Ho Tšehetsoa ke Molimo ea ke Keng a Bua Leshano
JOALOKAHA HO BOLETSE MARY WILLIS
Liphello tsa khatello ea moruo li ne li fihlile motseng o ka thōko oa mahaeng oa Australia Bophirimela ka 1932. Selemong seo, ha ke ne ke le lilemo li 19 feela, ’na le Ellen Davies re ile ra fumana kabelo ea boboleli e neng e le bohōlo ba lisekoere k’hilomithara tse 100 000. Sebaka seo re neng re lokela ho qala ho sona ke toropo e nyenyane ea Wiluna, e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 950 ka leboea bochabela ho ha habo rōna Perth, motse-moholo oa Australia Bophirimela.
HA RE le tseleng ho ea moo, ’na le Ellen re ile ra iphumana re le ka lekarecheng la terene leo molebeli oa lona a neng a na le botsoalle. Ha terene e ema liemelong tsa nakoana tseleng, ka mosa molebeli enoa o ne a re bolella hore na e tla ema nako e kae. Sena se ne se re fa monyetla oa ho theoha le ho pakela batho ba lulang metsaneng eo e ka thōko e pel’a seporo sa terene. Qetellong re ile ra fihla toropong ea Wiluna ea batho ba sebetsang ’maeneng nakong ea sefefo sa lerōle.
Leha ho le joalo, seemelo sa terene sa Wiluna se ne se batla se le bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha toropong. Ho ne ho se le ea mong ho rōna ea neng a hlile a phetse hantle a le matla, ’me re ne re e-na le mabokose a mararo a boima a lingoliloeng le lisutuk’heisi tse peli. Re ne re tla etsa’ng? Re ile ra haka lebokose thupeng, ’me e mong a e tšoara ka lehlakoreng le leng e mong ka ho le leng. Ka tsela ena re ile ra nka mabokose ao ka bonngoe. Re ile ra boella ka makhetlo a mararo le halofo e le hore re ka isa mabokose a mararo le lisutuk’heisi tsa rōna toropong e leng bohōle ba lik’hilomithara tse tharo. Re ile ra phomola hangata hobane matsoho a rōna a ne a le bohloko haholo.
Ho sa tsotellehe lerōle, matsoho a bohloko, le maoto a khathetseng, re ile ra thabela mosebetsi ona o hlasimollang le phihlelo ena e thabisang. Ka bobeli re ile ra ikutloa hore Jehova o ne a e-na le rōna, hore o ne a re tšehelitse hore re sebetsane ka katleho le boemo bona bo bocha bo lekang qalong ea boboleli ba rōna libakeng tse hōle. Kapele re ile ra bona tlhohonolofatso ea hae mosebetsing oa rōna, le bakeng sa boiteko ba rōna leetong lela le ileng la fella ka hore Bob Horn e mocha a amohele ’nete ea Bibele. Rea thaba hore ebe Bob o ne a ka qeta lilemo tse ’maloa tšebeletsong ea Bethele le hore o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ka bang 50 ho fihlela lefung la hae ka 1982.
Ha re tloha Wiluna re ile ra bolela metsaneng e leng tseleng nakong ea leeto la rōna la lik’hilomithara tse fetang 725 ha re ea Geraldton e lebōpong. Ha re tloha moo re ile ra khutlela Perth. Masiung a mang re ne re robala liphaposing tsa ho emela terene tse se nang letho ’me ka lekhetlo le leng ra robala esita le ka molikong oa furu o ka thōko ho seporo.
Re ne re tla le selopo se tšetseng libiskiti tseo re li entseng ka phoofo ea koro. Tsena e ne e le lijo tsa rōna tse ka sehloohong halofong ea pele ea leeto la rōna. Ka linako tse ling re ne re fumana lijo ka ho hlatsoa lijana le ho hloekisa matlo a bolulo le a lijo. Ka linako tse ling re ne re sebetsa letsatsing le chesang re kotula lierekisi kapa linaoa. Menehelo e tsoang ho ba thahasellang ba neng ba amohela lingoliloeng tsa Bibele e ile ea re thusa hore re lefelle litšenyehelo tsa rōna.
Ke ile ka matlafatsoa ke mohlala le thuto ea bonyenyaneng eo ke e fumaneng ho ’mè hore ke be le tumelo ho Jehova le hore ka thabo ke sebetsane ka katleho le maemo a mangata a thata a neng a le teng mehleng eo.
Lefa la Bokreste
’Mè o ne a e-na le tumelo e matla ho ’Mōpi, ’me ho fihlela moo ke hopolang teng, o ne a ee a bue le rōna bana ka eena. Leha ho le joalo, tumelo ea hae e ile ea lekoa ke lefu la abuti oa rōna ea lilemo li supileng ea ileng a shoa kotsing e tšabehang sekolong. Empa ho e-na le hore a halefele Molimo, ’mè o ile a qala ho ithuta Bibele ka ho teba. O ne a batla ho tseba lebaka la likoluoa tse joalo, haeba ho ka khoneha. Ho batla ha hae ’nete ea Bibele ho ile ha putsoa, ’me o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo oa ’nete, Jehova, ka kolobetso ea metsing qalong ea bo-1920.
Ho tloha ka nako eo ho ea pele, lipuisano tsa rōna le eena hangata li ne li hatella taba ea kamoo litšepiso tsa Molimo li tiileng kateng. O ne a atisa ho re phehella hore ka mehla re hopole hore ho sa tsotellehe se ka etsahalang, ‘Molimo a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2, NW) Phello e bile hore ’na le ngoan’eso oa ngoanana le bo-abuti ba rōna ba babeli, hammoho le malapa a rōna le litloholo tsa rōna, kajeno re barorisi ba Jehova Molimo. Bara ba ’nake ba babeli, Alan le Paul Mason, ba sebeletsa e le balebeli ba tsamaeang.
Takatso ea Bonyenyaneng ea ho Bolela Evangeli
Ke ne ke se morutoana ea bohlale ’me ke ile ka tsoa sekolong ka 1926, ha ke le lilemo li 13. Leha ho le joalo, ke ne ke na le takatso e matla ea ho arolelana le ba bang seo ke ithutileng sona Bibeleng. Ntate o ile a nahana hore ke ne ke sa ruteha ho lekana hore nka thusa mang kapa mang, empa ’Mè o ile a re: “Esita leha a ka bolella batho ka ntoa ea Armageddone e atamelang le ka hore ba bonolo ba tla ja lefatše lefa, seo se tla tsebahatsa ’Muso oa Molimo.” Kahoo ke ile ka qala ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo lilemong tse qalang tsa bocha, le hoja ke sa ka ka kolobetsoa ho fihlela ka 1930. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka qala mosebetsi oa boevangeli ba nako e tletseng sebakeng se potolohileng Perth.
Selemong se latelang, 1931, re ile ra qala ho sebelisa lebitso la rōna le lecha Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, beng ba matlo ba bangata ba ile ba hanyetsa ho sebelisa ha rōna lebitso le halalelang la Molimo ’me ba arabela ka bohale. Leha ho le joalo ke ile ka tsoela pele tšebeletsong ho sa tsotellehe ho thulana le maemo a sa thabiseng. Ke ne ke kholisehile hore Molimo ha a bue leshano ha a tšepisa hore bahlanka ba hae ba ka ‘itšetleha ka matla ao a fanang ka ’ona.’—1 Petrose 4:11, NW; Ba-Filippi 4:13.
Ho Khetholla “Bongata bo Boholo”
Ka 1935, ke ile ka amohela kabelo ea ho ea ka lehlakoreng le leng la k’honthinente ena e khōlō ea Australia. Kahoo, ka lilemo tse ngata ka mor’a moo ke ile ka sebeletsa joaloka mosebeletsi oa pula-maliboho ho pota New England e leng setereke sa naha ea New South Wales, se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 4 000 ho tloha lehaeng leso la pele le Perth.
Ho fihlela ka nako eo ke ’nile ka ja litšoantšetso tsa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu Sehopotsong sa lefu la Jesu sa selemo le selemo. Le hoja sena se ne se talingoa e le se nepahetseng, haholo-holo ha se etsoa ke basebeletsi ba nako e tletseng ba chesehang, le ka mohla ha kea ka ka kholiseha hore ke na le tšepo ea leholimo. Joale, ka 1935, re ile ra hlakisetsoa hore ho ne ho bokelloa bongata bo boholo bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Bongata ba rōna re ile ra thabela ho utloisisa hore re karolo ea bongata boo bo boholo, ’me re ile ra khaotsa ho ja litšoantšetso. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) ’Nete ea Bibele e ne e khanya ka ho tsoelang pele, joalokaha Jehova a ile a tšepisa.—Liproverbia 4:18.
Mekhoa e Mecha ea ho Bolela
Bohareng ba bo-1930, re ile ra qala ho sebelisa kramafono tšebeletsong ea rōna. Kahoo, libaesekele tsa rōna tse matla li ne li lokela ho kenngoa lik’hereale ka pele le ka morao eseng feela bakeng sa likramafono tse boima empa le bakeng sa lirekoto hammoho le mekotlana ea rōna ea lingoliloeng. Ke ne ke lokela ho ba hlokolosi haholo ha baesekele ea ka e ne e laetse haholo hobane haeba e ne e ka oa, e ne e le boima haholo hore nka e phahamisa hape!
Hoo e ka bang ka nako eo re ile ra boela ra qala se neng se bitsoa ho macha ka boitsebiso. Ha re ntse re tsamaea literateng tse khōlō tsa litoropo, re ne re fasitse liplakate, kapa liboto ka pele le ka morao, tse nang le mapetjo a hapang tlhokomelo. Ke ile ka fumana mosebetsi ona e le teko e khethehileng ea tumelo, haholo-holo ha ke ne ke tšoeroe ’me ke koaletsoe seleng bosiu bohle toropong ea Lismore. Ho ne ho tlotlolla ho isoa ka khotla letsatsing le latelang ke sa lumelloa esita le ho kama moriri oa ka! Empa hape Jehova o ile a ntšehetsa joalokaha a ne a tšepisitse. Nyeoe e ile ea qhaloa hobane qoso ea lekosetabole le ileng la ntšoara e ne e le feela hore plakate ea ka e nyefola bolumeli ba lona.
Ke Khutlela Bophirimela
Mathoasong a bo-1940, bopula-maliboho ba ka bo ile ba nkhutlisetsa litoropong tsa naha tse Australia Bophirimela. Mona ke ile ka tsoela pele ho thabela liphihlelo tse monate le litlhohonolofatso tsa moea. Ha ke ntse ke le kabelong ea ka Northam, ke ile ka kopana le ’mè oa lelapa ea phathahaneng, Flo Timmins, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 11 ka ntle ho toropo. O ile a amohela buka Reconciliation, ’me kapele o ile a fetoha Paki ea Jehova Molimo e inehetseng. O ntse a le mafolo-folo tšebeletsong ea ’Muso, ’me morali oa hae, eo ka nako eo a neng a le lilemo li ’nè, e ile ea e-ba mosebeletsi oa pula-maliboho e khethehileng ha a hōla.
Empa ho bile le liphihlelo tse ling tse sa lebaleheng. Ka nako e ’ngoe, ’na le mosebeletsi-’moho le ’na re ne re tšela borokho Northam re le ka har’a koloi ea rōna e huloang ke pere, ha ka tšohanyetso pere e qala ho matha haholo, e etsa hore re tšohe ha re feta metsing a phoroselang a tlaase-tlaase a Nōka ea Avon. Ka mor’a hoo e ka bang k’hilomithara, pere ena e ile ea theola lebelo.
Lenyalo le Lelapa
Ka 1950, ke ile ka nyaloa ke Arthur Willis, eo le eena e neng e le pula-maliboho ka lilemo tse ngata. Re ile ra lula toropong ea mahaeng ea Pingelly e ka Bophirimela ho Australia, moo re ileng ra hlohonolofatsoa ka mora, Bentley, le morali, Eunice. Ha bana ba le haufi le ho qeta sekolong, Arthur o ile a etsa qeto ea ho ngolisa e le pula-maliboho hape. Mohlala o motle oa ntat’a bona o ile oa khothaletsa bana ba rōna ka bobeli ba bona hore ba qale ho ba bo-pula-maliboho ba ka mehla hang feela ha ba tšoaneleha.
Hangata Arthur o ne a isa bana metseng ea mahaeng e hōle bakeng sa ho ea bolela. Ka linako tse ling, o ne a lula le bona hōle le hae ka nako e etsang beke kapa ho feta moo lekhetlo ka leng, ba robala litenteng bosiu ka bong. Nakong ena eo ba leng sieo, ke ne ke sala hae bakeng sa ho hlokomela khoebo ea thepa ea ntlo, ke etsa hore ba khone ho bula maliboho ka boraro ba bona.
Tšebeletso Har’a Batala
Hoseng ho hong, hantle feela ka mor’a hore lelapa le khutle ho le leng la maeto a lona a metseng ea mahaeng, re ile ra ba le moeti ea sa lebelloang. Moeti enoa e ne e le Motala, ea ileng a botsa: “Ke lokela ho etsa eng hore ke khutle?” Pele re ne re maketse. Eaba Arthur o hlokomela hore ke monna ea ileng a khaoloa phuthehong ea Bokreste ka lebaka la botahoa lilemong tse ngata tse fetileng. Ho tloha ka nako eo o ne a na le botumo bo bobe ba ho noa ho tlōlisa le ho ba le likoloto.
Arthur o ile a hlalosa seo ho neng ho hlokahala hore a se etse e le hore a ka busetsoa ka mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng o hloekileng. O ile a tloha a khutsitse a sa bue letho, ’me kaofela re ne re ipotsa hore na o tla etsa eng. Ho ne ho se le ea mong oa rōna ea lebeletseng ho bona se ileng sa etsahala likhoeling tse seng kae tse latelang. Monna enoa o ile a etsa liphetoho tseo ho neng ho le thata ho li lumela! Hase feela hore o ile a hlaphoheloa bothateng ba hae ba ho noa empa o ile a ea ho batho seterekeng seo, a ba hopotsa ka likoloto tsa hae, ’me a lefa seo a se kolotang! Kajeno ke moena hape tumelong, ’me o ile a sebeletsa e le mosebeletsi oa pula-maliboho ka nako e itseng.
Ho ne ho na le Batala ba bangata Pingelly, ’me re ne re thabela tšebeletso e khotsofatsang haholo, re thusa batho bana ba ikokobelitseng ho ithuta le ho amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo. E bile ho matlafatsang tumelo hakaakang bakeng sa ka ho ba le karolo ho thuseng batho ba bangata ba Batala ba Australia ho ithuta ’nete!
Phutheho e ile ea thehoa Pingelly, ’me qalong, bongata ba litho tsa eona e ne e le Batala. Re ile ra tlameha ho ruta bongata ba bona ho bala le ho ngola. Ho ne ho na le leeme le lengata khahlanong le bona nakong eo ea pele, empa batho ba toropong butle-butle ba ile ba hlompha Batala ba Lipaki ka lebaka la bophelo ba bona bo hloekileng le ho ba baahi ba tšepahalang.
Thuso ea Jehova e sa Hlōleheng
Monna oa ka ea ratehang, Arthur, ea sebelelitseng Molimo ka botšepehi ka lilemo tse 57, o ile a shoa ka 1986. O ne a hlomphuoa ke bo-rakhoebo bohle ba Pingelly le batho ba setereke seo. Jehova o ile a boela a ntšehetsa, a mpha matla a ho mamella tahlehelo ena ea tšohanyetso.
Mora oa ka, Bentley, o sebeletsa e le moholo ka leboea ho Australia Bophirimela, moo eena le mosali oa hae Lorna, ba hōliselitseng bana ba bona ’neteng. Mohloli o mong oa thabo e khōlō ho ’na ke hore morali oa ka, Eunice, o tsoetse pele tšebeletsong ea nako e tletseng ho fihlela kajeno. Eena le monna oa hae, Jeff, ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho. Hona joale ke lula le bona ’me ke hlohonolofalitsoe ka hore ke khone ho ba pula-maliboho ea thusang motheong oa ka mehla.
Ka lilemo tse fetang 60, ke latsoitse ho phethahala ha tšepiso e lerato ea Jehova ea ho matlafatsa bahlanka ba hae le ho ba thusa ho sebetsana ka katleho le maemo leha e le afe ao ba ka ’nang ba lokela ho tobana le ’ona. O hlokomela litlhoko tsohle tsa rōna haeba le ka mohla re sa mo belaelle kapa ra hlōleha ho bontša kananelo bakeng sa seo a re etsetsang sona. Tumelo ea ka e matlafalitsoe ha ke ntse ke utloa letsoho la Molimo le sebetsa, ’me ke bone kamoo a fanang ka tlhohonolofatso ea hae esita le ho feta kamoo re ka utloisisang. (Malakia 3:10) Ruri, Molimo a ke ke a bua leshano!
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mary ka 1933
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Mary le Arthur lilemong tsa morao tjena