Lebitla la Petrose—Na le Teng Vatican?
“LEBITLA la Khosi ea Baapostola le fumanoe.” E bile phatlalatso ea ho thabela katleho ea Mopapa Pius XII e ileng ea phatlalatsoa ke seea-le-moea sa Vatican. E ne e le bofelong ba 1950, ’me letoto la ho epa ho rarahaneng tlas’a Kereke ea St. Peter le ne le sa tsoa phethoa. Ho ea ka ba bang, phuputso ena ea ho epolloa ha lintho tsa khale e ne e pakile hore ka sebele Petrose o ne a patiloe Vatican. Leha ho le joalo, e ne e se bohle ba lumelang.
Bakeng sa Mak’hatholike, Kereke ea St. Peter e Vatican e na le bohlokoa bo khethehileng. Buka e tataisang ea K’hatholike e re: “Sepheo sa motheo sa ho etela sebaka se halalelang Roma ke ho ea kopana le mohlahlami oa Petrose le ho fumana tlhohonolofatso ea hae, hobane Petrose o ne a tle Roma ’me o ne a patoe teng.” Empa na kannete-nete Petrose o ile a patoa Roma? Na lebitla la hae le teng Vatican? Na masapo a hae a fumanoe?
Sephiri sa ho Epolloa ha Lintho tsa Khale
Ho epa, ho ile ha qaleha ka bo-1940 ’me bonyane ho ile ha tsoela pele ka lilemo tse leshome, e ile ea e-ba taba ea phehisano e khōlō. Ke’ng e ileng ea fumanoa ke baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba khethiloe ke mopapa? Taba ea pele ke hore ba ile ba fumana sebaka sa lepato se nang le mabitla a mangata haholo a bahetene. Bohareng ba ’ona, ka tlas’a aletare ea mehleng ena ea mopapa, ba ile ba fumana lekese la polokelo ea lirelike, e leng, lerako le khocheletseng le etselitsoeng ho boloka seemahale kapa setšoantšo, se emisitsoeng ka har’a lerako le litsoeng ka bofubelu ’me se koaletsoe lipakeng tsa marako a mabeli. Qetellong, hape e le ka tsela e sa utloisiseheng, ho ile ha boela ha sibolloa le mesaletsa ea litopo tsa batho, eo ho ileng ha thoe e tsoa ho le leng la marako ao a mabeli.
Mona ke moo litlhaloso li qalehang teng. Ho ea ka litsebi tse ngata tsa K’hatholike, lintho tse sibolotsoeng li tiisa neano ea hore Petrose o ne a lula Roma a ba a shoela tumelo a le hona teng pusong ea Nero, mohlomong nakong ea mahloriso a 64 C.E. Hape ho ’nile ha thoe mesaletsa ke lirelike tsa moapostola ’me e ka khetholloa hore ke eona ka mantsoe a ngotsoeng, ao ho ea ka tlhaloso e ’ngoe a balehang ka hore, “Petrose o mona.” Ho bonahala eka Mopapa Paul VI o ne a fa khopolo-taba ena tlotla ha a ne a phatlalatsa ka 1968 ho sibolloa ha “mesaletsa ea ho shoa ha Mohalaleli Petrose, e lokeloang ke boinehelo bohle ba rōna le borapeli.”
Leha ho le joalo, ho boetse ho na le litlhaloso tse hanyetsanang le tsena. Moepolli oa lintho tsa khale oa Mok’hatholike Antonio Ferrua, Mojesuite ea ileng a ba le seabo ha ho ne ho epolloa Vatican, o ile a tiisa ka makhetlo a fetang le le leng hore ‘ha a ka a lumelloa ho phatlalatsa’ sohle seo a se tsebang ka taba eo, taba eo kamoo ho bonahalang kateng e neng e tla hanyetsana le polelo ea hore lirelike tsa Petrose li tsebahetse. Ho feta mona, buka ea Roma e fanang ka tataiso, e hlophisitsoeng ke Mok’hadinale oa K’hatholike Poupard ’me ea phatlalatsoa ka 1991, e ile ea re: “tlhahlobo ea saense ea masapo a batho a ileng a fumanoa ka tlas’a Lerako le Lefubelu ha a ka a bonahala a e-na le kamano ea letho le moapostola Petrose.” Ka ho makatsang, khatisong e hlahlamang (hamorao ka 1991), polelo eo e ne e se e nyametse, ’me ho ne ho se ho ekelelitsoe khaolo e ncha, e nang le sehlooho se reng “Ka sebele: Petrose o St. Peter’s.”
Tlhaloso ea Lintho tse Sibolotsoeng
Ho totobetse hore lintho tse sibolotsoeng li hlalosoa ka litsela tse fapaneng ke batho ba fapaneng. Ka sebele bo-rahistori ba baholo ba K’hatholike baa hlokomela hore “qaka ea histori ea hore ruri Petrose o ile a shoela tumelo a le Roma, le ea sebaka seo a ileng a patoa ho sona, lia belaetsa.” Lintho tse sibolotsoeng li senola eng?
Ho latela ba batlang ho tšehetsa neano ea K’hatholike, lekese la polokelo ea lirelike, ke “seemahale” ho ea kamoo ho boletseng moprista e mong ea bitsoang Gaius, ea ileng a phela qalong ea lekholo la boraro la lilemo. Ho latela Eusebius oa Caesarea, rahistori oa kereke oa lekholong la bone la lilemo, Gaius o ile a re a ka ‘supa seemahale sa Petrose Leralleng la Vatican.’ Batšehetsi ba neano ba re moapostola o ile a patoa moo, ka tlas’a sefika se ileng sa tsebahala e le “seemahale sa Gaius.” Leha ho le joalo, ba bang, ba hlalosa liphello tsa ho epa ka tsela e fapaneng haholo, ba supa hore Bakreste ba pele ba ne ba lebisa tlhokomelo e fokolang lepatong la bafu ba bona hape haesita le hore haeba Petrose o ile a bolaeloa moo, hore setopo sa hae ho hang se ne se ke ke sa fumaneha. (Bona lebokose, leqepheng la 29.)
Ho na le ba sa lumeleng hore “seemahale sa Gaius” (haeba seo ke sona se fumanoeng) ke lebitla. Ba tiisa hore ke sefika se ileng sa emisoa tlotlisong ea Petrose ho elella qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo le hore “hamorao se ile sa nkoa e le sefika sa lebitla.” Leha ho le joalo, ho latela moruti oa thuto ea bolumeli Oscar Cullmann, “ho eptjoa ho entsoeng Vatican ha ho tsebahatse lebitla la Petrose ho hang.”
Ho thoe’ng ka masapo? Hoa lokela ho bolela hore moo masapo a tsoang teng ha e le hantle ho ntse ho le thata ho ho utloisisa kapa ho ho hlalosa. Kaha lekholong la pele la lilemo setša se seholo sa mabitla a bahetene a metse ea boholo-holo se ne se le moo e leng Leralla la Vatican hona joale, mesaletsa e mengata ea litopo tsa batho e ile ea patoa sebakeng seo, ’me e mengata e se e ile ea fumanoa. Mantsoe a sa fellang (ao mohlomong e ka bang a lekholo la bone la lilemo) ao ba bang ba reng a tsebahatsa sebaka seo lirelike li fumanehileng ho sona e le lebitla la moapostola, mohlomong ho ne ho ka ba molemo ho supa ho ’ona e le “ho seo ho hakanngoang hore masapo a Petrose a teng ho sona.” Ho feta moo, litsebi tse ngata tsa ho hlalosoa ha mengolo ea boholo-holo li na le maikutlo a hore mengolo eo e ne e ka ’na ea bolela hore “Petrose ha a eo mona.”
‘Neano e sa Tšepahaleng’
Rahistori D. W. O’Connor o re: “Mehloli ea pele le e tšepahalang haholoanyane ha e bolele sebaka sa boshoela-tumelo ba [Petrose], empa har’a mehloli ea morao-rao le e batlang e le e ke keng ea tšeptjoa ho na le ho batlang e le tumellano ea hore ke tikolohong ea Vatican.” Ka hona, ho batla lebitla la Petrose Vatican ho ne ho thehiloe lineanong tse sa tšepahaleng. O’Connor o tiisa hore: “Ha lirelike li fetoha tsa bohlokoa bo boholo, Bakreste ba ile ba lumela ka botšepehi hore bonneteng [seemahale] sa Petrose se ile sa bontša sebaka se nepahetseng sa lebitla la hae.”
Lineano tsena li ile tsa hōla ’moho le borapeli boo e seng ba mangolo ba lirelike. Ho tloha lekholong la boraro le la bone la lilemo ho ea pele, litsi tse ngata tsa bolumeli li ile tsa sebelisa lirelike, tsa ’nete le tsa bohata—e le ho nka monyetla oa ho rua—boikitlaetsong bo matla ba ho finyella bophahamo “moeeng” le ho hōlisa matla a tsona. Kahoo, ba kholisehile hore mesaletsa ea setopo sa Petrose e ne e na le matla a mohlolo, baeti ba tšehetsang tumelo ena ba ile ba etela ho seo ho hakanngoang hore ke lebitla la hae. Qetellong ea lekholo la botšelela la lilemo, balumeli ba ne ba tloaetse ho akhela likhechana tsa masela tse bekhiloeng ka hloko holim’a “lebitla.” Tlaleho e ’ngoe ea nakong eo e re: “Ka ho hlollang, haeba tumelo ea mokōpi e tiile, ha a boela a nka lesela leo holim’a lebitla, le tla be le se le tletse makhabane a bomolimo ’me le le boima ho feta kamoo le neng le le kateng pele.” Sena se bontša hore na tumela-khoela e ne e phahame hakae ka nako eo.
Ka makholo a lilemo, litšōmo tse kang ena le lineano tse hlokang motheo li ile tsa tlatsetsa haholo khōlong ea botumo ba Kereke ea Vatican. Leha ho le joalo, ho ’nile ha phahamisoa maikutlo a hanyetsang. Lekholong la bo12 le la bo13 la lilemo, Mawaldense a ile a nyatsa ho feteletsoa hona, ’me ka Bibele a hlalosa hore ha ho mohla Petrose a kileng a ba Roma. Makholo a lilemo hamorao babuelli ba Phetoho ea Boprostanta ba ile ba pheha khang ka tsela e tšoanang. Lekholong la bo18 la lilemo, bo-rafilosofi ba tsebahalang ba ile ba nka neano ena e le e hlokang motheo, historing le Mangolong ka ho tšoana. Litsebi tse nang le bokhoni, tsa K’hatholike le tse ling li ntse li e-na le pono e tšoanang ho fihlela kajeno.
Na Petrose o Ile a Shoela Roma?
Petrose, motšoasi oa litlhapi oa Mogalilea ea ikokobelitseng, ka sebele ha a ka a ba le mohopolo oa ho ba oa bohlokoa ho feta baholo ba bang ka phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. Ho e-na le hoo o ile a ipolela e le “moholo-’moho le bona.” (1 Petrose 5:1-6, Revised Standard Version) Sebōpeho sa boikokobetso sa Petrose se hanana le majaba-jaba a feteletseng ao ho apesitsoeng lebitla leo ho hakanngoang hore ke la hae ka ’ona, joalokaha ho ka bonoa ke moeti leha e le ofe ea etelang Kerekeng ea Vatican.
E le ho tiisa bophahamo ba eona holim’a lihlopha tse ling tsa bolumeli ba Bokreste, Kereke e K’hatholike e ’nile ea batla ho tiisa neano ea ‘morao-rao le e ke keng ea tšeptjoa’ e bolelang hore Petrose o ile a lula Roma ka nako e itseng. Leha ho le joalo, ka ho makatsang, lineano tse ling tsa boholo-holo li supa setša sa hae sa lepato se se Vatican, empa kae-kae Roma. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ho sa khomareloe linneteng tse tlalehiloeng ka Bibeleng, eo e leng oona mohloli feela o tobileng oa boitsebiso bo amang Petrose? Ho hlakile ho tsoa Lentsoeng la Molimo, hore ka ho mamela litaelo tseo a li amohetseng ho sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste Jerusalema, Petrose o ile a etsa mosebetsi oa hae karolong e ka bochabela ea lefatše la boholo-holo, ho akaretsa Babylona.—Ba-Galata 2:1-9; 1 Petrose 5:13; bapisa le Liketso 8:14.
Ha a ngolla Bakreste Roma, hoo e ka bang ka 56 C.E., moapostola Pauluse o ile a lumelisa litho tse ka bang 30 tsa phutheho ka ntle le hore feela a bolele lebitso la Petrose. (Ba-Roma 1:1, 7; 16:3-23) Joale, lipakeng tsa 60 le 65 C.E., Pauluse o ile a ngola mangolo a tšeletseng a le Roma, empa ha hoa ka ha boleloa letho ka Petrose—e leng bopaki bo totobatsang hore Petrose o ne a le sieo moo.a (Bapisa le 2 Timothea 1:15-17; 4:11.) Tšebeletso ea Pauluse Roma e hlalositsoe qetellong ea buka ea Liketso, empa le mona hape, ha hoa buuoa letho ka Petrose. (Liketso 28:16, 30, 31) Ka lebaka leo, tlhahlobo e etsoang ka sepheo sa ho fumana bopaki ba Bibele, e se nang boikutlo bo nahannoeng esale pele, e ka lebisa feela qetong ea hore Petrose ha aa ka a bolela Roma.b
Ho ba “oa bohlokoa” ha mopapa ho thehiloe lineanong tse sa tšepahaleng le tšebelisong e sothiloeng ea mangolo. Ke Jesu eo e leng motheo oa Bokreste eseng Petrose. Pauluse o re: ‘Kreste ke hlooho ea Kereke.’ (Ba-Efese 2:20-22; 5:23) Ke Jesu Kreste eo Jehova a ileng a mo roma ho hlohonolofatsa le ho boloka bohle ba nang le tumelo.—Johanne 3:16; Liketso 4:12; Ba-Roma 15:29; hape bona le 1 Petrose 2:4-8.
Kahoo, bohle ba etelang ho seo ka botšepehi ba lumelang hore ke lebitla la Petrose e le hore ba tle ba ‘kopane le mohlahlami oa hae’ ba tobane le qaka ea hore na ba lumele ‘lineano tse sa tšepahaleng’ kapa ba lumele Lentsoe le tšepahalang la Molimo. Kaha Bakreste ba batla hore borapeli ba bona bo amohelehe ho Molimo, ba ‘talimile Jesu, mophethahatsi oa tumelo,’ hape ba talimile mohlaleng o phethahetseng oo a re sietseng oona hore re o latele.—Ba-Heberu 12:2; 1 Petrose 2:21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hoo e ka bang lilemong tsa 60-61 C.E., Pauluse o ile a ngola mangolo a hae a eang ho Baefese, Bafilippi, Bakolosse, Filemone le ho Baheberu; hoo e ka bang ka 65 C.E., o ile a ngola lengolo la hae la bobeli le eang ho Timothea.
b Potso “Na Petrose o Kile a ba Roma?” e ile ea tšohloa ho The Watchtower ea November 1, 1972, maqepheng a 669-71.
[Lebokose le leqepheng la 29]
“Ho epa ha hoa senola mohlala oa letho lebitleng le ka tlas’a Lekese la polokelo ea lirelike; kapa hore ka sebele ho ka ba le bonnete ba hore setopo sa Mohalaleli Petrose se kile sa fumanoa matsohong a babolai bakeng sa hore se patoe ke Bakreste. Ka tsela e tloaelehileng ea liketsahalo, setopo sa motho eo e neng e le mojaki (peregrinus), le eo mahlong a molao e neng e le senokoane feela tjee, se ne se ka ’na sa akheloa Tiber. . . . Ho feta moo, ho ne ho ke ke ha e-ba le thahasello polokong ea lirelike tsa litopo nakong ena ea pele joalokaha e bile teng hamorao, ha tumelo ea ho atamela ha bofelo ba lefatše e ne e se e qephile ’me sehlotšoana sa borapeli ba bashoela-tumelo se ne se qala ho hlahella. Ka hona, monyetla oa hore setopo sa Mohalaleli Petrose, ha e le hantle ha sea ka sa fumanoa bakeng sa lepato ke oa ’nete.”—The Shrine of St. Peter and the Vatican Excavations, ea Jocelyn Toynbee le John Ward Perkins.