Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/15 maq. 26-29
  • Nyolohelo—Na ke Thuto e Senotsoeng ke Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nyolohelo—Na ke Thuto e Senotsoeng ke Molimo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Thuto
  • Seo Mangolo a Hlileng a se Bolelang
  • Maria—Mosali oa Tumelo
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Maria (’M’ajesu)
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • “Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/15 maq. 26-29

Nyolohelo—Na ke Thuto e Senotsoeng ke Molimo?

NYOLOHELO—e leng thuto ea hore Maria, ’m’a Jesu, o nyolohetse leholimong ka ’mele oa nama—e rateha haholo har’a Mak’hatholike a Roma a limilione. Rahistori George William Douglas o re: “Ke [khale] Nyolohelo, kapa ho nkeloa leholimong ha Moroetsana Maria ho hlomphuoa e le o mong oa mekete ea hae o moholo ka ho fetisisa le o ka sehloohong oa selemo sa Kereke.”

Leha ho le joalo, baruti ba K’hatholike baa lumela hore Bibele ha e bue ka Maria a nyolohela leholimong. Ka sebele, ke Mak’hatholike a ’maloa feela a hlokomelang hore thuto ena e ratoang haholo e bile mohloli oa phehisano le khanyetso tse matla haholo ka lilemo tse makholo. Joale ho tlile joang hore kereke e amohele thuto ea Nyolohelo ea Maria?a Na ho na le lebaka leha e le lefe la ho e talima e le e senotsoeng ke Molimo? Likarabo tsa lipotso tsena hase khopolo-taba feela. Li na le bohlokoa bo tebileng ho batho leha e le bafe ba ratang ’nete.

Tšimoloho ea Thuto

Ho ka u makatsa ho tseba hore makholong a pele a lilemo ka mor’a lefu la Jesu, khopolo ea Nyolohelo ea Maria leholimong e ne e sa tsejoe monahanong oa Bakreste. Ho L’Osservatore Romano moruti oa K’hatholike Jean Galot oa ngola: “Qalong, ha ho moo khopolo ea lefu la Maria e neng e amana le sechaba sa Bakreste.”

Leha ho le joalo, ka mor’a hore thuto ea Boraro-bo-bong e fetohe thuto ea kereke ka molao, Maria o ile a qala ho fuoa karolo ea bohlokoa ka ho eketsehileng. Litlotla tse ratehang tse kang “’M’a Molimo,” “ea emotsoeng a hloka sebe,” “’Muelli oa Mosali pakeng tsa Molimo le motho” le “Mofumahali oa Leholimo,” li ile tsa qala ho sebelisoa ho eena. Ka mor’a nako, moruti Galot o bolela hore “ho se re letho ha moetlo oa boholo-holo mabapi le lefu la Maria ho ne ho se ho sa khotsofatse Bakreste bao ka ho feletseng ba neng ba hlokomela phetheho ea Maria ’me ba batla ho mo rapela. Ka hona, ho ile ha hlaha litlhaloso tsa Nyolohelo, tseo e neng e le sehlahisoa sa ho inahanela ho ratoang.”

Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E., libuka tse sa amoheloeng e le karolo ea Bibele, tse buang ka nyolohelo li ile tsa qala ho abjoa. Libuka tsena li ile tsa fana ka litlaleho tse inahaneloang ka se nahanoang e le ho nyolohela ha Maria leholimong. Ka mohlala, nahana ka temana e bitsoang “Ho Robala ha ’Mè ea Halalelang oa Molimo.” Temana ena e amahanngoa le moapostola Johanne, empa ho bonahala e ile ea ngoloa hoo e ka bang lilemo tse 400 ka mor’a lefu la Johanne. Ho latela tlaleho ena ea bohata, baapostola ba Kreste ka mokhoa oa mohlolo ba ile ba phuthehela ho Maria, moo ba ileng ba ’mona ha a phekola lifofu, lithōlō, le lihlotsa. Qetellong, joalokaha ho boleloa, baapostola ba ile ba utloa Morena a re ho Maria: “Hlokomela, ho tloha joale ho ea pele ’mele oa hao oa bohlokoa o tla isoa paradeiseng, ’me sephefumolohi sa hao se halalelang se tla ba leholimong matlotlong a Ntate a khanyang haholo, moo ho nang le khotso le thabo tsa mangeloi a halalelang, ’me li tla tsoela pele ka ho sa feleng.”

Balumeli ba ile ba arabela joang libukeng tse joalo? Setsebi sa thuto e amanang le Moroetsana Maria René Laurentin oa hlalosa: “Likarabelo e bile tse fapaneng haholo. Ba lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe baa thetsoa, ka ntle ho bopaki bo eketsehileng, ba thetsoa ke pale e monate. Ba bang ba soma litlaleho tsena tse hlokang botsitso, tseo hangata li ikhanyetsang ’me li hloka le bolaoli.” Ka hona, thuto ea Nyolohelo e ile ea amoheloa ka thata molaong. Ho phaella pherekanong ena e bile ’nete ea hore seo ho boleloang hore ke mesaletsa ea setopo sa Maria e ne e ntse e rapeloa libakeng tse ling. Ho bile thata ho amohela khopolo ea hore ’mele oa hae oa nama o ile oa nkeloa leholimong.

Lekholong la bo13 la lilemo, Thomas Aquinas, joaloka baruti ba bang ba bangata, o ile a lula a lomahantse meno khahlanong le khopolo ea hore ho ka khoneha ho hlalosa Nyolohelo joaloka thuto hobane “ha e rutoe ke Mangolo.” Ho ntse ho le joalo, tumelo ena e ile ea tsoela pele e ratoa, ’me litšoantšo tseo ho nahanoang hore ke tsa nyolohelo ea Maria tse entsoeng ke batšoantši ba tummeng joaloka Raphael, Correggio, Titian, Carracci, le Rubens li ile tsa eketseha.

Qaka ena e ile ea sala e le pharela ho fihlela haufinyana tjena. Ho latela Mojesuite Giuseppe Filograssi, ho fihlela morao hoo e ka bang halofong e qalang ea lekholo la rōna la lilemo, litsebi tsa K’hatholike li ile tsa tsoela pele ho hatisa “lithuto le lipuisano tse sa rateheng ka mehla” ka thuto ea Nyolohelo. Esita le bapapa ba kang Leo XIII, Pius X, le Benedict XV, “ba ile ba shoela holimo feela ka taba ena.” Empa ka November 1, 1950, kereke e ile ea nka bohato bo tiileng. Mopapa Pius XII o ile a etsa tsebiso: “Re hlalosa thuto ena e le e senotsoeng ke Molimo le hore ’M’a Molimo ea Hlokang Sebe, Maria ea lulang e le Moroetsana ka mehla, ha tsela ea hae ea bophelo lefatšeng e fela, ’mele oa hae le sephefumolohi li ile tsa nkeloa khanyeng ea leholimo.”—Munificentissimus Deus.

Tumelo ea ho nkeloa leholimong ha ’mele oa Maria e ne e se e sa hlole e le taba ea boikhethelo har’a Mak’hatholike—e ne e le thuto ea Kereke. Mopapa Pius XII o ile a bolela hore “haeba mang kapa mang . . . a leka ho hana kapa a e-na le sebete sa hore ka boomo a belaelle seo Re se hlalositseng, o tlameha ho tseba hore o hlōlehile ho finyella tekanyetso ea Bomolimo le ea Tumelo ea K’hatholike.”

Seo Mangolo a Hlileng a se Bolelang

Ke motheong ofe kereke e theileng khopolo ee e matla? Mopapa Pius XII o boletse hore thuto ea Nyolohelo leholimong “e na le motheo oa sebele ka Mangolong a Halalelang.” Har’a mangolo ao hangata a qotsoang e le bopaki ba nyolohelo ea Maria ke Luka 1:28, 42. Litemana tsena li re ka Maria: “Lumela, uena ea tletseng mohau, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali . . , ’me ho lehlohonolo tholoana ea pōpelo ea hao.” (Douay) Ba lumelang thuto ea nyolohelo ba beha lebaka la hore Maria o ne a ‘tletse mohau,’ o tlameha a sa ka a shoa. ’Me ka ho ‘hlohonolofatsoa’ joaloka ‘tholoana ea pōpelo ea hae,’ o lokela ho ba le litokelo tse lekanang le tsa Jesu—ho akareletsa le tsa ho nyolohela ha hae leholimong. U nahana hore leo ke lebaka le utloahalang?

Lebaka le leng ke hore, litsebi tsa puo li bolela hore “ea tletseng mohau” ke phetolelo e sa nepahalang le hore lentsoe la Segerike sa pele le sebelisitsoeng ke Luka ka ho nepahetseng haholoanyane le bolela “ntho e hauhetsoeng ke Molimo.” Ka hona, Jerusalem Bible ea K’hatholike e fetoletse Luka 1:28 tjena: “Thaba, uena ea hauhetsoeng ka tsela e phahameng!” Ha ho lebaka la ho fihlela qeto ea hore Maria o ile a nyolohela leholimong ka ’mele oa nama hobane feela Molimo a ne a mo ‘hauhetse ka tsela e phahameng.’ Ka ho tšoanang, Bibeleng ea K’hatholike ea Douay ho buuoa ka moshoela-tumelo oa pele oa Mokreste, Setefane, e le ea hauhetsoeng ka tsela e phahameng, kapa “ea tletseng mohau”—’me ha ho moo tsoho ea ’mele oa nama e ’nileng ea amahanngoa le eena.—Liketso 6:8.

Leha ho le joalo, na Maria o ne a sa hlohonolofatsoa kapa ho hauheloa? E, o ne a hauhetsoe, empa ho thahasellisang, mosali ea bitsoang Jaele mehleng ea baahloli ba Iseraele o ne a nkoa a le “lehlohonolo har’a basali.” (Baahloli 5:24, Dy) Ka sebele ha ho motho ea ka phehang khang ea hore Jaele le eena o ile a nkeloa leholimong ka ’mele oa nama. Ka ntle ho moo, khopolo eohle ea Nyolohelo leholimong e theiloe maikutlong a hore Jesu ka boeena o ile a nyolohela leholimong ka ’mele oa nama. Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore Jesu o ile a “phelisoa” kapa a tsosoa “moeeng.” (1 Petrose 3:18, Dy; bapisa le 1 Ba-Korinthe 15:45.) Moapostola Pauluse o tsoela pele ho bolela hore “nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 15:42-50, Dy.

Ke ’nete hore Bibele e bua ka tsoho ea leholimo bakeng sa Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ka moea. Leha ho le joalo, 1 Ba-Thessalonika 4:13-17 (NW) e hlakisa hantle hore tsoho ena e ke ke ea simolla ho fihlela nakong ea “boteng ba Morena,” nakong ea mehla ea bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Ho fihlela nakong eo, Maria o ne a tla be a ithobaletse lefung hammoho le Bakreste ba bang ba likete ba tšepahalang.—1 Ba-Korinthe 15:51, 52.

Maria—Mosali oa Tumelo

Kholiseha hore ka ho bolela se ka holimo hase hore re hlompholla Maria. Ka ntle ho pelaelo, Maria e ne e le mosali ea behang mohlala o motle—eo tumelo ea hae e tšoanelang ho etsisoa. O ile a amohela litokelo le boikarabelo ba ho ba ’mè oa Jesu, hammoho le liteko tsohle le ho itela ho neng ho tla ameha. (Luka 1:38; 2:34, 35) Hammoho le Josefa, o ile a hōlisa Jesu ka bohlale ba bomolimo. (Luka 2:51, 52) O ile a hlola le Jesu nakong ea mahlomola a hae thupeng. (Johanne 19:25-27) Joaloka morutuoa ea tšepahalang, ka kutlo o ile a sala Jerusalema le ho latsoa tšollo ea moea oa Molimo ka Pentekonta.—Liketso 1:13, 14; 2:1-4.

Khopolo e khopamisitsoeng ea Maria e hlompholla ’Mōpi le Maria. Thuto ea Nyolohelo e sebeletsa ho matlafatsa thuto e hlokang motheo ea hore Maria ke eena ea re rapellang ho Molimo. Empa na Jesu Kreste o kile a lumela thuto e joalo? Ho fapana le hoo, o ile a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. Ekare ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.” (Johanne 14:6, 14; bapisa le Liketso 4:12.) E, Jesu Kreste a le mong, eseng Maria, ke eena ea re rapellang ho ’Mōpi. Ke ka Jesu—eseng Maria—re lokelang ho atamela Mofani oa rōna oa Bophelo bakeng sa “thuso nakong eo re e hlokang.”—Ba-Heberu 4:16, Revised Standard Version, Catholic Edition.

Ho amohela ’nete ka Maria ho ka utloisa ba bang bohloko. Mohlomong sena se ka bolela ho lahla litumelo tsa khale tse ’nileng tsa thoholetsoa. Leha ho le joalo, le hoja ho le bohloko ka linako tse ling, qetellong ’nete e ‘lokolla motho.’ (Johanne 8:32) Jesu o boletse hore Ntate oa hae o ne a batla ba mo rapelang ka “moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ho Mak’hatholike a tšepahalang, mantsoe ao ke phephetso ea sebele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsamaisong ea K’hatholike ea thuto, ho fapana le tumelo e bonolo feela, ho boleloa hore ke ’nete eo ka botšepehi e qapiloeng ke lekhotla la kereke kapa ke “thuto e sa foseng” ea mopapa. Har’a lithuto tse senotsoeng joalo ke Kereke e K’hatholike, thuto ea morao-rao tjena ke ea Nyolohelo ea Maria.

[Lebokose le leqepheng la 27]

NA MARIA O ILE A SHOA?

Na Maria o hlile a shoa pele ho nyolohelo ea hae e inahaneloang? Baruti ba K’hatholike ba iphumana ba talimane le maikutlo a mabeli a sa thabiseng ka taba ena. Nuovo dizionario di teologia e bolela hore “ho tla ba thata ho neha Maria tokelo ea ho se shoe, eo le Kreste a sa kang a ba le eona.” Ka lehlakoreng le leng, ho bolela hore Maria o hlile a shoa ho phahamisa khang e thata ka ho tšoanang. Moruti Kari Børresen o hlokometse hore “lefu ke kotlo ea sebe sa pele, seo ho latela [thuto ea “Ho Emola ho Hlokang Sebe”], se sa kang sa ama Maria.” Joale, o ne a tla shoa motheong ofe? Ha ho makatse ha ka kakaretso Mopapa Pius XII a ile a hlokomoloha taba ea lefu la Maria ka hloko ha a ne a hlalosa thuto ea Nyolohelo.

Ha e le hantle, thuto ea Bibele e lokolohile pherekanong e joalo. Ha ho moo e rutang—esita le hanyenyane feela—hore Maria e ne e le sehlahisoa sa “ho emola ho hlokang sebe.” Ho fapana le hoo, e bolela hore Maria e ne e le motho ea sa phethahalang ea hlokang topollo. Ka lebaka lena, ka mor’a tsoalo ea Jesu, o ile a ea tempeleng ’me a etsa sehlabelo sa sebe ho Molimo. (Levitike 12:1-8; Luka 2:22-24) Joaloka batho ba bang bohle ba sa phethahalang, Maria o ile a qetella a shoele.—Ba-Roma 3:23; 6:23.

’Nete ena e bonolo e hlakile ha e bapisoa le lipotso tse hlokang likarabo tse phahamisoang ke thuto ea Nyolohelo.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Setšoantšo sa ‘Nyolohelo ea Moroetsana,’ se entsoeng ke Titian (hoo e ka bang ka 1488-1576)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Giraudon/Art Resource, N.Y.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ka ho tlisa sehlabelo sa sebe tempeleng ka mor’a tsoalo ea Jesu, Maria o ile a itsebahatsa e le moetsalibe ea hlokang topollo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela