Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 9/15 maq. 7-8
  • Papias o Nkile Lipolelo tsa Morena e le tsa Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Papias o Nkile Lipolelo tsa Morena e le tsa Bohlokoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokhoa o Hlokolosi
  • Mosebetsi oa Hae
  • Litlhaloso ka Likosepele
  • Ho Ela Hloko Tlhoko ea Hae ea Moea
  • Apocalypse—Na e Lokela ho Tšajoa Kapa e Lokela ho Lebelloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bo-ntate Baapostola—Na ba ne ba Hlile ba Iphaphatha le Lithuto Tsa Baapostola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Ho ba Khahlanong le Hoo ka Bohata ho Bitsoang Tsebo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Karolo 2—Na Bo-ntate ba Kereke ba Ile ba Ruta Thuto ea Boraro-bo-bong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 9/15 maq. 7-8

Papias o Nkile Lipolelo tsa Morena e le tsa Bohlokoa

“HA KEA ka ka . . . thabela botsoalle ba batho ba buang haholo, empa ba batho ba rutang seo e leng ’nete.” Ke kamoo ho ngotseng Papias, ea neng a ipolela hore ke Mokreste lekholong la bobeli la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng.

Papias o phetse hang ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu Kreste. Ha e le hantle, o ne a tloaelane le Polycarp, eo ho tlalehoang hore o ile a ithuta ho moapostola Johanne. Bopaki bona, ho kopanyeletsa le mokhoa oa Papias oa ho bokella tsebo, bo paka hore o ne a hlile a rutehile.

Mokhoa o Hlokolosi

Lenyora la Papias la ’nete le bonahala ka ho hlakileng libukeng tse hlano tse etsang lingoliloeng tsa hae tsa lipolelo tsa Morena. Lilemong tsa Papias tsa pejana, ha ho pelaelo hore ha aa ka a lebala lipolelo tse ngata tsa ’nete tseo a neng a li utloile. Hamorao, a le lehaeng la hae motseng oa Phrygia oa Hierapolis, Asia Minor, Papias o ile a botsa ba baholo ho tiisa hore na ba ne ba ile ba bona kapa ba utloa e mong oa baapostola ba Jesu. O ile a ba botsa ka cheseho ’me a tlaleha seo ba neng ba se bua.

Papias oa hlalosa: “Nke ke ka qea-qea ho ngola . . . sohle seo ke ithutileng sona ka hloko nakong efe kapa efe ho baholo, ho se hopola ka hloko, ke le tiisetsa bonnete ba tsona. Hobane, joaloka batho ba bangata, ha kea ka ka thabela ba buang haholo, empa ba rutang seo e leng ’nete; kapa hona ho thabela leha e le ba bang ba bolelang litaelo tsa batho, empa ba tlalehang litaelo tseo ba li fuoeng ke Morena bakeng sa tumelo le ho tsoa ’neteng ka boeona. Le haeba mang kapa mang a ne a ka tla ho ’na eo e neng e bile molateli oa baholo, ke ne ke tla ’motsa ka litlaleho tse fanoeng ke baholo—seo Andrease kapa Petrose ba se buileng, kapa seo Filippi kapa seo Thomase kapa Jakobo, kapa seo Johanne kapa Mattheu ba se buileng, kapa e mong feela oa balateli ba Morena.”

Mosebetsi oa Hae

Ntle le pelaelo letlotlo la tsebo ea moea le ne le fumaneha bakeng sa Papias. Re ka inahanela feela kamoo e ka bang o ile a mamela ka hloko makolopetso a neng a potolohile bophelo ba botho le tšebeletso tsa moapostola e mong le e mong. Hoo e ka bang ka 135 C.E., Papias o ile a tlaleha seo a neng a ka se bolela bukeng e ngotsoeng ke eena. Ka bomalimabe, buka ena e nyametse. E ile ea qotsoa ke Irenaeus, ea neng a ipolela e le Mokreste lekholong la bobeli la lilemo C.E., le ke rahistori Eusebius oa lekholo la bone la lilemo. Ha e le hantle, e ne e ntse e baloa lekholong la borobong la lilemo C.E. ’me mohlomong e ne e ntse e le teng ho fihlela lekholong la bo14 la lilemo.

Papias o ne a lumela Pusong ea Lilemo tse Sekete ea Kreste e tlang. (Tšenolo 20:2-7) Ho ea ka Irenaeus, o ile a ngola ka nako eo “pōpo, e nchafalitsoeng le e lopolotsoeng, e neng e tla hlahisa lijo tsa mefuta eohle ka bongata, ho tsoa ho phoka ea leholimo le ho nona ha lefatše, joalo feela kaha baholo, ba ileng ba bona Johanne, molateli oa Morena, ba ileng ba bolela hore ba ile ba utloa kamoo Morena a neng a ruta linakong tseo.” Papias o ile a tsoela pele ho ngola: “Ho balumeli lintho tsena lia utloahala. ’Me ha Judase, moeki, a hana ho lumela ’me a botsa, ‘Morena o tla phethahatsa ntho e joalo joang?’ Morena o ile a re, ‘Ba tla be ba phela nakong eo ba tla bona.’”

Papias o ile a ngola nakong eo Bo-Gnostic bo neng bo atile. Ba-Gnostic ba ne ba kopanya filosofi, ho itšetleha ka monahano o tebileng bakeng sa ho etsa liqeto tsa bolumeli, le ho sebelisana le meea ha bohetene le Bokreste ba bokoenehi. Ha e le hantle, ho pepesa ha Papias mantsoe a bohlale a Morena, kapa lipolelo, e ne e le boiteko ba ho thibela ho ata ha Bo-Gnostic. Ka mor’a hae, Irenaeus o ile a tsoela pele ho hanela bomoea ba bohata le bo fetelelitsoeng ba Ba-Gnostic. Lingoliloeng tsa Ba-Gnostic e tlameha ebe li ne li bua ho hongata, li etsa hore Papias a bue polelo e nyelisang e sa tobang ea “ba buang haholo.” Morero oa hae o ne o hlakile—ho loantša bohata ka ’nete.—1 Timothea 6:4; Ba-Filippi 4:5.

Litlhaloso ka Likosepele

Likotoaneng tsa libuka tsa Papias tse ntseng li le teng, re fumana ho boleloa ka litlaleho tse ngotsoeng ke Mattheu le Mareka. Ka mohlala, Papias o bolela sena ka buka ea Mareka: “Mareka, ka mor’a ho ba toloko ea Petrose, o ile a ngola ka ho nepahala sohle seo a neng a se hopola.” Ha a tsoela pele ho tiisa ho nepahala ha Kosepele ena, Papias o tsoela pele: “Kahoo Mareka ha aa ka a etsa phoso, ha a ngola lintho tse ling kamoo a neng a li hopola ka teng; hobane o ile a ameha ka hore a se ke a siea letho leo a le utloileng, kapa ho ngola polelo ea bohata.”

Papias o fana ka bopaki bo ka thōko ba hore pele-pele Mattheu o ile a ngola Kosepele ea hae ka puo ea Seheberu. Papias o re: “O ile a ngola lipolelo tseo ka puo ea Seheberu, ’me e mong le e mong o ne a li toloka hamolemohali kamoo a ka khonang.” Ho ka etsahala hore Papias o ile a etsa patlisiso litlalehong tsa Kosepele tsa Luka le Johanne haesita le lingoliloeng tse ling tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Haeba ho joalo, e ne e ka ba e mong oa lipaki tsa pele-pele tsa ho tiisa bonnete ba tsona le pululelo ea tsona ea bomolimo. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, ke likotoana tse fokolang feela tsa lingoliloeng tsa Papias tse ileng tsa pholoha.

Ho Ela Hloko Tlhoko ea Hae ea Moea

Joaloka molebeli oa phutheho e Hierapolis, Papias e ne e le ’matlisisi ea sa khathaleng. Ho phaella ho beng mofuputsi ea sebetsang ka thata, o ile a bontša kananelo e khōlō bakeng sa Mangolo. Papias o ile a lekanya ka ho nepahetseng hore polelo efe kapa efe ea Jesu Kreste kapa baapostola ba Hae e amang thuto e ne e tla ba ea bohlokoa bo boholo ho hlalosoa ho feta lipolelo tse sa tsebahaleng hantle tse neng li fumanoa lingoliloeng tsa mehleng ea hae.—Juda 17.

Ho tlalehoa hore Papias e ile ea e-ba moshoela-tumelo Pergamum ka 161 kapa 165 C.E. Hore na botebo ba lithuto tsa Jesu Kreste bo ile ba ama bophelo le boitšoaro ba Papias hakae ho ke ke ha boleloa ka ho nepahala. Leha ho le joalo, o ne a e-na le takatso ea sebele ea ho ithuta le ho bua ka Mangolo. Ho joalo le ka Bakreste ba ’nete kajeno hobane ba ela hloko tlhoko ea bona ea moea. (Mattheu 5:3, NW) ’Me joaloka Papias, ba nka lipolelo tsa Morena e le tsa bohlokoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela