Palamente ea Malumeli a Lefatše—Na e Tla Atleha?
BAETA-PELE ba bolumeli ba makholo-kholo ba ile ba bokana Palamenteng ea bobeli ea Malumeli a Lefatše e neng e tšoaretsoe Chicago, Illinois, U.S.A., lehlabuleng la 1993. Bobuddha, Bokreste-’mōtoana, Bohindu, Bojuda, le Boislam kaofela li ne li e-na le boemeli. Baloi le barapeli ba melimotsana le bona ba ne ba le teng. Ba ile ba bua ka karolo ea bona bakeng sa ho felisa ntoa. Molula-setulo oa palamente o ile a lumela hore “karolo tse peli ho tse tharo tsa lintoa tse khōlō lefatšeng kajeno li lohelletsoe hammoho le bolumeli.”
Lilemong tse Lekholo tse Fetileng
Na palamente e ile ea atleha? Talima se ileng sa etsahala lilemong tse lekholo tse fetileng Palamenteng ea pele ea Malumeli a Lefatše. Le eona ka ho tšoanang e ne e tšoaretsoe Chicago, lehlabuleng la 1893, ’me malumeli a fetang 40 a ne a e-na le boemeli. Lekhotla la Palamente ea Malumeli a Lefatše le ile la lumela hore ba ileng ba e-ba teng ka 1893 “ba ne ba lumela hore e ne e tla ba ea pele letotong la lipokano tsa machaba tsa tumelo e kopanetsoeng e neng e tla tlatsetsa kutloisisong, khotsong le tsoelo-peleng. Ha ho ea ka ha e-ba joalo. Ho se mamelle malumeli a mang le pefo ea bolumeli e bile karolo ea lintoa ka lilemo tse 100 tse fetileng, ’me e tsoela pele e le eona le kajeno.” Ke hobane’ng ha e ile ea hlōleha? Hobane khopolo eohle ea tumelo e kopanetsoeng ha e amohelehe ho Molimo. Bibele e re: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.”—2 Ba-Korinthe 6:14-17.
Ka ho loketseng, tokollo ea September 1893 ea Zion’s Watch Tower e ile ea totobatsa Palamente ea Malumeli a Lefatše e le e haelloang ke tšehetso ea Mangolo, ha ka mokhoa o nang le ho soma e re: “Ba ile ba epolla meqolo e babatsehang e besitsoeng ea letsopa lithakong tsa Babylona le metseng e meng ea boholo-holo, empa ho na le e ntseng e e-s’o fumanoe. . . . Ha baa e-s’o fumane leha e le efe e buang ka hore Moshe le Joshua ba kile ba bitsa ‘Palamente ea Malumeli,’ ea Bamoabe le Baamone, le Baedomo . . . Ha baa e-s’o fumane leha e le ofe o buang ka hore Samuele ea hōlileng ea matla o kile a romela Gathe le Ekrone ho fumana manģosa a baprista ba Dagone ho nyolohela Shilo ho tla tšoara seboka le baprista ba Jehova . . . Ha baa e-s’o fumane leha e le ofe o buang ka hore Elia ea hōlileng ea neng a itlama letheka ka leqhama la letlalo o kile a buella ‘seboka’ sa puisano ea beke le baprista ba Baale le Moloke ka litekanyetso tsa litumelo tsa bona ka ho qolleha, ka tebello ea ho hōlisa tlhomphano bakeng sa bolumeli bo bong ho bo bong.”
’Muso oa Molimo—Ke Oona Tšepo Feela
Palamente ea Malumeli a Lefatše ha e na ho atleha. Likoranta le manģosa li ile tsa sebelisa mantsoe a kang “molubalube,” “morusu,” le “motsoebere” mabapi le palamente eo. Ho latela tlaleho e ’ngoe, esita le mapolesa a ile a lokela ho bobisa mofere-fere oa mahlakore a mabeli a bakiloeng ke likarohano tsa lipolotiki. Tokomaneng ea 1952, palamente e ile ea thathamisa o mong oa merero ea ’ona: “Ho hlomamisa Palamente ea ka mehla ea Malumeli a Lefatše ho sebetsa le MACHABA A KOPANENG ho finyelleng khotso ea lefatše le kutloisisano bathong bohle.” Ka ho fapaneng, Jesu o ile a re ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše lena. Bibele e supa ’Muso oa Molimo e le oona feela tharollo ea mathata a batho.—Daniele 2:44; Johanne 18:36.