Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 1/1 maq. 20-23
  • Ho Arolelana Letlotlo la Bohlokoahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Arolelana Letlotlo la Bohlokoahali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala o Susumetsang oa ’Mè
  • Ho Arolelana Letlotlo la Rōna ka Nako e Tletseng
  • Ho Phethahatsa Pakane
  • Malta le Libya
  • Kabelo e Ncha
  • Setsi sa Balepera
  • Re Tšehelitsoe ke Letlotlo
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Amohela Baeti ka Mofuthu ha Malta ho Tlisa Mahlohonolo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Tsepamisa Mahlo le Pelo Moputsong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ke Ikemiselitse ho Tsoela Pele ke Sebeletsa ’Mōpi oa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 1/1 maq. 20-23

Ho Arolelana Letlotlo la Bohlokoahali

JOALOKAHA HO BOLETSE GLORIA MALASPINA

Ha lebōpo la Sicily le likella, ’na le monna oa ka re ile ra lebisa tlhokomelo ea rōna moo re eang, sehleke-hlekeng sa Mediterranean sa Malta. E ne e le tebello e hlollang hakaakang! Ha sekepe se tšela leoatle, re ile ra nahana ka phihlelo ea moapostola Pauluse Malta lekholong la pele la lilemo.—LIKETSO 28:1-10.

SELEMO e ne e le sa 1953, ’me ka nako eo Malta e ne e sa hlokomele tšebeletso ea boboleli ea Lipaki tsa Jehova ka molao. Selemo pele ho moo, re ne re sa tsoa fumana mangolo Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ’me re ile ra abeloa Italy. Ka mor’a nako e khutšoanyane feela re ithuta Setaliana, re ne re laba-labela ho bona se re letetseng Malta.

Ho tlile joang hore ’na, ke le mosali e monyenyane, ke be moromuoa linaheng lisele? E re ke hlalose.

Mohlala o Susumetsang oa ’Mè

Ka 1926, ha lelapa leso le ne le lula Fort Frances, Ontario, Canada, ’Mè o ile a amohela bukana Millions Now Living Will Never Die ho Seithuti sa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo). O ile a e bala ka thahasello e khōlō, ’me hona bekeng eo o ile a ba teng sehlopheng sa thuto ea Bibele, ho sebelisoa makasine oa Watch Tower. ’Mè e ne e le sebali se chesehang sa Bibele, ’me o ile a amohela molaetsa o buang ka ’Muso oa Molimo e le letlotlo leo a neng a ntse a le batla. (Mattheu 6:33; 13:44) Ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi e tsoang ho Ntate, ’me le hoja ’Mè a ne a e-na le banana ba banyenyane ba bararo bao a lokelang ho ba hlokomela, o ile a ema a tiile ho seo a neng a ithuta sona.

Tumelo ea ’Mè e sa thekeseleng nakong ea lilemo tse 20 tse latelang e ile ea boloka ’na le baholoane ba ka ba babeli, Thelma le Viola, re le leseling ka tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka. (2 Petrose 3:13) O ile a tobana le liteko tse ngata tse thata, empa le ka mohla ha rea ka ra belaella ho loka ha tsela eo a e khethileng.

Ka 1931, ha ke ne ke le lilemo li leshome feela, re ile ra fallela polasing e ’ngoe Minnesota e ka leboea, U.S.A. Mono re ne re le thōko re sa hlole re kopana kamehla le Lipaki tsa Jehova empa re se thōko le taeo ea Bibele e tsoang ho ’Mè. Tšebeletso ea hae e inehetseng e le morekisi oa libuka tsa bolumeli, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng, e ile ea ntšusumelletsa ho kopanela le eena mosebetsing oo. Ka 1938 ’na le barali beso ba babeli re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka ho kolobetsoa kopanong e ’ngoe Duluth, Minnesota.

Hoba ke fete sekolong se phahameng ka 1938, ’Mè o ile a nkhothalletsa hore ke kenele thupelo e ’ngoe ea khoebo e le hore nka iphelisa ke le pula-maliboho (lebitso le lecha bakeng sa barekisi ba libuka tsa bolumeli). Sena se ipakile e le keletso e ntle, haholo-holo ha Ntate a ile a etsa qeto ea ho ikela ka tsela ea hae ’me a re siea re le bang.

Ho Arolelana Letlotlo la Rōna ka Nako e Tletseng

Qetellong ke ile ka fallela California, ’me ka 1947, ke ile ka qala mosebetsi oa bopula-maliboho San Francisco. Ha re ntse re tšoarahane le mosebetsi oa ho lokisetsa kopano bakeng sa Kopano ea “Katoloso ea Lichaba Tsohle” Los Angeles, ke ile ka kopana le Francis Malaspina. Pakane ea rōna e tšoanang ea mosebetsi oa boromuoa e ile ea lebisa qalong ea kamano e lerato. Re ile ra nyalana ka 1949.

Ka September 1951, ’na le Francis re ile ra memeloa tlelaseng ea bo18 ea Gileade. Ka letsatsi la phano ea mangolo, ka la 10 February, 1952, ka mor’a likhoeli tse hlano tsa koetliso e matla, ho ile ha boleloa linaha tseo re neng re tla romeloa ho tsona ka tatellano ea litlhaku ke mookameli oa sekolo seo, Nathan H. Knorr. Ha a re: “Italy, Moena le Khaitseli Malaspina,” likelellong tsa rōna re ne re se ntse re le leetong!

Libeke tse seng kae hamorao, re ile ra palama sekepe New York bakeng sa leeto la matsatsi a leshome ho ea Genoa, Italy. Giovanni DeCecca le Max Larson, basebetsi ba ntlo-khōlō Brooklyn, ba ne ba le teng boema-kepe ho tla re lakaletsa tsela-tšoeu. Genoa, re ile ra khahlametsoa ke baromuoa ba neng ba tloaelane le ho rarahana ha mekhoa ea ho kena ka har’a naha.

Re nkehile ke sohle se re potolohileng, re ile ra palama terene ho ea Bologna. Pono ea rōna ha re fihla e ne e le ea motse o harasantsoeng ke libomo tsa Ntoa ea II ea Lefatše. Empa ho ne ho boetse ho e-na le lintho tse ngata tse thabisang, tse kang monko oo u ke keng oa u qoba oa kofi e halikiloeng o tlalang moeeng oa hoseng le monko oa linoko tsa moro o latsoehang o lokiselitsoeng mefuta e se nang palo ea pasta.

Ho Phethahatsa Pakane

Re ile ra qala tšebeletsong ka nehelano eo re e tšoereng ka hlooho, ’me re ne re nehelana ka eona ho fihlela molaetsa o amoheloa kapa monyako o koaloa. Takatso ea ho batla ho itlhalosa e ile ea re susumelletsa ho ithuta puo ka matla. Ka mor’a likhoeli tse ’nè, re ile ra abeloa lehae le lecha la boromuoa Naples.

Motse ona o moholohali o tsebahala ka chebahalo ea oona e babatsehang. Re ile ra thabela tšebeletso ea rōna mono, empa ka mor’a likhoeli tse ling tse ’nè, monna oa ka o ile a abeloa mosebetsi oa potoloho, kapa oa ho tsamaea re etela liphutheho ho tloha Roma ho ea Sicily. Ka mor’a nako, re ile ra boela ra etela Malta esita le Libya Afrika e ka Leboea.

Maeto a terene ho tloha Naples ho ea Sicily lilemong tseno e ne e le teko ea ho mamella ’meleng. Re ne re ee re palame terene e tletseng ’me re eme re petetsane lipakeng tsa litulo, ka linako tse ling lihora tse tšeletseng ho isa ho tse robeli. Leha ho le joalo, ho ile ha re fa monyetla o motle oa ho ithuta ba re potolohileng. Ka linako tse ngata mopotjo o moholo oa veine e etselitsoeng hae o ne o sebeletsa e le setulo ho mong’a oona, seo ka nako e ’ngoe a neng a ee a sebelise se ka hare ho tlosa lenyora nakong ea leeto le lelelele. Baeti ba nang le botsoalle hangata ba ne ba ithaopela ho arolelana le rōna bohobe ba bona le salami, ketso e bontšang ho amohela baeti le e futhumatsang pelo eo re neng re e ananela.

Sicily re ne re ee re khahlametsoe ke metsoalle e neng e nka lisutuk’heise tsa rōna ho hloa thaba re iketlile ka lihora tse tharo le halofo ho ea phuthehong e ka holimo. Ho re amohela ha baena ba rōna ba Bakreste ka mofuthu ho ne ho re lebatsa mokhathala oa rōna. Ka linako tse ling re ne re palama limmoulo tse tsebang ho hloa thaba, empa le ka mohla re ne re sa shebe tlaase letsoapong moo ha ’moulo o ne o ka re khiri! re neng re tla tsubellela teng. Ho emela ’nete ea Bibele ha baena ba rōna ba tiile ho sa tsotellehe mathata a bona ho ile ha re matlafatsa, ’me lerato leo re ileng ra le bontšoa le ile la re etsa hore re lebohe ho ba le bona.

Malta le Libya

Re tletse mehopolo ea baena ba rōna Sicily, re ile ra sesisetsa Malta. Moapostola Pauluse o ne a ile a fumana batho ba mosa mono, ’me ho bile joalo le ho rōna. Sefefo Koung ea St. Paul se ile sa etsa hore re hlokomele kotsi eo likepe tse nyenyane li neng li tobana le eona lekholong la pele la lilemo. (Liketso 27:39–28:10) Empa kapele e ne e le Libya. Re ne re tla tsoella joang naheng ee ea Afrika moo mosebetsi oa rōna o neng o thibetsoe?

Le mona ra boetse ra fumana mokhoa oa bophelo o fapaneng ka ho feletseng. Chebahalo le melumo ea motse oa Tripoli li ile tsa hapa tlhokomelo ea ka ha re ntse re tsamaea literateng tse lipilara tsa sebaka sa toropo. Banna ba ne ba sebelisa liaparo tse lohiloeng ka boea ba kamele ho itšireletsa mochesong o bataolang oa Lehoatata la Sahara motšehare le bosiu ha ho pholile. Re ile ra ithuta ho ananela le ho hlompha tsela eo batho ba ikamahanyang le maemo a leholimo a moo ba phelang teng.

Cheseho e hlokolosi ea baena e ile ea re ruta ho hoholo mabapi le ho itšetleha haholo ka Jehova le ho latela litaelo tsa ba nang le tsebo haholoanyane ka ho bolela tlas’a maemo a joalo. Baena ba rōna ba Bakreste e ne e le ba lichaba tse ngata; empa ba ne ba sebetsa ka kutloano tšebeletsong ea bona ho Jehova.

Kabelo e Ncha

Ka lebaka la khanyetso mosebetsing oa rōna oa ho bolela, re ile ra tlameha ho tloha Italy, empa ka thabo re ile ra amohela kabelo e ncha ea boboleli Brazil ka 1957. ’Na le Francis re ile ra tloaelana le bophelo le meetlo ea moo, ’me ka mor’a likhoeli tse robeli, Francis o ile a memeloa ho etsa mosebetsi oa potoloho. Re ne re tsamaea ka bese, ka sefofane, le ka maoto. Naha ena e khōlōhali, e ntle e ne e phetleha ho rōna joaloka thuto ea jeokrafi.

Potoloho ea rōna ea pele e ne e akarelletsa liphutheho tse leshome motseng oa São Paulo, hammoho le litorotsoana tse leshome ho kenella hare le sebakeng sa lebōpo le ka boroa la setereke sa São Paulo. Ho ne ho se na liphutheho litoropong tseo ka nako eo. Re ne re ee re fumane sebaka sa ho lula, ’me ka mor’a hore re tsitse, re ne re ee re ee ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ’Muso. Re ne re boetse re siea limemo bakeng sa ho ea bona e ’ngoe ea lifilimi tse rutang tsa Mokhatlo oa Watch Tower.

Ho palama bese re nkile lifilimi, projector, transformer, lifaele, libuka, limemo le thepa ea ho tempa ka letsoho sebaka seo filimi e tlang ho bontšoa ho sona limemong e ne e se mosebetsi o bobebe. Ha ho bapisoa, sutuk’heise ea rōna e nyenyane ea liphahlo e ne e se ntho e khōlō. Projector e ne e tlameha ho aletsoa liropeng tsa rōna e le hore e tle e se ke ea khehlemana ha ho tsamauoa litseleng tse mokurutlane.

Ka mor’a hore re fumane sebaka seo re tla bontša filimi ho sona, re ne re ee re ee ka ntlo le ntlo le ho siea limemo tsa pontšo ea filimi eo. Ka linako tse ling re ne re fumana tumello ea ho bontša filimi ntlong ea ho jela kapa hoteleng. Ka linako tse ling re ne re otlolla shiti pakeng tsa lipalo tse peli moo ho bulehileng. Bamameli ba nang le kananelo, bao ba bangata ba bona ba neng ba e-so ho ka ba bona baesekopo, ba ne ba ee ba eme ’me ba mamele ka hloko ha Francis a bala tlhaloso. Ka morao ho moo, re ne re ee re abe lingoliloeng tsa Bibele.

Hore re fihle metseng, re ne re tsamaea ka bese. Tse ling tsa linōka li ne li se na borokho, kahoo bese e ne ee e behoe holim’a lithupa tse khōlō tse hokahantsoeng ebe ea phaphamala ho tšelela ka ’nģane ho nōka. Re ne re eletsoa hore re theohe bese ’me, haeba re bona bese e thellela ka nōkeng, re qhomele ka lehlakoreng le leng la lithupa tseo ho qoba ho noela metsing. Ka lehlohonolo, ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le bese eo re neng re le ho eona e oelang ka nōkeng—e leng ntho e ntle, haholo-holo kaha nōka ena e ne e tsebahala ka hore e na le litlhapi tse bitsoang piranha tse jang nama!

Ka mor’a ho ba teng kopanong ea machaba New York ka 1958, re ile ra khutlela Brazil, moo ka mor’a nakoana re ileng ra khutlela mosebetsing oa ho tsamaea. Setereke sa rōna se ne se re lebisa moeling oa Uruguay ka boroa, Paraguay ka bophirimela, setereke sa Pernambuco se le ka leboea, ’me Leoatle la Atlantic le le ka lehlakoreng le ka bochabela ho Brazil.

Setsi sa Balepera

Bohareng ba bo-1960, re ile ra amohela memo ea ho ea bontša e ’ngoe ea lifilimi tsa Mokhatlo setsing se seng sa balepera. Ke tlameha ho lumela hore ke ne ke batla ke tšohile. Re ne re e-na le tsebo e nyenyane ka lepera, ka ntle le seo re se balileng Bibeleng. Hoba re kene komponeng eo, e neng e pentiloe ka bosoeu, re ile ra lebisoa holong e khōlō. Karolo e ’ngoe e ne e arotsoe ka ropo bohareng bakeng sa rōna le thepa ea rōna.

Setsebi sa motlakase se neng se re thusa se ne se lutse setsing seo ka lilemo tse 40. O ne a khaohile matsoho le likarolo tse ling tsa ’mele oa hae, li mo hlokisa tšobotsi hampe. Ke ne ke tsielehile pele, empa boitšoaro ba hae bo hlasimollang le kelello ea hae ha a tšoara mosebetsi oa hae li ile tsa etsa hore ke phutholohe. Kapele re ne re buisana ka lintho tse ngata ha re qetella litokisetso tse hlokahalang. Ho batho ba sekete ba tšoeroeng ke bohloko bona ba lulang mehahong eo, ba fetang makhōlo a mabeli ba ile ba e-ba teng. Ha ba ntse ba hlotsa ba kena, re ile ra hlokomela maemo a mangata a sa tšoaneng a lefu lena le ba tšoereng. E bile phihlelo e susumetsang le e amang maikutlo hakaakang ho rōna!

Re ile ra nahana ka seo Jesu a ileng a se bua ho molepera ea ileng a kōpa, “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa.” Ha a ama monna eo, Jesu o ile a mo tiisetsa, “Kea rata, u ntlafale.” (Mattheu 8:2, 3) Hoba lenaneo leo le fele, ba bangata ba ile ba re atamela ho tla re leboha hore e be re tlile, ’mele ea bona e senyehileng e le bopaki bo totobetseng ba ho utloa bohloko ho hoholo ha moloko oa batho. Hamorao, Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa ithuta Bibele le ba lakatsang ho ithuta ho eketsehileng.

Ka 1967 re ile ra khutlela United States ho ea hlokomela mathata a mang a tebileng a bophelo. Ha re ntse re tsoela pele ho sebetsana le ’ona, re ile ra boela ra fuoa tokelo ea ho sebeletsa mosebetsing oa potoloho. Ka lilemo tse latelang tse 20, ke ile ka kopanela le Francis mosebetsing oa ho tsamaea United States. Nakong eona ena o boetse a ruta Sekolong sa Tšebeletso ea ’Muso.

E bile mohloli oa khothatso e kaakang ho ’na ho ba le monna ea lerato le motsoalle ea tšepahalang ea neng a hlokomela kabelo leha e le efe eo a neng a e fuoa! Re le hammoho re bile le tokelo ea ho arolelana letlotlo la ’nete ea Bibele likarolong tsa lik’honthinente tse ’nè.

Re Tšehelitsoe ke Letlotlo

Morao koana ka 1950, ’Mè o ile a nyaloa ke David Easter, moena ea tšepahalang ea ileng a kolobetsoa ka 1924. Ba ile ba sebeletsa hammoho lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, nakong e qetellang ea bophelo ba ’Mè, Alzheimer’s disease e ile ea qala ho iponahatsa. O ile a hloka tlhokomelo e ngata kaha lefu lena le ne le fokotsa matla a kelello ea hae. Barali beso ba tšehetsang le David ba ile ba jara boikarabelo bo boima ba ho mo hlokomela, kaha ba ne ba sa batle hore re tlohele litokelo tsa rōna tse khethehileng tsa tšebeletso ea nako e tletseng. Mohlala oa ’Mè o tšepahalang ho fihlela lefung la hae ka 1987 o ile oa etsa ho hoholo ho re thusa ho rera tsela ea rōna ea bophelo, ’me tšepo eo a neng a e-na le eona ea moputso oa leholimo e ile ea re tšelisa.

Ka 1989, ke ne ke bona hore Francis ha a sa le sehlahlo joaloka pele. Re ne re sa hlokomele hore o ne a tšoeroe ke snail fever, lefu le tsebahalang haholo likarolong tse ngata tsa lefatše. Ka 1990, sera sena se sa khathaleng se ile sa mo hlōla, ’me ke ile ka lahleheloa ke molekane oa ka ea ratoang eo ke neng ke ile ka kopanela le eena lilemo tse fetang 40 tšebeletsong ea Jehova.

Liphetoho ke karolo ea bophelo. Tse ling li bonolo, ’me tse ling li thata. Empa Jehova, Mofani oa letlotlo la bohlokoahali la ’nete ea Bibele, o ile a ntšehetsa ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng le lerato le khothatso ea lelapa leso. Ke ntse ke fumana khotsofalo ha ke ntse ke lebelletse ho phethahala ha litšepiso tsohle tse sa hlōleheng tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ha ’na le monna oa ka re le baromuoa Italy

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela