Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/15 maq. 5-7
  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Bontšoang ke Bopaki
  • Bolumeli bo Tsebahalang
  • “Li Amehile ka ho Teba ka ho Thusa Batho”
  • Ho Itšetleha ka Tieo ka Bibele
  • Moeta-pele oa Tsona ke Mang?
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Lihlotšoana tsa Borapeli—Ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Bakreste le Mokhatlo oa Batho Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/15 maq. 5-7

Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?

JESU KRESTE o ne a qosoa ka hore ke letahoa, monyollo, motho ea sa bolokeng Sabbatha, paki ea bohata, motho ea nyefolang Molimo, le lenģosa la Satane. Hape o ne a qosoa ka hore o tsoa ’muso tlaase.—Mattheu 9:34; 11:19; 12:24; 26:65; Johanne 8:13; 9:16; 19:12.

Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, barutuoa ba hae ka ho tšoanang e ne e le bahlaseluoa ba liqoso tse tebileng. Sehlopha se seng sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo se ile sa huleloa ka pel’a babusi ba motse ke batho ba neng ba hooa: ‘Batho bana ba ferekantse lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’ (Liketso 17:6, NW) Lekhetlong le leng moapostola Pauluse le molekane oa hae Silase ba ile ba isoa ho ba boholong ’me ba qosoa ka ho baka pherekano e khōlō motseng oa Filippi.—Liketso 16:20.

Hamorao Pauluse o ile a qosoa ka hore ke “lefu, o ferekanya ba-Juda bohle ba ahileng lefatšeng lohle” le ka hore o leka “ho silafatsa tempele.” (Liketso 24:5, 6) Banna ba hlaheletseng har’a Bajode Roma ka ho nepahetseng ba ile ba hlalosa boemo ba balateli ba Jesu ha ba re: “Hobane ruri ha e le ka sehlotšoana sena sa bokhelohi hoa tsebahala hore hohle ho buuoa hampe ka sona.”—Liketso 28:22, NW.

Ka ho totobetseng, sehlopha sena se secha se thehiloeng ke Jesu Kreste se ne se nkoa e le sehlopha sa bolumeli se nang le pono le liketso tse loantšanang le se nkoang e le boitšoaro bo amoheloang sechabeng mehleng eo. Ntle ho pelaelo, ba bangata kajeno ba ne ba tla nka hore Bakreste ke sehlopha se senyang sa borapeli. Hangata batho ba ba qosang e ne e le baahi ba hlaheletseng le ba hlomphehang, ’me sena ho bonahala se ne se matlafatsa likhopolo tsa bona. Ba bangata ba ne ba lumela liqoso tse etsoang khahlanong le Jesu le barutuoa ba hae. Leha ho le joalo, joalokaha mohlomong u tseba, e ’ngoe le e ’ngoe ea liqoso tsena e ne e le ea bohata! Taba ea hore batho ba ne ba bolela sena ha ea ka ea etsa hore liqoso tsa bona e be ’nete.

Ho thoe’ng kajeno? Na e ka ba ho nepahetseng ho bolela hore Lipaki tsa Jehova ke sehlopha sa bolumeli se nang le pono le liketso tse feteletseng tse hananang le se nkoang e le boitšoaro bo tloaelehileng? Na Lipaki tsa Jehova ke sehlotšoana sa borapeli?

Se Bontšoang ke Bopaki

Mohlanka oa ’muso motseng oa St. Petersburg, Russia, o ile a hlalosa: “Lipaki tsa Jehova li ne li hlahisoa ho rōna e le sehlotšoana se itseng sa bokhelohi sa sekhukhu se lulang mafifing ’me se bolaea bana le ho ipolaea.” Leha ho le joalo, batho ba Russia ba sa tsoa tloaelana hamolemo le botho ba sebele ba Lipaki. Ka mor’a ho sebetsa le Lipaki tsa Jehova ha ho lokisetsoa kopano ea machaba, mohlanka eena enoa oa ’muso o ile a re: “Joale ke bona batho ba tloaelehileng, ba bososelang, esita le ba molemo le ho feta batho ba bangata bao ke ba tsebang. Ba na le khotso le khutso, ’me ba ratana haholo.” O ile a phaella: “Ka sebele ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba bua mashano a joalo ka bona.”

Lipaki tsa Jehova ha li tšoare liboka tse etsoang ka tloaelo, kapa hona hore borapeli ba tsona ke ba lekunutu. Mongoli oa libuka eo e seng Paki Julia Mitchell Corbett o re: “Ha li kopane, hangata e le ka makhetlo a fetang le le leng ka beke, Liholong tsa tsona tsa ’Muso (libaka tsa tsona tsa liboka ha li bitsoe likereke), boholo ba nako ea tsona bo qetoa thutong ea Bibele le ho buisana ka eona.” Libaka tsa tsona tsa liboka li na le letšoao le hlakileng. Motho e mong le e mong o lokolohile ho ea libokeng, ’me bohle baa mengoa hore ba be teng. Baeti ba sa lebelloang ba thabeloa haholo.

Corbett bukeng ea hae Religion in America o phaella ka ho re: “Lipaki li iphumanetse botumo ba hore lia tšepahala, li na le mekhoa e metle, ’me li mahlaha-hlaha.” Batho ba bangata bao e seng Lipaki ba hlokomela ka potlako hore ha ho letho le sa tloaelehang kapa le makatsang ka Lipaki tsa Jehova. Boitšoaro ba tsona ha bo khahlanong le se nkoang e le boitšoaro bo tloaelehileng sechabeng. Ka nepo The New Encyclopædia Britannica e bolela hore Lipaki “li tsitlallela tekanyong e phahameng boitšoarong ba botho.”

Mohlophisi oa litaba le matšolo a khethehileng oa seteishene sa thelevishene United States o ile a ngolla Lipaki tsa Jehova e le ha a araba tlaleho e leeme e ileng ea etsoa ka Lipaki litabeng tsa TV lenaneong la 60 Minutes. O itse: “Haeba batho ba bangata ba ne ba ka phela ka tsela eo tumelo ea lōna e batlang kateng, sechaba sena se ka be se se boemong boo se leng ho bona. Ke ralitaba ea tsebang hore mokhatlo oa lōna o hlophisitsoeng o thehiloe leratong le tumelong e matla ho ’Mōpi. Ke batla ho le tsebisa hore hase bo-Ralitaba bohle ba leeme.”

Bolumeli bo Tsebahalang

Na ho loketse ho bolela hore Lipaki tsa Jehova ke sehlotšoana sa bolumeli se nang le pono e feteletseng? Ka kutloisiso e ’ngoe, Lipaki tsa Jehova lia fokola ka palo ha li bapisoa le malumeli a mang. Leha ho le joalo, hopola seo Jesu a se boletseng: “Monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”—Mattheu 7:13, 14.

Leha ho ka ba joang, Lipaki li hōle le ho ba sehlotšoana sa borapeli se nang le pono e feteletseng. Nakong ea selemo ka 1993, batho ba fetang limilione tse 11 ba bile teng Sehopotsong sa Lipaki sa lefu la Kreste. Empa habohlokoa le ho feta palo ea bona ke litekanyetso tsa bona tsa boitšoaro le boitšoaro ba bona bo behang mohlala o motle, e leng se ba tliselitseng pabatso ho tsoa lefatšeng lohle. Ntle le pelaelo sena se tlatselitse hore ebe linaheng tse ngata li hlokomeloa ka molao e le bolumeli ba sebele.

Ho ikhethang e bile qeto e sa tsoa etsoa ke Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho. Le ile la bolela hore Lipaki li lokela ho thabela bolokolohi ba mohopolo, letsoalo, le bolumeli le hore li na le bolokolohi ba ho bua ka tumelo ea tsona le ho e ruta ba bang. Le ka be le sa bolela sena hoja Lipaki tsa Jehova li ne li tsebahala ka ho sebelisa mekhoa e thetsang le e se nang boitšoaro ka morero oa ho thaotha litho kapa haeba li sebelisa mekhoa e hohelang ka morero oa ho laola likelello tsa balateli ba tsona.

Matšoele a batho lefatšeng lohle a tloaelane hantle le Lipaki tsa Jehova. Har’a batho ba limilione bao e seng Lipaki ba ithutang Bibele le Lipaki kapa ba ileng ba ithuta le tsona ka nako e ’ngoe, rea botsa, Na ho kile ha etsoa boiteko leha e le bofe ba ho le qobella? Na Lipaki li ile tsa sebelisa mekhoa ea ho laola likelello tsa lōna? Ntle ho pelaelo “che” e tla ba karabo ea lōna e tiileng. Ka ho hlakileng, haeba ho ne ho sebelisitsoe mekhoa ena, ho ne ho tla ba le bahlaseluoa ba bangata haholo ba khahlanong le polelo leha e le efe e emelang Lipaki tsa Jehova.

“Li Amehile ka ho Teba ka ho Thusa Batho”

Hangata litho tsa sehlotšoana sa borapeli li ikarola ho lelapa, metsoalle, esita le ho sechaba ka kakaretso. Na see ke ’nete ka Lipaki tsa Jehova? Ralitaba oa Rephabliking ea Czech o ile a ngola: “Ha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Leha ho le joalo o ile a phaella: “Ho totobetse hore [Lipaki tsa Jehova] li na le matla a maholo a boitšoaro. . . . Li hlompha ba boholong pusong empa li lumela hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka khonang ho rarolla mathata ’ohle a batho. Empa o hlokomele hore—ha li na cheseho e feteletseng ea bolumeli. Ke batho ba amehileng ka ho teba ka ho thusa batho ba bang.”

Hape ha li lule mahaeng a ka thōko, li ikhetha ho beng ka tsona le ba bang. Lipaki tsa Jehova lia hlokomela hore ke boikarabelo ba tsona ba Mangolo hore li rate ’me li hlokomele malapa a tsona. Li phela le batho ba merabe eohle le ba malumeli ’ohle ’me li sebetsa le bona. Ha ho hlaha likoluoa, li potlakela ho fana ka liphallelo le thuso e ’ngoe e bontšang kameho.

Habohlokoa le ho feta, li kopanetse mosebetsing oa thuto oo ho seng o tšoanang le oona. Ke malumeli a makae a nang le tsamaiso e hlophisitsoeng bakeng sa ho etela motho e mong le e mong sebakeng seo a phelang ho sona? Lipaki tsa Jehova li etsa sena linaheng tse fetang 200 ’me e le ka lipuo tse fetang 200! Ka ho hlakileng, Lipaki tsa Jehova li “amehile ka ho teba ka ho thusa batho.”

Ho Itšetleha ka Tieo ka Bibele

Rea lumela hore, lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li fapane le tsa likereke tse ling. Lipaki tsa Jehova li lumela hore Jehova ke Molimo ea matla ’ohle le hore Jesu ke Mora oa hae, eseng karolo ea melimo e meraro ho a le mong. Tumelo ea tsona e amana ka tieo le hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka thusang batho ba utloang bohloko. Li lemosa batho ka pheliso e haufi ea tsamaiso ena e senyehileng ea lintho. Li bolela ka tšepiso ea Molimo ea lefatše la paradeise bakeng sa batho ba bontšang kutlo. Ha li hlomphe sefapano ka tsela ea borapeli. Ha li keteke Keresemese. Li lumela hore sephefumolohi sea shoa le hore ha ho na lihele tsa mollo. Li ke ke tsa ja mali, kapa tsa amohela litšelo tsa mali. Ha li kopanele lipolotiking le ntoeng. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li fapane hakaale?

Koranta ea Massachusetts, Daily Hampshire Gazette, e hlalosa hore “tlhaloso e tiileng ea Bibele [ea Lipaki tsa Jehova] e thibela liketso tse ngata tseo ba bang ba li nkang e le tse loketseng . . . , kaofela e le ka boiteko ba ho latela mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le lentsoe la Bibele.” The Encyclopedia of Religion e lumela hore “sohle seo li se lumelang se thehiloe Bibeleng. Li ‘tiisa ka temana’ (ke hore, li fana ka temana e tšehetsang) hoo e ka bang polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea tumelo ea tsona, ntle le ho qea-qea li amohela matla a Bibele, e felisang lineano ka ho feletseng.” Buka Religion in America e re: “Ha ho mohla sehlopha sena se kileng sa thekesela ponong ea sona e tsepameng ea thuto ea Bibele, ’me lithuto tsa sona li tšehetsoa ke tsamaiso e qaqileng ea litšupiso lengolong.”

Moeta-pele oa Tsona ke Mang?

Ka ho toba ho khomarela lithuto tsa Bibele haufi ho etsa hore ho hlompha baeta-pele ba batho ka tsela ea borapeli le ho ba etsa melimo e leng ho tloaelehileng haholo har’a lihlotšoana tsa borapeli kajeno ho se fumanoe har’a Lipaki tsa Jehova. Li hana khopolo ea ho khetholla baruti ho batho feela ba tloaelehileng. Ka ho loketseng The Encyclopedia of Religion e re ka Lipaki tsa Jehova: “Sehlopha sa baruti le litlotla tse khethollang ha lia lumelloa.”

Li latela Jesu Kreste e le Moeta-pele oa tsona ebile e le Hlooho ea phutheho ea Bokreste. Ke Jesu ea itseng: “Empa lōna, le se ke la bitsoa Rabbi, hobane moruti oa lōna o mong, e leng Kreste, ’me lōna bohle le bana ba motho a le mong. Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lōna, hobane o mong feela eo e leng Ntat’a lōna, ke ea leng maholimong. Hape, le se ke la bitsoa benghali, hobane monghali oa lōna o mong, e leng Kreste.”—Mattheu 23:8-12.

Ho hlakile hore ho hang Lipaki tsa Jehova hase sehlotšoana sa borapeli joalokaha Jesu ho hang e ne e se monyollo le letahoa. Rea lumela hore hase e mong le e mong ea ileng a utloa ka litlaleho tsa bohata ka Jesu le barutuoa ba hae ea ileng a susumetseha hore a bue hampe ka eena. Ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba mpa feela ba sa fuoa boitsebiso bo nepahetseng. Haeba u na le lipotso ka Lipaki tsa Jehova le litumelo tsa tsona, ke hobane’ng ha u sa etse hore u li tsebe hamolemonyana? Menyako ea Liholo tsa tsona tsa ’Muso e bulehile ka ho feletseng bakeng sa bohle ba batlang ’nete.

Le uena u ka rua molemo patlisisong ea tsona e hlokolosi ea tsebo e nepahetseng ea Bibele ’me ua ithuta kamoo u ka rapelang Molimo tumellanong le mantsoe a Jesu: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Johanne 4:23.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela