Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/15 maq. 3-4
  • Lihlotšoana tsa Borapeli—Ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihlotšoana tsa Borapeli—Ke Eng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sehlotšoana sa Borapeli ke Eng?
  • Na Lipaki Tsa Jehova ke Lequloana?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na Lipaki tsa Jehova ke Sehlotšoana sa Borapeli?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Boloka Sephiri ka Lebitso La Morena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bohlankana Kapa Boroetsana—Hobane’ng?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/15 maq. 3-4

Lihlotšoana tsa Borapeli—Ke Eng?

FEBRUARY 28, 1993—batho ba fetang lekholo ba hlokometseng hore molao oa utluoa ba ile ba hlasela mohaho o entsoeng ka mehaho e kopantsoeng oo ho oona ho lulang banna, basali, le bana ba bangata. Sepheo e ne e le ho batla libetsa tse sa lumelloang ka molao le ho tšoara motho ea belaelloang hore ke senōkoane. Leha ho le joalo, batho bana ba hlokometseng hore molao oa utluoa ba ile ba makala ha ba khahlametsoa ke lethala la likulo tse tsoang ka har’a mehaho ena. Le bona ba ile ba thunya.

Ntoeng ena ho ile ha shoa ba leshome ’me ha ba le mahlatsipa a ’maloa. Matsatsing a 50 a latelang, basebeletsi ba ’muso ba hlokomelang hore molao oa utluoa ba ile ba lika-liketsa mohaho ona ba tšoere lithunya tse lekaneng bakeng sa ho loana ntoa e nyenyane. Ntoa ena e ile ea fella ka hore ho bolaoe batho ba 86, ho kopanyeletsa le bonyane bana ba 17.

Empa sera e ne e le mang? Sehlopha sa mahoo-hoo a rekisang lithethefatsi? Sehlopha sa likhukhuni? Che. Joalokaha ho ka etsahala hore ebe ua tseba, “sera” e ne e le sehlopha se chesehang sa bolumeli, litho tsa sehlotšoana sa borapeli. Tlokotsi ea bona e ile ea etsa hore sechaba se sa tsebahaleng sa lithota tsa Texas bohareng, U.S.A., se hape tlhokomelo ea machaba. Mecha ea litaba e ile ea tlatsa maqhubu a liea-le-moea le thelevishene le lingoliloeng ka litlaleho tse ngata, ka se inahaneloang, le litlhaloso mabapi le likotsi tse bakoang ke lihlotšoana tsa borapeli tse bontšang cheseho e feteletseng.

Batho ba ile ba hopola liketsahalo tse fetileng ha litho tsa sehlotšoana sa borapeli li ne li bolaoa ke baeta-pele ba tsona: lipolao tsa 1969 tsa Manson California; ho ipolaea ha batho ba bangata ba sehlotšoana sa borapeli ka 1978 Jonestown, Guyana; tumellano ea ho bolaea le ho ipolaea ea 1987 e qapiloeng ke moeta-pele oa sehlotšoana sa borapeli Park Soon-ja oa Korea, e ileng ea fella ka lefu la litho tse 32. Ka ho totobetseng, bongata ba batho bana bo ne bo bolela hore ke Bakreste ’me ba bolela hore ba lumela Bibele.

Ka ho utloahalang, ba bangata ba hlomphang Bibele joaloka Lentsoe la Molimo ba makatsoa ke tšebeliso e mpe ka ho hlabisang lihlong ea Mangolo e etsoang ke lihlotšoana tsena tsa borapeli. Ka lebaka lena, ho theosa le lilemo ho ’nile ha thehoa mekhatlo e hlophisitsoeng e baloang ka makholo ka morero oa ho alosa lihlotšoana tsa borapeli le ho pepesa litloaelo tsa tsona tse kotsi. Litsebi tsa boitšoaro ba sehlotšoana sa borapeli li bolela esale pele hore ho tla ha lilemo tse ncha tse sekete lilemong tse seng kae tse tlang ho ka ’na ha susumeletsa ho thehoa ha lihlotšoana tse ngata tsa borapeli. Makasine o mong oa litaba o ile oa hlokomela hore ho latela lihlopha tse loantšang lihlotšoana tsa borapeli, ho na le lihlotšoana tse likete tsa borapeli “ka ntle ho tse itokiselitseng ho laola ’mele oa hao, ho laola kelello ea hao, ho bolisa sephefumolohi sa hao. . . . Ke tse seng kae feela tse hlometseng empa ho hlokomeloa hore bongata ba tsona li kotsi. Li tla u thetsa ’me li u amohe chelete le matlotlo, li u lokisetse tšebeletso ea lenyalo la hao le ea lepato.”

Sehlotšoana sa Borapeli ke Eng?

Lebitso “sehlotšoana sa borapeli” le sebelisoa ka ho se natse ke ba bangata bao ho ka etsahalang hore ha ba tsebe moelelo oa lona ka ho feletseng. E le ho qoba pherekano, ha e le hantle batho ba bang ba ithutetseng thuto ea bolumeli ba qoba ho sebelisa lebitso lena.

The World Book Encyclopedia e hlalosa hore “ho latela neano, lebitso sehlotšoana sa borapeli le ne le bolela mofuta leha e le ofe oa borapeli kapa ntho e etsoang ka tloaelo.” Motheong ona, mekhatlo eohle e hlophisitsoeng ea bolumeli e ka bitsoa lihlotšoana tsa borapeli. Leha ho le joalo, ho latela tšebeliso ea lona e tloaelehileng kajeno, lebitso “sehlotšoana sa borapeli” le na le moelelo o fapaneng. Encyclopedia eona eo e bolela hore “ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1900, ho ata ha lihlotšoana tsa borapeli ho fetotse moelelo oa lebitso lena. Kajeno, lebitso lena le sebelisoa ho lihlopha tse latelang moeta-pele ea ntseng a phela ea buellang lithuto le mekhoa e mecha le e buellang liphetoho.”

Ha makasine oa Newsweek o lumella tšebeliso e tloaelehileng ea lebitso lena, o hlalosa hore lihlotšoana tsa borapeli “ka tloaelo ke lihlopha tse nyenyane, tse nang le pono e feteletseng tseo litho tsa tsona li fumanang litšobotsi tse li khethollang le morero ho motho a le mong, ea nang le matla a ho etsa mehlolo.” Ka ho tšoanang, makasine oa Asiaweek o bolela hore “lebitso [sehlotšoana sa borapeli] ka bolona ha le na moelelo o tobileng, empa hangata le bolela thuto e ncha ea bolumeli e susumetsoang ke moeta-pele ea nang le matla a ho etsa mehlolo, ea ipolelang hore ke mothofatso oa Molimo.”

Puo e sebelisitsoeng qetong e kopanetsoeng ea Mokhatlo oa bo100 oa Naha ea Maryland, U.S.A., e boetse e fetisa moelelo o nyelisang oa lebitso sehlotšoana sa borapeli. Qeto ena e bolela hore “sehlotšoana sa borapeli ke sehlopha kapa mokhatlo o bontšang boinehelo bo feteletseng ho motho kapa khopolo ’me o sebelisa mekhoa e hohelang ea ho phehella le ho laola ka tsela e se nang boitšoaro ka morero oa ho ntšetsa pele lipakane tsa baeta-pele ba ’ona.”

Ka ho hlakileng, hangata ho utloisisoa hore lihlotšoana tsa borapeli ke lihlopha tsa bolumeli tse nang le pono le liketso tse loantšanang le se amoheloang kajeno e le boitšoaro bo tloaelehileng ba sechaba. Ka tloaelo ba tšoarela litšebeletso tsa bona tsa bolumeli ka sephiring. Bongata ba lihlotšoana tsena tsa borapeli ha e le hantle li itšehla thajana mahaeng a ka thōko. Boinehelo ba tsona ho motho ea ipolelang e le moeta-pele ho ka etsahala hore ho se be le moeli ’me bo ikhethe. Hangata baeta-pele bana ba ithorisa ka hore ba khethiloe ke Molimo kapa hore bona ka bobona ke melimo.

Ka linako tse ling, mekhatlo e hlophisitsoeng e loantšang lihlotšoana tsa borapeli le mecha ea phatlalatso e ’nile ea bitsa Lipaki tsa Jehova sehlotšoana sa borapeli. Lihlooho tse ngata tsa likoranta tsa morao tjena li kopanyeletsa Lipaki le lihlopha tsa bolumeli tse tsebahalang ka mekhoa ea tsona e belaetsang. Empa na e ka ba ho nepahetseng ho bolela hore Lipaki tsa Jehova ke sehlotšoana sa borapeli? Litho tsa sehlotšoana sa borapeli hangata li ikarola ho metsoalle, lelapa, esita le ho sechaba ka kakaretso. Na sena ke se etsoang ke Lipaki tsa Jehova? Na Lipaki li sebelisa mekhoa e thetsang le e sa amoheleheng ka morero oa ho thaotha litho?

Baeta-pele ba lihlotšoana tsa borapeli ba tsebahala ka ho sebelisa mekhoa e hohelang ka morero oa ho laola likelello tsa balateli ba tsona. Na ho na le bopaki leha e le bofe hore Lipaki tsa Jehova li etsa see? Na borapeli ba tsona ke ba lekunutu? Na li latela ebile li hlompha moeta-pele oa motho ka tsela ea borapeli? Ka ho tobileng, na Lipaki tsa Jehova ke sehlotšoana sa borapeli?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Jerry Hoefer/Fort Worth Star Telegram/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela