Emella Hōle le Maemo a Behang Bophelo Kotsing
KE BATHO ba seng bakae feela ba leng hlokolosi haholo maemong a behang bophelo kotsing joaloka basesisi. Ba lokela ho falimehela liphetoho leha e le life tsa boemo ba leholimo, maqhubu, le bohaufi ba sekepe sa bona le lebōpo. Ha maqhubu le meea li kopana ho khannela sekepe lebōpong, basesisi ba talimana le mosebetsi o thata le o kotsi.
Tlas’a maemo ana—a tsebahalang e le lifefo tse kotsi—mosesisi o boloka bohōle bo lekaneng mahareng a sekepe sa hae le lebōpo, haholo-holo haeba seketsoana seo se tsamaisoa ka seile feela. Buka e buang ka ho sesisa likepe e hlalosa hore ‘ho iphumana u tšoasehile har’a sefefo se matla ke boemo bo bobe ka ho fetisisa’ boo mosesisi a ka iphumanang a le har’a bona. Ke tharollo efe e khothalletsoang? ‘Le ka mohla u se lumelle sekepe sa hao hore se be boemong bo kotsi joalo.’ Tsela e sireletsehileng ea ho qoba ho tsama-tsamaea lehlabatheng kapa lebōpong le mafika ke ho emella hōle le maemo a behang bophelo kotsing.
Bakreste ba lokela ho ba hlokolosi mabapi le maemo a kotsi a ka senyang tumelo ea bona. (1 Timothea 1:19) Mehleng ea joale, maemo ha a sa loketse hore motho a boloke tsela ea ho khotsofala feela. Feela joalokaha sekepe se ka khelosoa tseleng ea sona ke meea le maqhubu, bophelo ba rōna ba boinehelo bo ka lahleheloa ke taolo ka lebaka la ntoa e sa khaotseng ea nama ea rōna e sa phethahalang le ho hahlameloa ke moea o phehellang oa lefatše—oo joale o leng matla joaloka moea oa sefefo se matla.
Monna ea Neng a Phela Kotsing
Ho bonolo hakaakang ho oela kotsing ea metsi a moea e se ka morero!
Nahana ka mohlala oa se ileng sa etsahala haufi le sebaka se lika-likelitsoeng ke metsi, Leoatle le Shoeleng. Re bua ka mohlala oa Lota. Qeto ea hae ea ho lula Sodoma e ile ea mo tlisetsa mathata a mangata le mesarelo e mengata. Ka mor’a hore balisana ba bona ba qabane, Abrahama le Lota ba ile ba lumellana ho lula libakeng tse fapaneng. Re bolelloa hore Lota o ile a khetha Setereke sa Jordane ’me a hloma tente ea hae har’a metse ea Setereke seo. Hamorao, o ile a etsa qeto ea ho fallela Sodoma, le hoja mokhoa oa bophelo oa batho ba Sodoma o ne o mo ngongorehisa.—Genese 13:5-13; 2 Petrose 2:8.
Ke hobane’ng ha Lota a ile a tsoela pele ho phela motseng o tummeng ka boitšoaro bo bobe bo neng bo halefisa Jehova ka mokhoa o tebileng esita le ho etsa hore batho ba phelang haufi le sebaka seo ba ngongorehe? Sodoma e ne e le motse o atlehileng khoebong, ’me ntle ho pelaelo mosali oa Lota o ne a thabela melemo ea lintho tse bonahalang tsa bophelo ba motse oo. (Ezekiele 16:49, 50) Mohlomong le Lota o ile a hoheloa ke moruo oa Sodoma o tsoelang pele ka sekhahla. Ho sa tsotellehe hore na lebaka le entseng hore a lule moo ke lefe, o ne a lokela hore a tlohe moo kapele-pele. Ke feela ka ho phehelloa ho matla ho entsoeng ke mangeloi a Jehova lelapa la Lota le ileng la qetella le tlohile sebakeng seo se kotsi.
Tlaleho ea Genese e re: “Eitse ha meso e hlaha, mangeloi a akofisa Lota, a re: Tsoha, u nke mosali oa hao, le barali ba hao ba babeli ba leng mona, e se re mohlomong ua timela tšenyong ea motse ona.” Empa esita le ka mor’a temoso eo e potlakileng, Lota o ’nile a “lika-lika.” Qetellong mangeloi a ile a ‘mo tšoara ka letsoho, a tšoara le letsoho la mosali oa hae, le matsoho a barali ba hae ba babeli ’me a mo ntša, a mo tlohela ka ntle ho motse.’—Genese 19:15, 16.
Ha ba se ba tsoetse ka ntle ho motse, mangeloi a ile a neha lelapa la Lota litaelo tsa ho qetela: “Baleha, u boloke bophelo ba hao; u se ke ua hetla kamorao, u se ke ua ema lehoatateng lohle; balehela thabeng, e se re mohlomong ua timeletsoa.” (Genese 19:17) Esita leha ho le joalo, Lota o ile a kōpa tumello ea ho ea motseng o haufi le moo oa Tsoare ho e-na le ho tloha sebakeng seo ka ho feletseng. (Genese 19:18-22) Ka ho hlakileng, Lota o ne a tsila-tsila ho emella hōle le maemo a behang bophelo kotsing ka hohle kamoo ho neng ho khoneha kateng.
Tseleng e lebang Tsoare, mosali oa Lota o ile a hetla morao Sodoma, ka ho hlakileng a laba-labela lintho tseo a li siileng morao. Ka lebaka la ho hlokomoloha litaelo tsa mangeloi, o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae. Lota—monna ea lokileng—hammoho le barali ba hae ba babeli ba ile ba pholoha timetso ea motse oo. Empa o lefile moputso o mokaakang bakeng sa ho khetha ho lula haufi le kotsi!—Genese 19:18-26; 2 Petrose 2:7.
Ho Emella Hōle le Boemo bo ka Bang Kotsi
Phihlelo e bohloko ea Lota e bontša se ka etsahalang haeba re atamela haufi le sebaka se kotsi kapa re tanakela. Joaloka basesisi ba masene, bohlale bo ka re lemosa hore le ka mohla re se itumelle ho kena bothateng bo joalo. Ke maemo afe a mang a kotsi ao re lokelang ho emella hōle le ’ona? Bakreste ba bang ba ile ba fapoha ka ho ikakhela ka setotsoana khoebong, ka ho hlaolela botsoalle bo haufi haholo le metsoalle ea lefatše, kapa ka ho bontša kameho e lerato ho motho e motona kapa e motšehali ho fapana le bona empa ba sa lokoloha hore ba ka kena lenyalong.
Ho boemo ka bong tsela e bohlale ke ho emella hōle le boemo bo behang bophelo kotsing. Ka mohlala, na re hlokolosi ka likotsi tsa moea tse ka tlisoang ke se bitsoang monyetla o babatsehang oa khoebo? Baena ba bang ba ile ba tšoaseha mekhatlong ea khoebo ka tsela e ileng ea lematsa malapa a bona, bophelo ba bona bo botle, le boikarabelo ba bona ba puso ea Molimo. Ka linako tse ling leraba ke bophelo bo mabotho-botho bo ka tlisoang ke chelete. Ka linako tse ling ke phephetso ho paka bohlale ba bona khoebong. Ba bang ba ka ’na ba beha lebaka la hore morero oa bona ke ho hlahisetsa baena ba bang mosebetsi kapa hore ba tsebe ho fana ka seatla se bulehileng haholoanyane bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Mohlomong ba nahana hore haeba khoebo e tsoela pele hantle, ba tla fumana nako e eketsehileng haholoanyane bakeng sa lithahasello tsa ’Muso.
Tse ling tsa likotsi ke life? Boemo bo sa tsitsang ba moruo le “ketsahalo e sa lebelloang” li ka nyopisa morero oa khoebo e neng e reriloe hantle. (Moeklesia 9:11, NW) Ho sebetsana ka matla le sekoloto ho ka tlisa tsieleho ’me ho ka pupetsa lintho tsa moea. Esita le haeba khoebo e atleha, mohlomong e tla nka nako e ngata le matla a kelello, ’me e ka hloka hore motho a itsoakanye haholoanyane le lefatše.
Moholo e mong oa Mokreste Spain o ne a le mathateng a tebileng a lichelete ha k’hamphani ea inshorense e mo neha kōpo e ipiletsang. Le hoja ho ne ho e-na le tebello ea ho etsa chelete e ngata joaloka morekisi ea ikemetseng oa inshorense, qetellong o ile a hana kōpo eo. Oa hlalosa: “E ne e se qeto e bonolo, empa ke thabile hore ebe ke ile ka hana. Lebaka le leng ke hore ke ne ke le leqe ho etsa chelete—esita le ka mokhoa o sa tobang—ka bao ke sebelisanang le bona linthong tsa puso ea Molimo. Le hoja ke ne ke rata khopolo ea ho itšebetsa, ke ne ke tla lokela ho tsamaea haholo le ho qeta nako e ngata haholo mosebetsing. Ka ho ke keng ha qojoa sena se ne se tla bolela ho hlokomoloha lelapa la ka le phutheho. Ka holim’a tsohle, ke kholisehile hore hoja ka amohela kōpo eo, nka be ke lahlehetsoe ke taolo ea bophelo ba ka.”
Ha ho Mokreste ea ka thabelang ho lahleheloa ke taolo ea bophelo ba hae. Jesu o bontšitse liphello tse kotsi tsa tsela e joalo ka ho pheta setšoantšo sa monna ea ileng a bokella leruo le eketsehileng hore a tle a phomole hamonate le hore a phele bophelo ba boiketlo. Empa bosiung boo a fihletseng qeto ea hore o bokeletse chelete e lekaneng, o ile a shoa. Jesu o ile a lemosa: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.”—Luka 12:16-21; bapisa le Jakobo 4:13-17.
Re boetse re lokela ho itebela khahlanong le ho qeta nako e ngata haholo le batho ba lefatše. Mohlomong ke moahisani, motsoalle eo re kenang sekolo le eena, mosebetsi-’moho kapa motsoalle khoebong. Mohlomong re ka beha lebaka, ‘O hlompha Lipaki, o itšoere hantle, ’me re buisana ka linnete ka linako tse ling.’ Leha ho le joalo, phihlelo ea ba bang e paka hore ka mor’a nako re ka iphumana re thabela botsoalle ba motho oa lefatše ho feta ba moena oa rōna oa moea kapa khaitseli. Tse ling tsa likotsi tsa botsoalle bo joalo ke life?
Re ka qala ho khella fatše ho potlaka ha mehla eo re phelang ho eona kapa hona ho thahasella lintho tse bonahalang ho e-na le lintho tsa moea. Mohlomong ka lebaka la ho tšaba ho soabisa motsoalle oa rōna oa lefatše, re ka lakatsa ho amoheloa ke lefatše. (Bapisa le 1 Petrose 4:3-7.) Ka lehlakoreng le leng, mopesaleme Davida o ile a khetha ho etsa botsoalle le batho ba ratang Jehova. O ile a ngola: “Ke tla bolela lebitso la hao ho banab’eso, ke u rorise har’a phutheho.” (Pesaleme ea 22:22) Re tla sireletsoa haeba re etsisa mohlala oa Davida, haeba re batla botsoalle bo ka re hahang moeeng.
Tsela e ’ngoe e kotsi ke ea ho bontša kameho ea lerato ho motho e motona kapa e motšehali ho fapana le uena empa motho a sa lokoloha hore a ka kena lenyalong. Kotsi e ka ’na ea hlaha ha u hoheloa ke motho e motle, eo moqoqo oa hae o susumetsang, ebile a e-na le ponahalo e tšoanang le mesoaso. Mohlomong u ka thabela botsoalle ba hae ka ho beha lebaka, ‘Ke tseba moo meeli e fellang teng. Re metsoalle feela.’ Leha ho le joalo, hang ha maikutlo a joalo a se a susumelitsoe, ha ho bonolo ho a laola.
Mary, khaitseli e mocha ea nyetsoeng, o ne a thabela botsoalle ba Michael.a E ne e le moena ea hlomphehang empa o ne a thatafalloa ke ho etsa metsoalle. Ba ne ba e-na le lintho tse ngata tse tšoanang, ’me ba ne ba soasoa hammoho. Mary o ne a kholisehile hore moena oa lesoha o ne a batla ho mo phetlela sefuba. Kapele-pele, se neng se bonahala e le botsoalle feela se ile sa fetoha kameho e tebileng ea maikutlo a lerato. Ba ile ba qeta nako e ngata ba le ’moho ’me qetellong ba oela boitšoarong bo bobe. Mary oa ikoahlaea: “Ke ne ke lokela ho hlokomela kotsi ho tloha qalong feela. Hang ha botsoalle bo se bo tsoetse pele, bo ile ba tšoana le tebe-tebe moo re ileng ra tetebela haholoanyane.”
Le ka mohla re se lebale temoso ena ea Bibele: “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jeremia 17:9) Pelo ea rōna e mano, joaloka leqhubu le khannelang sekepe sa seile mafikeng, e ka re lebisa kamanong e kotsi ea maikutlo. Tharollo ke efe? Haeba u sa lokoloha hore u ka kena lenyalong, ikemisetse ho behella maikutlo hōle le motho eo u ’monang a khahleha.—Liproverbia 10:23.
Ho Itokolla le ho Emella Hōle le Boemo bo Behang Bophelo Kotsing
Ho thoe’ng haeba re iphumana re se re kene kotsing ea moea? Basesisi, ha moea le maqhubu li ba khannela mafikeng, ba furalla moea le ho boloka bohōle bo lekaneng ho tloha lebōpong ho qoba hore sekepe se se soahlamane ho fihlela ba fihla moo metsi a khutsitseng haholoanyane. Ka ho tšoanang, re tlameha ho loanela ho itšoasolla. Ka ho ela hloko keletso ea Mangolo, ho rapella thuso ea Jehova ka tieo, le ho batla thuso ho baena ba Bakreste ba hōlileng, re ka khutlela tseleng e sireletsehileng. Re tla boela re hlohonolofatsoa ka khotso ea kelello le pelo.—1 Ba-Thessalonika 5:17.
Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, ho bohlale hore re emelle hōle le “lintho tseo e leng tsa lefatše.” (Ba-Galata 4:3, NW) Ho fapana le Lota, Abrahama o ile a khetha ho lula hōle le Bakanana ba lefatše, le hoja seo se ne se bolela ho lula litenteng lilemo tse ngata. Mohlomong o ne a haelloa ke mabotho-botho a lintho tse bonahalang, empa bophelo ba hae bo bonolo bo ile ba mo sireletsa moeeng. Ho e-na le ho senyeheloa ke tumelo ea hae, o ile a fetoha “ntat’a bohle ba nang le tumelo.”—Ba-Roma 4:11, NW.
Ha e le mona re lika-likelitsoe ke lefatše la boithati leo “moea” oa lona o ntseng o ba matla haholoanyane, ho hlokahala hore re latele mohlala oa Abrahama. (Ba-Efese 2:2) Haeba re amohela tataiso ea Jehova litabeng tsohle, re tla hlohonolofatsoa ka hore re latsoe tšireletseho e tsoang ho eena ka sebele ka lerato. Re tla ikutloa joaloka Davida: “O hlabolla moea oa ka; o ntsamaisa mehlaleng ea ho loka, ka baka la lebitso la hae. Ruri, lehlohonolo le mohau li ntse li ntatela ka litšiu tsohle tsa ho phela ha ka, ’me ke tla ’ne ke hlole ka tlung ea Jehova ka mehla.” Ha ho pelaelo ka sena, ho tsamaea “mehlaleng ea ho loka,” ho e-na le ho khelohela litseleng tse kotsi, ho tla tlisa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 23:3, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Haeba u sa lokoloha hore u ka kena lenyalong, ikemisetse ho behella maikutlo hōle le motho eo u ’monang a khahleha