Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 8/1 maq. 21-25
  • Ho Tsepamisa Mahlo le Pelo Moputsong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsepamisa Mahlo le Pelo Moputsong
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Re ea Kabelong ea Rōna
  • Likabelo Tse Ncha
  • Ke Khutlela States
  • Re ea Sekolong sa Gileade Hape
  • Re Fuoa Kabelo ea ho ea Argentina
  • Re Khutlela States Hape
  • Ho Batla ’Muso Pele—Ho Etsa Hore Bophelo e be bo Sireletsehileng le bo Monate
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Hahamalla Pakane eo ke Ipehetseng Eona ha ke ne ke le Lilemo li Yšeletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Ikemiselitse ho Tsoela Pele ke Sebeletsa ’Mōpi oa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 8/1 maq. 21-25

Ho Tsepamisa Mahlo le Pelo Moputsong

JOALOKAHA HO BOLETSE EDITH MICHAEL

Mathoasong a bo-1930, re ne re lula kantle ho St. Louis, Missouri, U.S.A., ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a re etela. Hona hoo terata ea liaparo ea khaoha, ’me liaparo tsa ’Mè tse tšoeu toa! tsa oela seretseng. O ile a amohela libuka tseo a ileng a li fuoa, hore feela mosali eo a tsamaee, ’me a li beha rakeng, a li lebala.

EO E ne e le mehla ea khatello ea moruo, ’me Ntate o ne a sa sebetse. Ka letsatsi le leng o ile a botsa hore na ho na le ntho eo a ka e balang ka tlung. ’Mè o ile a ’molella ka libuka tseo. O ile a qala ho li bala, ’me ka mor’a nakoana o ile a re: “’Mè, ena ke ’nete!”

O ile a araba: “Oho, e mpa feela e le bolumeli bo bong bo batlang chelete joaloka malumeli a mang ’ohle.” Leha ho le joalo, Ntate o ile a mo phehella hore a lule fatše ’me a bale mangolo le eena. Ha a etsa joalo, le eena o ile a kholiseha. Ka mor’a moo ba ile ba qala ho batla Lipaki ’me ba fumana hore li kopanela holong e hiriloeng pel’a setsi sa St. Louis, holo e neng e boetse e sebelisoa bakeng sa litantši le mekete e meng.

Ntate le ’Mè ba ile ba ea le ’na—ke ne nka ba lilemo li tharo—’me ba fumana holo eo, empa ho ne ho ntse ho tantšoa. Ntate o ile a fumana nako eo liboka li neng li tšoaroa ka eona, ’me re ile ra khutla. Hape re ile ra qala ho ba teng thutong ea Bibele ea beke le beke pel’a moo re neng re lula teng. E ne e tšoareloa lelapeng la mosali eane ea neng a ile a re etela qalong. O ile a botsa: “Ke hobane’ng ha u sa tle le bara ba hao?” ’Mè o ne a hlajoa ke lihlong ho ’molella hore ha ba na lieta. Ha a qetella a boletse, ba ile ba fuoa lieta, ’me likhaitseli tsa ka li ile tsa qala ho ea le rōna libokeng.

’Mè o ile a fuoa tšimo eo a bolelang ho eona pel’a lapeng, ’me o ile a qala tšebeletso ea ntlo le ntlo. Ke ne ke tsamaea le eena ke ipata ka mor’a hae. Pele a ithuta ho khanna, re ne re tsamaea sebaka se fetang k’hilomithara ho ea tšoara bese e neng e re isa libokeng St. Louis. Esita leha boemo ba leholimo bo ne bo le bobe haholo ke lehloa, le ka mohla ha rea ka ra fosoa ke liboka.

Ka 1934, ’Mè le Ntate ba ile ba kolobetsoa. Le ’na ke ne ke batla ho kolobetsoa, ’me ke ile ka ’na ka phehella ho fihlela ’Mè a kōpa Paki e ’ngoe e hōlileng hore e bue le ’na ka hona. O ile a mpotsa lipotso tse ngata ka tsela eo ke neng nka utloisisa. Eaba o bolella batsoali ba ka hore ha kea lokela ho thibeloa ho kolobetsoa; ho ka ’na ha ntša khōlo ea ka ea moea kotsi. Ka hona ke ile ka kolobetsoa lehlabuleng le latelang, ha ke ne ke sa ntse ke le lilemo li tšeletseng.

Ke ne ke rata bukana ea Home and Happiness, eo ke neng ke e nka ka linako tsohle, ke bile ke e kenya tlas’a mosamo ha ke robala. Ke ne ke kōpa ’Mè khafetsa hore a mpalle eona, ho fihlela ke e tseba ka hlooho. Sekoahelo sa eona se ne se e-na le setšoantšo sa ngoanana e monyenyane Paradeiseng a e-na le tau. Ke ne ke re ngoanana eo e monyenyane ke ’na. Setšoantšo seo se nthusitse ho tsepamisa mahlo a ka moputsong oa bophelo lefatšeng le lecha la Molimo.

Ke ne ke le lihlong haholo, empa le hoja e ka ’na eaba ke ne ke thothomela, kamehla ke ne ke araba lipotso Thutong ea Molula-Qhooa ea phutheho.

Ka masoabi, Ntate o ile a tšaba hore o tla felloa ke mosebetsi, ka hona o ile a tlohela ho kopanela le Lipaki. Likhaitseli tsa ka le tsona li ile tsa etsa joalo.

Tšebeletso ea Nako e Tletseng

’Mè o ile a lumella bo-pula-maliboho kapa basebeletsi ba nako e tletseng hore ba emise k’haravene ea bona ka mor’a ntlo ea lapeng, ’me ha sekolo se e-tsoa ke ne ke sebetsa le bona tšebeletsong. Kapele ke ne ke batla ho bula maliboho, empa Ntate o ile a hanyetsa sena, a lumela hore ke lokela ho fumana thuto ea lefatše e eketsehileng. Qetellong ’Mè o ile a mo kholisa hore a ntumelle ho bula maliboho. Ka hona ka June 1943, ha ke ne ke le lilemo li 14, ke ile ka qalisa tšebeletso ea nako e tletseng. E le hore nka kenya letsoho litšenyehelong tsa lelapa, ke ile ka sebetsa mosebetsi oa boipheliso oa nakoana, ’me ka linako tse ling ke ne ke sebetsa ka nako e tletseng. Empa ke ne ke finyella pakane ea khoeli le khoeli ea lihora tse 150 mosebetsing oa ho bolela.

Ka mor’a nako ke ile ka fumana mosebetsi-’moho oa pula-maliboho, Dorothy Craden, ea neng a qalile ho bula maliboho ka January 1943, ha a ne a le lilemo li 17. E ne e kile ea e-ba Mok’hatholike ea matla, empa ka mor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tšeletseng, o ile a kolobetsoa. Ka lilemo tse ngata e bile mohloli oa khothatso le matla ho ’na, le ’na ke bile joalo ho eena. Re ile ra atamelana ho feta barali ba motho.

Ho tloha ka 1945, re ne re bula maliboho hammoho metsaneng ea Missouri moo ho neng ho se na liphutheho. Re ile ra hloekisa holo ea liboka Bowling Green; ’Mè o ile a tla re thusa. Joale re ne re kena malapeng ’ohle motseng ona beke ka ’ngoe ’me re memela batho puong ea phatlalatsa eo re neng re lokisetsa hore barab’abo rōna ba tsoang St. Louis ba tl’o e beha. Ba lipakeng tsa 40 le 50 ba ne ba e-ba teng libokeng beke le beke. Hamorao re ile ra etsa se tšoanang Louisiana, moo re ileng ra hira tempele ea Masona. Ho lefa litšenyehelo tsa ho hira liholo tsena, re ne re lokisetsa mabokose a monehelo, ’me ho ne ho lefshoa litšenyehelo kaofela beke ka ’ngoe.

Ha re tloha moo re ile ra ea Mexico, Missouri, moo re ileng ra hira kamore e ka pele mohahong oa lebenkele. Re ile ra e lokisa bakeng sa hore phutheho e nyenyane ea moo e e sebelise. Mohaho ona o ne o e-na le likamore tse kopaneng le oona, tseo re neng re lula ho tsona. Re ile ra boela ra thusa ho lokisetsa hore lipuo tsa phatlalatsa li behoe Mexico. Joale re ile ra ea motse-moholo oa naha eo, Jefferson City, moo hoseng ho hong le ho hong har’a beke re neng re etela bahlanka ba ’muso liofising tsa bona. Re ne re lula kamoreng e ka holim’a Holo ea ’Muso le Stella Willie, eo e neng eka ’mè ho rōna.

Ho tloha moo boraro ba rōna re ile ra ea metseng ea Festus le Crystal City, e neng e atamelane. Re ne re lula ka ntlong ea likhoho e fetotsoeng ea bolulo e neng e le ka mor’a ntlo ea lelapa le thahasellang. Kaha ho ne ho se na banna ba kolobelitsoeng, re ne re tšoara liboka tsohle. Bakeng sa mosebetsi oa nakoana, re ne re rekisa litlolo. Re ne re futsanehile. Ha e le hantle, re ne re sa khone le hore ho koaloe masoba a lieteng tsa rōna, ka hona hoseng ho hong le ho hong re ne re li kenya k’hateboto ka hare, ’me bosiu e mong le e mong oa rōna o ne a hlatsoa mose oo e neng e le oona feela oo a nang le oona.

Mathoasong a 1948, ha ke ne ke le lilemo li 19, ’na le Dorothy re ile ra fumana limemo tsa ho ba tlelaseng ea bo12 ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower sa baromuoa. Ka mor’a thupelo ea likhoeli tse hlano, liithuti tse lekholo li ile tsa abeloa mangolo a tsona ka la 6 February, 1949. E ne e le nako e monate haholo. Batsoali ba ka ba ne ba falletse California, ’me ’Mè o ile a tla a tloha hōle moo ho tla ba teng.

Re ea Kabelong ea Rōna

Liithuti tse 28 tse qetileng sekolong li ile tsa fuoa kabelo Italy—tse 6, ho akarelletsa Dorothy le ’na, tsa fuoa kabelo motseng oa Milan. Ka la 4 March, 1949, re ile ra tloha New York ka sekepe sa Italy, Vulcania. Leeto leo le ile la nka matsatsi a 11, ’me leoatle le befileng le ile la etsa hore bongata ba rōna re kulisoe ke ho tsukutleha ha sekepe. Mor’abo rōna Benanti o ile a tla boema-kepeng ba Genoa ho tla kopana le rōna le ho re khutlisetsa Milan ka terene.

Ha re fihla lehaeng la baromuoa la Milan, re ile re fumana lipalesa tseo ngoanana e monyenyane oa Motaliana a neng a li behile likamoreng tsa rōna kaofela. Lilemo hamorao ngoanana enoa, Maria Merafina, o ile a ea Gileade, a khutlela Italy, ’me ke ile ka sebeletsa hammoho le eena lehaeng la baromuoa!

Hoseng ha ka mor’a hore re fihle Milan, re ile ra hloelisa kantle ka fensetere ea kamore eo ho itlhatsoetsoang ho eona. Seterateng se ka morao ho ne ho e-na le mohaho oa lifolete o moholo o ranthantsoeng ke libomo. Sefofane sa libomo sa Amerika ka phoso se ne se ile sa lahlela bomo e ileng ea bolaea malapa ’ohle a 80 a neng a lula moo. Ka nako e ’ngoe, libomo li ile tsa fosa fektheri eaba li otla sekolo ’me tsa bolaea bana ba 500. Ka hona batho ba ne ba sa rate Maamerika.

Batho ba ne ba khathetse ke ntoa. Ba bangata ba ne ba re haeba ntoa e ’ngoe e ka qhōma, ba ne ba ke ke ba balehela libakeng tsa ho itšireletsa libomong empa ba ne ba tla lula hae ebe ba bulela khase ’me ba shoele moo. Re ile ra ba kholisa hore ha re moo ho emela United States kapa ’muso leha e le ofe oa motho, empa re emela ’Muso oa Molimo, o tla felisa lintoa tsohle le mahlomola ao li a tlisang.

Motseng o moholo oa Milan, phutheho e le ’ngoe feela ea batho ba ka bang 20 kapa ho feta e ne e kopanela lehaeng la baromuoa. Ho ne ho sa hlophisoa masimo bakeng sa boboleli ka nako eo, ka hona re ile ra qala ho paka mohahong o moholo oa lifolete. Foleteng ea pele, re ile ra kopana le Monghali Giandinotti, ea neng a batla hore mosali oa hae a tsoe kerekeng, ka hona o ile a amohela e ’ngoe ea lingoliloeng tsa rōna. Mofumahali Giandinotti e ne e le mosali ea nang le thahasello ea sebele, a e-na le lipotso tse ngata. O ile a re: “Ke tla thaba ha le ithuta Setaliana, e le hore le ka nthuta Bibele.”

Lisiling tsa lifolete tsa bona li ne li phahame ’me khanya e le lerootho, ka hona o ne a ee a behe setulo sa hae holim’a tafole bosiu e le hore a ka ba haufi le khanya a bale Bibele. O ile a botsa: “Haeba ke ithuta Bibele le lōna, na nka ’na ka ea kerekeng?” Re ile ra mo bolella hore ho tsoa ho eena. O ne a e-ea kerekeng ka Sontaha hoseng ebe o tla libokeng tsa rōna motšehare oa mantsiboea. Joale ka letsatsi le leng o ile a re, “Ha ke sa tla ea kerekeng.”

Re ile ra botsa: “Hobane’ng?”

“Hobane ha ba rute Bibele, ’me ke fumane ’nete ka ho ithuta Bibele le lōna.” O ile a kolobetsoa ’me a ithuta le basali ba bangata ba neng ba e-ea kerekeng letsatsi le leng le le leng. Hamorao o ile a re bolella hore haeba re ne re ile ra mo bolella hore a se ke a ea kerekeng, a ka be a ile a khaotsa ho ithuta ’me mohlomong a sa ka a hlola a ithuta ’nete.

Likabelo Tse Ncha

Ka mor’a nako e itseng ’na le Dorothy, hammoho le baromuoa ba bang ba bane, re ile ra fuoa kabelo motseng oa Mataliana oa Trieste, moo ka nako eo ho neng ho lula masole a Brithani le Amerika. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang leshome feela, empa lenane lena le ile la hōla. Re ile ra bolela Trieste ka lilemo tse tharo, ’me ha re tloha, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 40, ba 10 ho bona e ne e le bo-pula-maliboho.

Kabelo ea rōna e latelang e ne e le motseng oa Verona, moo ho neng ho se na phutheho. Empa ha kereke e hatella ba nang le matla a ho laela lefatšeng, re ile ra tlameha ho tloha. ’Na le Dorothy re ile ra fuoa kabelo Roma. Moo re ile ra hira kamore e nang le thepa, ’me re ne re sebetsa tšimo e haufi le Vatican. Ke ha re ne re le moo ha Dorothy a e-ea Lebanon ho ea nyalana le John Chimiklis. Re ne re bile hammoho ka lilemo tse ka bang 12, ’me ruri ke ne ke mo hloloheloa.

Ka 1955 ho ile ha buloa lehae la baromuoa le lecha karolong e ’ngoe ea Roma seterateng sa New Appian Way. E mong ho ba bane ba neng ba le lehaeng leo e ne e le Maria Merafina, ngoanana ea neng a ile a beha lipalesa ka likamoreng tsa rōna bosiung boo re neng re fihle ka bona Milan. Ho ile ha thehoa phutheho e ncha sebakeng sena sa motse. Ka mor’a kopano ea machaba Roma lehlabuleng leo, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba teng kopanong ea Nuremberg, Jeremane. E bile thabo e kaakang ho kopana le ba neng ba ile ba mamella hakaalo tlas’a puso ea Hitler!

Ke Khutlela States

Ka 1956, ka lebaka la ho kula, ke ile ka khutlela United States bakeng sa phomolo ea ho kula. Empa le ka mohla ha kea ka ka tlosa mahlo a ka moputsong oa ho sebeletsa Jehova hona joale le ka ho sa feleng lefatšeng la hae le lecha. Ke ile ka lokisetsa ho khutlela Italy. Leha ho le joalo, ke ile ka kopana le Orville Michael, ea neng a sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York. Re ile ra nyalana ka mor’a kopano ea machaba ea New York City ea 1958.

Kapele ka mor’a moo re ile ra fallela Front Royal, Virginia, moo re ileng ra thabela ho sebeletsa le phutheho e nyenyane. Re ne re lula foleteng e nyenyane ka mor’a Holo ea ’Muso. Qetellong, ka March 1960 ho ile ha hlokahala hore re khutlele Brooklyn ho fumana mosebetsi oa boipheliso e le hore re lefe mekitlane ea rōna. Re ne re sebetsa bosiu libankeng tse sa tšoaneng e le hore re ka lula tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ha re ne re le Brooklyn, Ntate o ile a shoa, ’me ’mè oa monna oa ka o ile a ba le stroke se bobebe. Ka hona re ile ra etsa qeto ea ho fallela Oregon hore re be haufi le bo-’m’a rōna. Bobeli ba rōna re ile ra fumana mosebetsi oa boipheliso oa nakoana ’me ra tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho moo. Bofelong ba 1964, rōna le bo-’m’a rōna re ile ra tšelela ka ’nģane ho naha ho ea ba teng sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society, Pittsburgh, Pennsylvania.

Ha re ne re etetse Rhode Island, molebeli oa potoloho, Arlen Meier, le mosali oa hae ba ile ba re khothalletsa ho fallela Providence, motse-moholo oa naha eo, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso. Bo-’mè ba rōna ba ile ba re phehella ho amohela kabelo ena e ncha, ka hona ha re khutlela Oregon, re ile ra rekisa thepa e ngata ea rōna ea ntlo ’me ra falla.

Re ea Sekolong sa Gileade Hape

Lehlabuleng la 1965, re ile ra ba teng kopanong Yankee Stadium. Moo re ile ra etsa kōpo ea ho ea Sekolong sa Gileade re le banyalani. Hoo e ka bang khoeli hamorao, re ile ra makala ha re amohela lifomo tsa kōpo, tse neng li lokela ho khutlisoa pele matsatsi a 30 a feta. Ke ne ke amehile ka ho ea naheng e hōle kaha ’Mè o ne a sa phele hantle. Empa o ile a nkhothatsa: “Tlatsa lifomo tseo. Ua tseba hore kamehla u lokela ho amohela tokelo efe kapa efe ea tšebeletso eo Jehova a fanang ka eona!”

Seo se ile sa rarolla bothata. Re ile ra tlatsa lifomo tsa kōpo ’me ra li romela. E bile ho tsometsang hakaakang ha re amohela limemo tsa ho kena tlelaseng ea bo42, e ileng ea qala ka la 25 April, 1966! Ka nako eo Sekolo sa Gileade se ne se le Brooklyn, New York. Likhoeling tse ka tlaase ho tse hlano hamorao, rōna ba 106 re ile ra abeloa mangolo ka la 11 September, 1966.

Re Fuoa Kabelo ea ho ea Argentina

Matsatsi a mabeli ka mor’a ho amohela mangolo, re ne re palame sefofane sa Peruvian Airlines re e-ea Argentina. Ha re fihla Buenos Aires, molebeli oa lekala, Charles Eisenhower, o ile a re khahlanyetsa boema-fofaneng. O ile a re thusa hore re khone ho feta lefapheng la lekhetho la tse kenang eaba o re isa lekaleng. Re ne re lokela ho tlamolla thoto le ho tsitsa ka letsatsi le le leng feela; eaba litlelase tsa rōna tsa Sepanishe lia qala. Re ne re ithuta Sepanishe ka lihora tse 11 ka letsatsi khoeling ea pele. Khoeling ea bobeli, re ne re ithuta puo ena ka lihora tse ’ne ka letsatsi ’me re ile ra qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo.

Re ne re le Buenos Aires ka likhoeli tse hlano eaba re abeloa Rosario, motse o moholo oa leeto la lihora tse ka bang ’ne ka leboea ka terene. Ka mor’a ho sebeletsa moo ka likhoeli tse 15, re ile ra romeloa pejana ka leboea Santiago del Estero, motse o profinseng ea lehoatata moo ho chesang. Ha re le moo, ka January 1973, ’Mè o ile a shoa. Ke ne ke sa ka ka ’mona ka lilemo tse ’ne. Se ileng sa ntšehetsa mesarelong ea ka e bile tšepo e tiileng ea tsoho esita le tsebo ea hore ke ne ke sebeletsa moo ’Mè a neng a tla batla hore ke be teng.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Batho ba Santiago del Estero ba ne ba na le botsoalle, ’me ho ne ho le bonolo ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ha re fihla ka 1968, phuthehong ea rōna ba bang teng libokeng ba ne ba ka ba 20 kapa 30, empa lilemo tse robeli hamorao ba ne ba le ka holimo ho lekholo. Ho phaella moo, ho ne ho e-na le liphutheho tse peli tse ncha tsa bahoeletsi ba pakeng tsa 25 le 50 metseng e haufinyane.

Re Khutlela States Hape

Ka lebaka la bokuli, ka 1976 re ile ra khutlisetsoa United States re le bo-pula-maliboho ba khethehileng—ra isoa Fayetteville, Carolina Leboea. Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba buang Sepanishe moo ba tsoang Amerika Bohareng le Boroa, Dominican Republic, Puerto Rico, esita le Spain. Re ne re e-na le lithuto tsa Bibele tse ngata, ’me ka mor’a nako e itseng phutheho ea Sepanishe e ile ea qalisoa. Re ile ra nka lilemo tse ka bang robeli kabelong eo.

Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore re be haufinyane le ’mè matsale, ea neng a se a hōlile haholo a bile a holofetse. O ne a lula Portland, Oregon, ka hona re ile ra amohela kabelo e ncha ea phutheho ea Sepanishe Vancouver, Washington, e seng hōle le Portland. Phutheho eo e ne e le nyenyane ha re ne re fihla ka December 1983, empa re bona ba bacha ba bangata.

Ka June 1996, ke ile ka qeta lilemo tse 53 ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’me monna oa ka o ile a qeta lilemo tse 55 ka la 1 January, 1996. Lilemong tsena tse ngata, ke bile le tokelo ea ho thusa ba makholo ho ba le tsebo ea ’nete ea Lentsoe la Molimo le ho nehela bophelo ba bona ho Jehova. Ba bangata ho bana hona joale ba sebeletsa e le baholo le basebeletsi ba nako e tletseng.

Ka linako tse ling ke botsoa hore na ha ke lakatse eka nka be ke ile ka ba le bana. ’Nete ke hore, Jehova o ntlhohonolofalitse ka bana ba bangata ba moea le litloholo. E, bophelo ba ka e ’nile ea e-ba bo nang le morero le bo putsang tšebeletsong ea Jehova. Nka tšoana le morali oa Jafeta, ea ileng a qeta bophelo ba hae tšebeletsong ea tempele ’me le ka mohla a sa ka a ba le bana ka lebaka la tokelo ea hae e khōlō ea tšebeletso.—Baahloli 11:38-40.

Ke sa ntse ke hopola ha ke ne ke inehela ho Jehova ha ke ne ke sa le ngoanana e monyenyane. Hona joale setšoantšo sa Paradeise se sa ntse se hlakile hantle feela kelellong ea ka kamoo se neng se hlakile kateng ka nako eo. Mahlo a ka le pelo li sa ntse li tsepame moputsong oa bophelo bo sa khaotseng lefatšeng le lecha la Molimo. E, takatso ea ka ke ho sebeletsa Jehova, e seng feela ka lilemo tse ka bang 50, empa ka ho sa feleng—tlas’a puso ea hae ea ’Muso.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Dorothy Craden, ea behileng matsoho mahetleng a ka, le bo-pula-maliboho-’moho le rōna ka 1943

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Re Roma, Italy le baromuoa-’moho le rōna ka 1953

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le monna oa ka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela