Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/15 maq. 4-7
  • Bafu ba Boemong Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bafu ba Boemong Bofe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba ne ba sa Rereloa ho Shoa
  • Tšepiso ea Eng?
  • Melaetsa e Tsoang Sebakeng sa Moea
  • Jehova, Molimo oa ’Nete le Lerato
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
    Tsoha!—2009
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Joang, Hokae, Neng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na U na le Moea o sa Shoeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/15 maq. 4-7

Bafu ba Boemong Bofe?

HO TŠABA bafu ho itšetlehile motheong o le mong—oa hore mofu o na le moea o tsoelang pele o phela ka mor’a lefu. Haeba Bibele e ruta ka ho hlakileng hore khopolo ena e fosahetse, ka hona khang ea hore na bafu ba ka u ntša kotsi e rarolotsoe ka ho feletseng. Kahoo, joale, Bibele e re’ng?

Mabapi le boemo ba bafu, Lentsoe la Molimo le re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong.”—Moeklesia 9:5, 6.

Ka lebaka leo, na bafu ba ka u thusa kapa ba u ntša kotsi? Mangolo aa latola. Bafu ha ba ikutloe ’me ba khutsitse. Ha ba khone ho bua le batho ba phelang kapa ho bontša maikutlo leha e le afe—ebang ke a lerato kapa a lehloeo—kapa ho etsa ketso leha e le efe. Ho hang ha ho hlokahale hore u ba tšabe.

Ba bang ba ka ’na ba re: ‘E, hoo e ka ’na ea e-ba ’nete haeba ho buuoa ka lefu la ’mele oa nama. Empa lefu la nama hase qetello ea bophelo; seo le se etsang ke feela ho lokolla moea ’meleng. Moea oo o ka thusa batho ba phelang kapa oa ba ntša kotsi.’ Batho ba baloang ka limilione lefatšeng ka bophara ba ikutloa ka tsela eo.

Ka mohlala, Madagascar bophelo bo nkoa e le feela ho tloha boemong bo bong ho ea ho bo bong, ka hona phupu le ho epolloa ha setopo li nkoa e le tsa bohlokoa ho feta lechato. Ho nahanoa hore motho o ne a e-tsoa ho baholo-holo ba hae ’me joale o khutlela ho bona lefung. Kahoo, matlo a batho ba phelang a etsoa ka lithupa le setene sa seretse le setoroi, e leng thepa e senyehang ka mor’a nako e itseng, athe mabitla ’ona, “mahae” a bafu, ka kakaretso a matle haholoanyane a bile a hahiloe ka thepa e tšoarellang. Ha mofu a epolloa, litho tsa lelapa le metsoalle ba ikutloa hore ba tla hlohonolofatsoa, ’me basali ba lumela hore haeba ba ka ama masapo a mong ka bona ea shoeleng, ba tla ba le matla a ho ba le bana. Empa, le hona tabeng ena, Lentsoe la Molimo le re’ng?

Batho ba ne ba sa Rereloa ho Shoa

Hoa thahasellisa ho hlokomela hore Jehova Molimo o ile a bōpa motho hore a phele, ’me o ile a bua feela ka lefu e le phello ea ho se mamele. (Genese 2:17) Ka masoabi, monna le mosali ba pele ba ile ba fela ba etsa sebe, ’me ka lebaka leo, sebe sa aparela moloko oohle oa batho e le lefa le bolaeang. (Ba-Roma 5:12) Kahoo u ka re lefu e bile karolo ea bophelo haesale ho tloha ha batho ba babeli ba pele ba hana ho mamela, e, karolo e bohloko ea bophelo. Re ne re bōpetsoe hore re phele, e leng karolo e ’ngoe ea tlhaloso ea hore na ke hobane’ng ha batho ba limilione tse se nang palo ba thatafalloa ke ho tobana le hore lefu ke qetello.

Ho ea ka tlaleho ea Bibele, Satane o ile a leka ho thetsa batho ba babeli ba pele mabapi le lefu ka ho hanyetsa temoso ea Molimo ea hore ho se mamele ho ne ho tla tlisa lefu. (Genese 3:4) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, ho ile ha hlaka hore batho baa shoa joalokaha Molimo a ile a bolela hore ba ne ba tla shoa. Kahoo, ka makholo a lilemo Satane o ile a arabela ka leshano le leng hape—la hore karolo e itseng ea moea ea motho ea pholoha ha ’mele o e-shoa. Leshano le joalo le tšoanela Satane Diabolose, eo Jesu a mo hlalositseng e le “raleshano.” (Johanne 8:44, BPN) Ho fapana le seo, karabo ea Molimo mabapi le lefu ke tšepiso e khothatsang.

Tšepiso ea Eng?

Ke tšepiso ea tsoho bakeng sa ba bangata. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tsoho” ke a·naʹsta·sis. Ka bolona le bolela “ho ema hape,” ’me le bolela ho tsosa lefung. E, motho o robala lefung, empa Molimo ka matla a hae a ka tsosa motho eo hape. Motho o lahleheloa ke bophelo, empa Molimo a ka mo fa bophelo hape. Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a re “nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Johanne 5:28, 29) Moapostola Pauluse o ile a bolela ‘tšepo ea hae ho Molimo ea hore tsoho e tla ba teng, ea ba lokileng le ba sa lokang.’ (Liketso 24:15) Jobo, mohlanka ea tšepahalang oa Molimo oa mehleng ea pele ho Bokreste, le eena o ile a bua ka tšepo ea hae ea tsoho: “Haeba motho ea phelang hantle a ka shoa na a ka phela hape? Ke tla mamella ka matsatsi ’ohle a tšebeletso e ntlamileng, ho fihlela ke lopoloha. U [Molimo] tla bitsa, ’me ke tla u araba.”—Jobo 14:14, 15, NW.

Na tšepiso e hlakileng ea tsoho ha e shanofatse khopolo ea hore bafu ba phela ba le sebōpehong sa moea? Haeba bafu ba ne ba phela ’me ba thabela ho phela leholimong kapa lefatšeng le leng la moea, morero oa tsoho e ne e tla ba ofe? Na ba ne ba tla be ba se ba sa amohela moputso oa bona kapa seo ba neng ba se reretsoe esale pele? Ho ithuta Lentsoe la Molimo ho senola hore bafu ba shoele e le ruri, ha ba ikutloe, ba robetse ho fihlela ba phaphamisoa ka matla ka tsoho lefatšeng le lecha—paradeiseng—e tšepisitsoeng ke Ntate oa rōna ea lerato, Jehova. Empa haeba lefu ha le bolele karohano ea ’mele le moea ’me haeba moea ha o tsoele pele o phela, ho thoe’ng ka litaba tse ngata tse bonahalang e le melaetsa e tsoang lefatšeng la meea?

Melaetsa e Tsoang Sebakeng sa Moea

Ho ’nile ha tlalehoa litaba tse ngata haholo tsa melaetsa eo ho nahanoang hore e amohetsoe e e-tsoa sebakeng sa moea. Ha e le hantle e tsoa hokae? Bibele e re lemosa hore ‘Satane o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka.’ (2 Ba-Korinthe 11:14, 15) E, e le hore bademona (mangeloi a marabele) ba thetse batho ba be ba ba khelose habonolo haholoanyane, ba ’nile ba bua le batho ba phelang, ka linako tse ling ba iketsa eka baa thusa.

Moapostola Pauluse o fana ka temoso e tsoelang pele ea letšolo lena la ho thetsa: “Ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa batemona.” (1 Timothea 4:1) Kahoo karabelo leha e le efe eo ho thoeng ke ea bafu ho ka etsahala hore ebe e tsoa ho bademona ba ikhakanyang joalokaha eka ke “bahlanka ba ho loka” ’me ba ntšetsa pele leshano la bolumeli, ba kenya batho bokhobeng ba litumela-khoela tse ba tlosang ’neteng ea Lentsoe la Molimo.

Ha e tiisa hore bafu ba ke ke ba bua letho, ba etsa letho, kapa ba utloa letho, Pesaleme ea 146:3, 4 (NW) e re: “Le se ke la beha tšepo ea lōna ho marena, leha e le ho mora oa motho oa lefatše, eo ho seng topollo ho eena. Moea oa hae oa tsoa, o khutlela mobung oa hae; ka letsatsi leo mehopolo ea hae ea timela.” Ke moea ofe oo o ‘tsoang’? Ke matla a bophelo a motho a tšehetsoang ke ho phefumoloha. Ka hona, nakong ea ha mofu a ne a khaotsa ho phefumoloha, matla a hae a kutlo a ile a khaotsa ho sebetsa. O ba boemong ba ho se ikutloe ka ho feletseng. Ka hona ha ho khonehe hore a laole batho ba phelang.

Ke ka lebaka leo Bibele e tšoantšang lefu la motho le la phoofolo, e bolela hore motho hammoho le phoofolo ba fihla boemong ba ho se ikutloe lefung ’me ba khutlela lerōleng leo ba entsoeng ka lona. Moeklesia 3:19, 20 e re: “Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ka kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea oa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etsoe tsohle e le lefeela. Tsohle li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.”

Jehova Molimo ka ho tseba hore bademona ba leka ho thetsa batho hore ba nahane hore ba ka bua le bafu le ho angoa ke bona, o ile a lemosa batho ba hae, Baiseraele ba boholo-holo: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea porofeta, leha e le ea botsang bafu; hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.

Ka ho hlakileng, khopolo ea hore bafu ba ka re ntša kotsi ha e tsoe ho Molimo. Ke Molimo oa ’nete. (Pesaleme ea 31:5; Johanne 17:17) ’Me o boloketse barati ba ’nete ba mo rapelang “ka moea le ka ’nete” bokamoso bo tsotehang.—Johanne 4:23, 24.

Jehova, Molimo oa ’Nete le Lerato

Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato, ‘ea sa thetseng,’ o tšepisitse: Batho ba limilione ba shoeleng ’me ba kentsoe ka mabitleng ba tla tsosoa ba lebelletse bophelo bo sa feleng lefatšeng leo le lecha la ho loka! (Tite 1:1, 2; Johanne 5:28) Tšepiso ena e lerato ea tsoho e senola hore Jehova o na le thahasello e tebileng bakeng sa boiketlo ba batho bao a ba bōpileng hape o na le takatso e tebileng ea ho felisa lefu, masoabi, le bohloko. Kahoo ha ho hlokahale hore ho tšajoe bafu kapa ho ameha ka ho sa hlokahaleng ka bona le litebello tsa bona. (Esaia 25:8, 9; Tšenolo 21:3, 4) Molimo oa rōna ea lerato le ea nang le toka, Jehova, ha a felisa bohloko ba lefu, a ka ba tsosa ’me o tla ba tsosa.

Lentsoe la Molimo, Bibele, le tletse litlhaloso tsa seo maemo a lefatše a tla ba sona lefatšeng la ho loka le lecha le tšepisitsoeng. (Pesaleme ea 37:29; 2 Petrose 3:13) E tla ba nako ea khotso le thabo le ea ho rata batho ba bang bohle. (Pesaleme ea 72:7; Esaia 9:7; 11:6-9; Mikea 4:3, 4) Bohle ba tla ba le mahae a sireletsehileng, a matle, hammoho le mosebetsi o thabisang. (Esaia 65:21-23) Ho tla ba le lintho tse ngata tse molemo tse tla jeoa ke bohle. (Pesaleme ea 67:6; 72:16) Bohle ba tla thabela khapu-khapu ea bophelo bo botle ’meleng. (Esaia 33:24; 35:5, 6) Le hoja baapostola hammoho le palo e eketsehileng e lekanyelitsoeng ba tla busa leholimong le Jesu, Bibele ha e bue ka maemo a tlhohonolofatso leholimong bakeng sa meea ea ba bang ka mor’a lefu. (Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Hona e ne e tla ba ho makatsang haeba ba likete tsa limilione ba shoeleng ba ne ba tsoela pele ho phela ka mor’a lefu.

Empa ha ho makatse ha re tseba thuto e hlakileng ea Bibele: Bafu ba khaolitse ho phela e le meea e phelang. Ba ke ke ba u ntša kotsi. Ba mabitleng a khopotso ba mpa ba phomotse feela, ha ba ikutloe ho fihlela ba tsosoa ka nako e tšoanelang ea Molimo. (Moeklesia 9:10; Johanne 11:11-14, 38-44) Joale, tšepo ea rōna le taba-tabelo li itšetlehile ka Molimo. “A re nyakalleng, re thabele topollo ea hae.”—Esaia 25:9.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Joalokaha Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlakileng, bafu ha ba etse letho ho fihlela nakong ea tsoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela