Lipotso tse Tsoang ho Babali
Kaha moprista oa boholo-holo ea bitsoang Melkisedeke e ne e le motho oa sebele, ke hobane’ng ha Bibele e re e ne e le ea “se nang lelōko”?
Polelo ena e entsoe ho Ba-Heberu 7:3. Hlokomela taba e potolohileng temana ena:
“Meleki-Sedeke eo e ne e le khosi ea Salema le moprista oa Molimo ea holimo-limo. Ha Aborahama a khutla ntoeng eo a neng a hlotse likhosi ho eona, Meleki-Sedeke o ile a mo khahlanyetsa, ’me a mo hlohonolofatsa. A ba a aroleloa karolo e le ’ngoe ho tse leshome ea khapo eohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: ‘Khosi ea toka’. Hape e ne e le Khosi ea Salema, e leng hore: ‘Khosi ea Khotso’. Eena, ea se nang ntat’ae, ea se nang ’ma’e, ea se nang lelōko, ea se nang leha e le qalo ea litšiu tsa bophelo ba hae leha e le qetello ea tsona, ea tšoanang le Mora oa Molimo, o sala e le moprista ka ho sa feleng.”—Ba-Heberu 7:1-3, BPN.
Joalokaha ho boletsoe, Melkisedeke e ne e le motho oa sebele, oa sebele joaloka Abrahama, eo a bileng le litšebelisano tse tobileng le eena. (Genese 14:17-20; Ba-Heberu 7:4-10) Ha ho le joalo, Melkisedeke o tlameha a ne a e-na le batsoali, ntate le ’mè, ’me mohlomong o ne a e-na le bana. Kahoo, joaloka motho o ne a e-na le lelōko, kapa lesika la lelapa. Hape o ile a shoa. Ho na le nako eo Melkisedeke a ileng a shoa ka eona, tumellanong le polelo ea moapostola Pauluse ho Ba-Roma 5:12, 14. Empa kaha re sa tsebe hore na Melkisedeke o ile a shoa neng kahoo a khaotsa ho sebeletsa e le moprista, ka lebaka leo o sebelelitse ho isa pheletsong e sa tsejoeng.
Ho Ba-Heberu, Pauluse o ile a etsa litlhaloso mabapi le Melkisedeke ha a bua ka karolo ea Jesu Kreste e le Moprista e Moholo ea ka holimo-limo. Ha a bua ka Melkisedeke e le ea tšoantšetsang Jesu, kapa mohlala oa hae, tšebeletsong ena ea boprista, Pauluse o itse: “Jesu . . . a beoa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heberu 6:20) Ka kutloisiso efe?
E tlameha ebe Pauluse o ne a hlokometse hore tlaleho ea Bibele ha e fane ka makolopetso mabapi le lesika la Melkisedeke—baholo-holo ba hae kapa leha e le litloholo. Boitsebiso boo ha bo eo tlalehong ea Bibele. Ka hona, ho ea ka seo Pauluse a neng a se tseba kapa seo re se tsebang, ke ka nepo Melkisedeke a neng a ka boleloa e le ea “se nang lelōko” (New World Translation of the Holy Scriptures; American Standard Version), ea “se nang litloholo” (W. J. Conybeare), kapa ea “se nang lesika.”—J. B. Phillips.
Ke ka tsela efe Jesu a neng a le joalo? Ke ’nete, rea tseba hore Ntate oa Jesu e ne e le Jehova Molimo le hore ’mè oa hae oa motho e ne e le Maria oa leloko la Juda. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-na le ho tšoana pakeng tsa Melkisedeke le Jesu. Joang? Jesu haa tsoaloa lelokong la Levi, leloko la baprista sechabeng sa Iseraele. Che, Jesu ha e-ea ba moprista ka leloko la batho. Joaloka Melkisedeke, eo e sa kang ea e-ba moprista “ka molao oa leloko la nama,” e leng, ka ho tsoalloa lelokong le lelapeng la boprista. (Ba-Heberu 7:15, 16) Ho e-na le ho ba moprista ka ntate oa motho eo le eena e neng e le moprista, Jesu “Molimo o ’moletse hore ke moprista e moholo, ka mokhoa oa Melkisedeke.”—Ba-Heberu 5:10.
Ho feta moo, Jesu haa ka a ba le litloholo kapa bahlahlami leha e le bafe bopristeng ba hae. Hape ka kutloisiso ena, o ne a se na leloko. O tla tsoela pele ka tšebeletso ea hae ea boprista ka ho sa feleng e le morupeli ea molemo. Pauluse o ile a hlalosa tšebeletso ena ea ka ho sa feleng, ha a re:
“Empa eena [Jesu], kahobane ke oa ka mehla, o na le boprista bo sa abuoeng. Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela ka mehla ho ba rapella.”—Ba-Heberu 7:24, 25.
Ho nahanisisa ha rōna mantsoe a Pauluse ho Ba-Heberu 7:3 ha e-ea lokela ho ba tsebo feela tjee ea ka hloohong. Ho lokela ho matlafatsa kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso e lerato eo Jehova Molimo a re etselitseng eona e le hore re ka fumana tšoarelo sebeng ka ho sa feleng le tsela eo a re lokiselitseng eona ea ho fumana thuso le tataiso ka ho sa feleng.