Lelapa le ka Thusa Joang?
“Qalong motho o noa seno, ebe o lakatsa ho noa se seng, ’me qetellong seno se laola motho.”—Maele a Bochabela.
UTSAMAEA lintšing tsa sebaka se tebe-tebe. Ka tšohanyetso, sebaka seo u tsamaeang ho sona sea khephoha. Ka metsotsoana e seng mekae feela u se u tetebetse ka har’a qhafutso ea lehlabathe. Ha u ntse u leka ka matla hore u tsoe, u ntse u tetebela tlaase-tlaase.
Bokhoba ba tahi bo metsa lelapa kaofela ka tsela e tšoanang. Molekane ea itšetlehileng ka e mong o leka ka matla hore a fetole molekane eo e leng lekhoba la tahi. Ka baka la ho susumelletsoa ke lerato, oa mo tšosa, empa o tsoela pele ho noa. O pata joala ba hae, empa o reka bo eketsehileng. O pata chelete ea hae, empa o alima chelete ho motsoalle. O mo phehella hore a rate lelapa, bophelo, esita le Molimo—empa ha a atlehe. Ha a ntse a leka ka matla, lelapa kaofela le tetebela tlaase-tlaase bokhobeng ba tahi. Ho thusa lekhoba lena la tahi, litho tsa lelapa li tlameha hore pele li utloisise seo bokhoba ba tahi bo leng sona. Ho hlokahala hore li tsebe hore na ke hobane’ng ha ho totobetse hore “litharollo” tse ling li tla hlōleha, le hore li tlameha ho ithuta hore na ke mekhoa efe e hlileng e ka sebetsang.
Ho lemalla tahi ke ntho e fetang ho tahoa feela. Ke ho lemalla ho noa ka mokhoa o sa tloaelehang ho khetholloang ka ho thahasella joala ka ho felletseng le ho se khone ho itšoara tabeng ea ho bo noa. Le hoja litsebi tse ngata li lumela hore bo ke ke ba phekoloa, bokhoba ba tahi bo ka felisoa ka lenaneo la bophelo bo botle la ho tela tahi.—Bapisa le Mattheu 5:29.
Maemong a mang boemo bona bo ka ’na ba bapisoa le ba motho ea nang le lefu la tsoekere. Le hoja a ke ke a fetola boemo ba hae, motho ea nang le lefu la tsoekere a ka sebelisana ’moho le ’mele oa hae ka ho tela tsoekere. Ka ho tšoanang, motho ea lemalletseng tahi a ke ke a fetola tsela eo ’mele oa hae o arabelang ka teng linong, empa a ka sebetsa tumellanong le bothata ba hae ka ho tela joala ka ho felletseng.
Leha ho le joalo, ho etsa sena ho thata ho feta ho bua ka sona. Lekhoba la tahi le foufatsoa ke ho iphapanyetsa ’nete. ‘Ha ke hlile ha ke mobe hakaalo.’ ‘Lelapa la ka le ntšusumelletsa ho noa.’ ‘Ke mang ea neng a ke ke a noa ha a na le mookameli ea tšoanang le oa ka?’ Mabaka a hae ke a kholisang hoo lelapa lohle le ka ’nang la kopanela le eena leanong lena la ho iphapanyetsa ’nete. ‘Ho hlokahala hore ntate oa hao a phomole mantsiboea.’ ‘Ntate o batla ho noa. O mamella lipelaelo tsa ’Mè tse ngata haholo.’ Ba ke ke ba senola lekunutu la lelapa ka tlas’a maemo afe le afe: Ntate ke lekhoba la tahi. Dr. Susan Forward oa hlalosa: “Ke eona feela tsela eo ba ka phelisanang ka khotso ka eona. Mashano, ho itokafatsa le makunutu ke lintho tse tloaelehileng joaloka moea malapeng ana.”
Litho tsa lelapa li ke ke tsa ntša lekhoba la tahi ka har’a qhafutso ena ho fihlela li intša ka har’a eona pele. Ba bang ba ka ’na ba hanyetsa, ‘Ke lekhoba la tahi le hlokang thuso, eseng ’na!’ Empa nahana: Boikutlo ba hao le liketso tsa hao li amana haufinyane hakae le tsa boitšoaro ba lekhoba la tahi? Ke hangata hakae liketso tsa lona li eeng li etse hore u ikutloe u halefile, u tšoenyehile, u ferekane, u tšaba? Ke ka makhetlo a makae u lulang hae u hlokomela lekhoba la tahi ha u lokela hore ebe u etsa mosebetsi o mong oa bohlokoa? Ha litho tsa lelapa tseo e seng makhoba a tahi li nka mehato ea ho ntlafatsa bophelo ba tsona, lekhoba la tahi le ka ’na la latela.
U se ke oa amohela molato ona. Lekhoba la tahi le ka ’na la re: ‘Haeba le ne le sebelisana le ’na hamolemo, ke ne nke ke ka tlameha ho noa.’ Moeletsi Toby Rice Drews o re: “Lekhoba la tahi le batla hore le ’ne le lumele sena e le hore le ka beha boikarabelo ba ho noa ha lona holim’a lōna.” Le se ke la lumela khopolo ena. Lekhoba la tahi ha lea itšetleha ka tahi feela empa hape le itšetlehile ka batho ba lumelang leano la lona la ho iphapanyetsa ’nete. Kahoo litho tsa lelapa li ka ’na tsa ntšetsa pele ho noa ha lekhoba la tahi li sa ikemisetsa.
Maele a Bibele a buang ka ho fela pelo a ka sebetsa ka ho tšoanang ho lekhoba la tahi: “A ke a jare liphello. Haeba u mo ntša matšoenyehong hanngoe, u tla tlameha ho etsa seo hape.” (Liproverbia 19:19, Today’s English Version) E, tlohela lekhoba la tahi hore le letsetse mookameli oa lona le mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha le sa khone ho tla mosebetsing, le ritsetse betheng, le hloekise moo le hlatselitseng teng. Haeba lelapa le le etsetsa lintho tsena, le le thusa feela hore le ipolaee ka ho noa.
Fumana thuso. Ho thata ’me mohlomong ha ho bile ha ho khonehe hore setho sa lelapa se tsoe ka har’a qhafutso ena ea lehlabathe se le seng. U hloka tšehetso. Tšepa metsoalle e sa tl’o tšehetsa leano la lekhoba la tahi la ho iphapanyetsa ’nete kapa hona ho u tlohela hore u qaoe moo u leng teng.
Haeba lekhoba la tahi le lumela hore le thusoe, sena se ka tlisa nyakallo e khōlō. Empa ke qalo feela ea tšebetso ea ho hlaphoheloa. Ho itšetleha ha ’mele ka joala ho ka felisoa ka matsatsi a seng makae ka ho ntša tahi ’meleng. Empa ho itšetleha ka tahi ho leng kelellong ho thata haholoanyane hore ho ka hlōloa.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Matšoao a Khethollang Makhoba a Tahi
Seo Motho a se Thahasellang: Lekhoba la tahi le hloloheloa nako ea ho noa. Ha le sa noe joala, le nahana ka joala.
Ho Hloka Boitšoaro: Hangata ho noa ha lona ho khahlanong le seo le rerang ho se etsa, ho sa tsotellehe hore na boikemisetso ba lona ke bo tiileng hakae.
Ho se Tenyetsehe: Melao eo le ipeetseng eona (“Ha ke s’o noe ke le mong,” “le ka mohla ha ke s’o noe nakong ea mosebetsi,” le e meng) ke feela ho ikhakanya ho etsoang bakeng sa molao oa sebele oa makhoba a tahi: “Ha ke lumelle ntho efe le efe hore e ntšitise ho noa.”
Mamello: Matla a ikhethang a ‘ho noa joala bo bongata’ hase tlhohonolofatso—hangata ke letšoao la pele la bokhoba ba tahi.
Liphello tse Bohloko: Mekhoa e tloaelehileng ha e bake pherekano lelapeng la motho, mosebetsing oa hae, le bophelong bo botle ba ’mele oa hae. Bokhoba ba tahi bo baka lintho tsena.—Liproverbia 23:29-35.
Ho Iphapanyetsa ’Nete: Lekhoba la tahi le behela boitšoaro ba lona mabaka, lea bo sireletsa, lea bo lokafatsa.