloeng nakong ea lilemo tse ngata tse fetileng. Ka hona, ho hlaphoheloa ho tlameha ho akareletsa ho fetola botho ba khale bo latelang metsamao ea hao ea pele.

Theha Kamano le Molimo

Ho hlaphoheloa ha Leo hape ho ne ho akareletsa ho hōlisa kamano ea botho le Molimo. O re: “Ho ithuta ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng ho ile ha fetola boikutlo ba ka, boitšoaro, le pono.”

Leha ho le joalo, temoso e loketse. Kamano leha e le efe—le batho kapa le Molimo—e hloka bonnete, botšepehi, le tšepo. Tsena ke litšoaneleho tseo bokhoba ba tahi bo li felisang. Li ka hlaoleloa, empa ho nka nako.

Joaloka lekhoba la tahi, mohlomong ha u tsebe le hore na kamano e haufi-ufi ke ntho e joang. Mohlomong le ka mohla ha u e-s’o be le kamano e joalo. Ka hona e-ba le mamello. Se ke ua potlakisa mohato ona, u lebeletse hore kamano le Molimo e tla hlahisoa ke ha u khaotsa ho noa tahi. Etsa boiteko bo boholo ba ho utloisisa Molimo le litšoaneleho tsa hae. Thuisa ka mehla, mohlomong ka ho bala lipesaleme tsa Bibele ka hloko tse hlalosang boikutlo bo tebileng, le ba kananelo ka Jehova le litsela tsa hae.c

“Matla a Fetang a Tloaelehileng”

Kamano e tšepahalang, le e tiileng le Molimo e ka ba le tšusumetso e matla ho uena. Jehova o tla tšehetsa boiteko ba hao ba ho hlaphoheloa. (Bapisa le Pesaleme ea 51:10-12; 145:14.) U ka ’na ua mo atamela ka thapelo e tiileng neng kapa neng, u kholisehile hore o tla u fa “matla a fetang a tloaelehileng.”—2 Ba-Korinthe 4:7, NW; Ba-Filippi 4:6, 7.

’Mōpi o tseba ho bōptjoa ha hao hamolemo ho feta motho leha e le ofe. (Pesaleme ea 103:14) Baeletsi ba batho ba itšetlehileng ka bohlale ba botho, ba ka thusa; empa ’Mōpi oa motho a ka u thusa haholo hakaakang ntoeng ee! (Esaia 41:10; 48:17, 18) O fane ka tšehetso e lerato ka hare ho phutheho ea Bokreste.

Mokhoa oa Tšehetso

Baholo ba hōlileng moeeng ka phuthehong ea Bokreste e ka ba mohloli o moholo oa thuso. Ke ba fokolang ba bona ba tla bolela hore ba na le tsebo lefapheng la meriana kapa la mafu a kelello, empa ba tseba Lentsoe la Molimo le melao-motheo ea lona ebile baa le tšepa. Ba ka ipaka ho ba “joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:2) Sebelisa hamolemo thuso ea bona.d

Ho hlakile hore baholo ba joalo ba Bakreste, hammoho le litho tse ling tsa lelapa le metsoalle, ba ke ke ba u sireletsa liphellong tsa liketso tsa hao. Khatiso Coming Off Drink ea hlalosa: “Tšobotsi ea bohlokoahali phekolong ea makhoba a tahi ke ho tobana sefahla-mahlo le makhoba a tahi ka liphello tse senyang tsa ho lemalla tahi le ho etsa hore ba jare boikarabelo bakeng sa boitšoaro ba bona.” Ka hona ba tla ba mosa empa ba toba taba, ba u khothatsa hore u tobane le boemo ba sebele le ho tšoarella ka tieo phekolong le tseleng ea boitšoaro leha e le efe e hlokahalang hore u hlōle ntoa ea hao khahlanong le tahi.

Ke Boikarabelo ba Hao ho Hlaphoheloa

Ha u ntse u fumana molemo tšehetsong ea ba bang, ho hlokahala u tsebe hore ha ho na motho kapa moea o ka u qobellang hore u hlaphoheloe. U na le bolokolohi ba ho khetha tsela ea ho etsa lintho. Habohlokoahali ke boikarabelo ba hao hore u hlaphoheloe. (Bapisa le Genese 4:7; Deuteronoma 30:19, 20; Ba-Filippi 2:12.) Amohela boikarabelo boo, ’me Jehova o tla u hlohonolofatsa. Rea tiisetsoa ho 1 Ba-Korinthe 10:13: “Ha le e-so ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” Ka hona, tšeliseha—u ka atleha toantšanong le bokhoba ba tahi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja re tla bua ka lekhoba la tahi e le motho oa monna, melao-motheo e mona e sebetsa ka ho tšoanang ho lekhoba la tahi la mosali.

b Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo, lipetlele, le mananeo a mang a ka fanang ka thuso bakeng sa ho hlaphoheloa. Molula-Qhooa ha o buelle phekolo leha e le efe e khethehileng. Kelo-hloko e lokela ho sebelisoa e le hore motho a se ke a ameha liketsong tse ka sekisetsang melao-motheo ea Mangolo. Leha ho le joalo, qetellong, motho ka mong o tla lokela ho etsa qeto mabapi le hore na ke phekolo ea mofuta ofe e hlokahalang.

c Mehlala e meng ke Pesaleme ea 8, 9, 18, 19, 24, 51, 55, 63, 66, 73, 77, 84, 86, 90, 103, 130, 135, 139, 145.

d Tataiso e thusang bakeng sa baholo e fumaneha ho Molula-Qhooa oa May 1, 1983, maqephe 8-11.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Mohlomong u utloisoa bohloko ke tlotlollo le bomalimabe bo hlahisoang ke bokhoba ba tahi. Haeba ho joalo, se ke ua felloa ke tšepo. Thuso e-ea fumaneha.

[Lebokose le leqepheng la 26]

HAEBA HO ETSAHALA HORE U KHUTLELE TAHING

“Ho lula u itokiselitse hore ho ka etsahala hore u khutlele tahing ho tšoana le ho etsa mananeo a ho tsoa moahong ka morero oa ho itokisetsa haeba moaho o ka cha. Ha ho bolele hore u lebeletse mollo empa hore u itokiselitse ho nka khato e bontšang boikarabelo haeba ho etsahala hore o be teng,” ho bolela buka Willpower’s Not Enough. Haeba u khutlela tahing:

□ Rapela Jehova. Kholiseha hore o utloisisa bothata ba hao ’me o batla ho u thusa.—Pesaleme ea 103:14; Esaia 41:10.

□ Bolella moholo oa Mokreste, ha u se u entse qeto esale pele ea hore na ke mang eo u tla ikopanya le eena haeba bothata bo e-ba teng. Bua ’nete ka se etsahetseng, ’me u mamele ka hloko keletso ea hae ea Mangolo.

□ Itebele khahlanong le ho felloa ke tšepo. Ho itenehela ho tla u susumeletsa haholoanyane ho khutleleng ka ho feletseng tahing, ka hona e-ba le pono e loketseng ka phoso ea hao. Ho hlōloa ke mothati o le mong feela oa ntoa ha ho bolele hore u se u hlōtsoe ke ntoa. Ha semathi sa lebelo la mokoka se oa, hase khutlele morao ho ea qalong; sea phahama ’me se tsoele pele peisong. Etsa se tšoanang ka ho hlaphoheloa ha hao. U ntse u le tseleng. Tlaleho ea hao ea libeke, likhoeli, kapa lilemo tse fetileng tseo u ileng ua khaotsa ho sebelisa tahi e ntse e le teng.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Hanela boitatolo ka ho itlhahloba ka tieo, le ka botšepehi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela