Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 1/15 maq. 24-29
  • Ho Kopana Hammoho le Ba Tšabang Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kopana Hammoho le Ba Tšabang Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Tšaba Molimo, U Boloke Litaelo tsa Oona’
  • ‘Nehelana ka Tšebeletso e Halalelang ka Tšabo ea Bomolimo le Tlhompho’
  • “Tšabang Molimo, Isang Khanya ho Oona”
  • Ho Ithuta ho Fumana Thabo Tšabong ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Etsa Hore Pelo ea Hao e Tšabe Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tšaba Jehova ’me U Tlotlise Lebitso la Hae le Halalelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Tšaba Molimo—Na ho ka U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 1/15 maq. 24-29

Ho Kopana Hammoho le Ba Tšabang Molimo

“HOHLE batho ba lakatsa ho lokoloha tšabong—tšabo ea pefo, tšabo ea ho hloka mosebetsi, le tšabo ea ho kula ho tebileng. Le rōna re lakatsa seo. . . . Joale, ke hobane’ng ha re buisana ka hore na re ka hlaolela tšabo joang?” Potso eo e thahasellisang e ile ea phahamisoa ke sebui sa puo ea sehlooho kopanong ka ’ngoe ho Likopano tsa Setereke tsa “Tšabo ea Bomolimo,” tse qalileng ka June 1994.

Ba limilione ba neng ba le teng—ho qala Amerika Leboea, hamorao ea e-ba Europe, Amerika Bohareng le Boroa, Afrika, Asia, le lihleke-hlekeng tsa leoatle—ba ne ba chesehela ho ithuta ho hlaolela tšabo e joalo. Hobane’ng? Hobane hore re kopanele litlhohonolofatsong tseo Jehova Molimo a nang le tsona bakeng sa batho ba hae ho itšetlehile ka hore re be le tšabo ea bomolimo. Batho ba tlileng kopanong ba ne ba khobokane ho tla ithuta ka tšabo ea bomolimo, ’me nakong ea lenaneo la matsatsi a mararo, ba ile ba ithuta ho hongata ka tšobotsi ena ea bohlokoa ea Bokreste.

‘Tšaba Molimo, U Boloke Litaelo tsa Oona’

Seo e ne e le sehlooho sa letsatsi la pele la kopano, se thehiloeng ho Moeklesia 12:13. Ho tšaba Molimo ho bolela’ng? Karolong ea pele feela lenaneong, molula-setulo oa kopano o ile a hlalosa hore tšabo ea bomolimo e bonahatsa tšabo e nang le tlhompho le ho hlompha Jehova ka botebo haesita le tšabo e nang le motheo ea ho se rate ho mo khopisa. Tšabo e joalo ea bomolimo hase e tšosang; ke e phelisang le e loketseng.

Tšabo ee e phelisang e re ruisa molemo joang? Puo e latelang, “U se ke Ua Tepella ’me Ua Tela,” e ile ea hlalosa hore tšabo ea bomolimo e tla re susumeletsa ho boloka litaelo tsa Molimo ka thabo. Hammoho le ho rata Molimo le moahisani, tšabo e joalo e tla re kenya matla a moea. E, tšabo ea bomolimo e ka re thusa ho qoba ho khoehlisa peisong ea bophelo bo sa feleng.

Ho latelang lenaneong e ile ea e-ba lipuisano tse fanang ka bopaki ba sebele ba hore tšabo ea bomolimo e ka re tšehetsa. Bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ile ba bolela kamoo tšabo e nang le tlhompho ho Molimo e ba susumelitseng kateng ho tsoela pele tšebeletsong ho sa tsotellehe ho se thahaselle, ho iphapanya, kapa ho hlorisoa ’me e ba thusitse ho mamella ho sa tsotellehe liteko tse boima tsa botho.

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba bang ba na le tšabo ea bomolimo ha ba bang ba se na eona? Puong e neng e re “Ho Hlaolela Tšabo ea Bomolimo le ho Rua Molemo ho Eona,” sebui sa puo ea sehlooho se ile sa hlalosa hore ho Jeremia 32:37-39, Jehova o tšepisitse hore o ne a tla neha batho ba Hae pelo e tšabang Molimo. Jehova o kenya tšabo ea bomolimo lipelong tsa rōna. Joang? Ka moea oa hae o halalelang le Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng, re tlameha ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho fumana molemo ka ho feletseng litokisetsong tsa moea tse ngata-ngata tseo a li entseng. Tsena li akareletsa likopano tsa rōna le liboka tsa phutheho, tse re thusang ho ithuta ho mo tšaba.

Lenaneo la motšehare oa mantsiboea le ile la bula ka keletso ea ho tšepa Jehova le Lentsoe la hae. Sena se ile sa lateloa ke puisano ea litsela tse ka sehloohong tsa kamoo ’Muso o lokelang ho ama bophelo ba rōna joaloka Bakreste.

Joale ho ile ha tla puo ea pele ea neheletsano ho tse tharo tse ileng tsa nehelanoa kopanong eo. “Tšabo ea Bomolimo e Re Susumelletsa ho Utloa Litlhokahalo tsa Bomolimo” e ne e le sehlooho sa neheletsano ena, e neng e lebisitse tlhokomelo lelapeng. Ho latelang ke mohlala oa keletso ea Mangolo—e sebetsang—e ileng ea fanoa.

□ Ho banna: Tšabo ea bomolimo e lokela ho susumetsa monna ho rata mosali oa hae joaloka ’mele oa hae. (Ba-Efese 5:28, 29) Monna ha a lematse ’mele oa hae ka boomo, ha a itlontlolle ka pel’a metsoalle ea hae, kapa ho seba ka mefokolo ea hae. Kahoo, o lokela ho tšoara mosali oa hae ka seriti le tlhompho tseo a iphang tsona.

□ Ho basali: Tšabo ea bomolimo ea Jesu e ne e mo susumelletsa hore ‘kamehla a etse se khahlisang Molimo.’ (Johanne 8:29) Ona ke moea o motle oo basali ba lokelang ho o etsisa ha ba sebelisana le banna ba bona.

□ Ho batsoali: Batsoali ba Bakreste ba ka bontša tšabo ea bomolimo ka ho nka boikarabelo ba botsoali ka ho teba, ba talima bana ba bona e le lefa le tsoang ho Jehova. (Pesaleme ea 127:3) Pakane e ka sehloohong ea batsoali e lokela ho ba ho hōlisa bana ba bona hore ba fetohe Bakreste ba sebele.

□ Ho bana: Jehova o laela hore bana ba utloe ‘batsoali ba bona Moreneng.’ (Ba-Efese 6:1) Kahoo, ho utloa batsoali ba bona ke ho utloa Molimo.

Puo e koalang ea letsatsi e ile ea re ama maikutlo, hobane e ile ea tšohla maikutlo a tebileng ao kaofela ha rōna re bang le ’ona ha re lahleheloa ke eo re mo ratang ka lefu. Leha ho le joalo, ho isa bohareng ba puo, ho ile ha e-ba le ntho e makatsang. Sebui se ile sa thabisa bamameli ka ho phatlalatsa ho lokolloa ha bukana e ncha e lekanang le makasine Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Bukana ena e maqephe a 32 e mebala e feletseng e bua ho hongata ho ka thusang batho ba saretsoeng ho utloisisa le ho sebetsana le maikutlo le boikutlo bo bang teng ka mor’a lefu la ea ratoang. Na u kile ua tsieloa ke seo u ka se buang ho motho ea shoetsoeng? Karolo ea bukana ena e lekanang le makasine e tšohla kamoo re ka thusang ba sareloang. Ha ba ntse ba mametse sebui, ba bangata ho bamameli ba ne ba ntse ba nahana ka e mong ea ka ruang molemo bukaneng ena e ncha e lekanang le makasine.

‘Nehelana ka Tšebeletso e Halalelang ka Tšabo ea Bomolimo le Tlhompho’

Seo e ne e le sehlooho sa letsatsi la bobeli, se thehiloeng ho Ba-Heberu 12:28. (NW) Nakong ea lenaneo la hoseng ho ile ha tla lipuo tsa neheletsano ea bobeli, “Liphutheho tse Tsamaeang ka ho Tšaba Jehova.” Karolo ea pele e ne e bua ka ho ba teng libokeng. Ho ba teng ha rōna libokeng ho bontša ho hlompha ha rōna Molimo le litokisetso tsa hae tsa moea. Ka ho ba teng, re bontša hore re tšaba lebitso la hae le hore re chesehela ho sebetsa tumellanong le thato ea hae. (Ba-Heberu 10:24, 25) Sebui sa bobeli se ile sa hlalosa hore e le hore phutheho eohle e tsamaee tšabong ea Jehova, motho ka mong o tlameha ho phetha karolo ea hae tabeng ea ho boloka boitšoaro bo botle. Sebui sa ho qetela se ile sa bua ka tokelo le tšoanelo eo Bakreste bohle ba nang le eona—ho phatlalatsa litaba tse molemo ba sa phetse. Re tla tsoela pele re bolela ho fihlela neng? Ho fihlela ha Jehova a re ho lekane.—Esaia 6:11.

“Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Lōna” e ne e le sehlooho sa puo e latelang, joalokaha se akarelitsoe hona joale lihloohong tse ithutoang tsa makasine ona. (Nehemia 8:10) Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba thabile? Sebui se ile sa bolela mabaka a mangata. Lebaka le hlokomelehang haholo ke hore kamano e haufi-ufi le Molimo e re etsa batho ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng. Ak’u nahane, sebui se ile sa hopotsa ba tlileng kopanong, re na le tokelo ea ho ba har’a batho bao Jehova a ba huletseng ho Jesu Kreste. (Johanne 6:44) Ke lebaka le matla hakaakang la ho thaba!

Ntlha e khōlō ea kopano e ’ngoe le e ’ngoe ke kolobetso, ’me Likopano tsa “Tšabo ea Bomolimo” e ne ese mokhelo. Puong e neng e re “Boinehelo le Kolobetso Tšabong ea Jehova,” sebui se ile sa hlalosa hore boikarabelo ba botho ba batho bohle ba kolobelitsoeng ke bo nang le mekhahlelo e mene: (1) Re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka thuso ea libuka tse re thusang ho le utloisisa le ho le sebelisa; (2) re tlameha ho rapela; (3) re tlameha ho kopanela le balumeli-’moho le rōna libokeng tsa phutheho; hape (4) re tlameha ho pakela lebitso la Jehova le ’Muso oa hae.

Lenaneo la Moqebelo thapama le ile la qala ka taba e khothatsang “Batho ba sa Lahloang ke Jehova.” Lilemo tse makholo a 35 tse fetileng, ha sechaba sa Iseraele se ne se tobane le linako tse thata, Jehova o ile a se tiisetsa ka Moshe, a re: “Jehova Molimo oa lōna . . . a ke ke a le lahla leha e le hore a ka le tlohela ka ho feletseng.” (Deuteronoma 31:6, NW) Jehova o ile a tšepahalla tiisetso eo ka ho sireletsa Baiseraele ha ba kena Naheng e Tšepisitsoeng ba bile ba e rua. Kajeno, ha re tobane le liteko tse boima, le rōna re ka ba le tšepo e feletseng ea hore Jehova a ke ke a re lahla, hafeela re mo khomarela ’me re ela hloko keletso ea Lentsoe la hae.

U ka fumana thabo joang ha u bala Bibele? Puong e neng e re “Bala Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, Letsatsi le Letsatsi,” sebui se ile sa fana ka tlhahiso ea ho bala ka kelello e batlisisang le ho botsa lipotso tse kang tsena: Tlaleho ee e nthuta eng ka litšoaneleho tsa Jehova le litsela tsa hae? Nka tšoana le Jehova haholoanyane joang litšobotsing tsee? Ho bala Bibele ka tsela ena ke phihlelo e thabisang le e putsang.

Ho latelang e ile ea e-ba ho lebisa tlhokomelo puong ea boraro ea neheletsano lenaneong, “Litokisetso tsa ho Thusa ba Tšabang Jehova.” Le hoja mohlomong Jehova a ke ke a etsa mehlolo kajeno molemong oa bahlanka ba hae, ka sebele o thusa ba mo tšabang. (2 Petrose 2:9) Puo ena ea neheletsano e ile ea bua ka litokisetso tse ’nè tse tsoang ho Jehova bakeng sa ho re thusa mehleng ena e mahlonoko: (1) Ka moea oa hae, Jehova o re matlafatsa hore re phethahatse mesebetsi e ka ’nģane ho matla a rōna. (2) Ka Lentsoe la hae, o re fa keletso le tataiso. (3) Ka thekollo, o re neha letsoalo le hloekileng. (4) Ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae, ho akareletsa baholo, o re fa tataiso le tšireletso. (Luka 11:13; Ba-Efese 1:7; 2 Timothea 3:16; Ba-Heberu 13:17) Ka ho sebelisa litokisetso tsena ka botlalo, re tla khona ho mamella ’me ka hona re fumane kamohelo ea Jehova.

Puo ea ho qetela ka Moqebelo thapama e ne e na le sehlooho se reng “Letsatsi la Jehova le Susumetsang Tšabo le Atametse,” e thehiloeng boprofeteng ba Malakia. Ho ’nile ha e-ba le matsatsi a susumetsang tšabo historing e fetileng, joaloka nakong ea ha ho ne ho lihuoa kahlolo holim’a Jerusalema ka 70 C.E. Empa letsatsi le susumetsang tšabo ka ho fetisisa phihlelong eohle ea motho e tla ba letsatsi le tlang la Jehova ha ho tlisoa ‘phetetso ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ (2 Ba-Thessalonika 1:6-8) Seo se tla etsahala kapele hakae? Sebui se ile sa bolela: “Bofelo bo atametse! Jehova o tseba letsatsi leo le hora eo. A ke ke a fetola kemiso ea hae ea ho etsa lintho. Re biletsoa ho mamella ka tiisetso.”

Ho ne ho le thata ho lumela hore matsatsi a mabeli a se a fetile. Letsatsi la ho qetela le ne le tla tlisa eng?

“Tšabang Molimo, Isang Khanya ho Oona”

Sehlooho sa letsatsi la boraro se ne se thehiloe ho Tšenolo 14:7. Nakong ea lenaneo la hoseng, letoto la lipuo le ile la totobatsa tse ling tsa lithuto tsa bolumeli tse khethollang Lipaki tsa Jehova mekhatlong e meng eohle ea bolumeli.

Puong e neng e re “Ho Tla ba le Tsoho ea ba Lokileng,” sebui se ile sa phahamisa potso e thahasellisang: “Nakong ea Letsatsi leo la Kahlolo la lilemo tse sekete, ba shoeleng ba tšepahala lilemong tsa ho qetela tsa tsamaiso ea lintho ea Satane ba tla tsosoa neng?” Karabelo e bile efe? “Bibele ha e bolele,” kamoo sebui se ileng sa hlalosa kateng. “Leha ho le joalo, na hase ho utloahalang hore ba shoang mehleng ea rōna ba tla tsosoa pele e le hore ba kopanele le bongata bo boholo ba baphonyohi ba Armageddone mosebetsing o moholohali oa ho ruta o lokelang ho tsoela pele ho pholletsa le Letsatsi la Kahlolo? E, ka sebele!” Na ho tla ba le baphonyohi? Ka sebele ba tla ba teng. Lithuto tsa Bibele le mehlala ea eona tse re tiisetsang sena li ile tsa hlalosoa ka ho hlaka puong e latelang, “Ba Pholohang Mahlomoleng a Maholo ba Phela.”

Ke khale Lipaki tsa Jehova li utloisisa hore Bibele e tšepisa liphello tse peli—bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatše bakeng sa ba limilione tse ngata-ngata le bophelo ba leholimo ba ho se shoe bakeng sa palo e fokolang ea ba tla busa le Kreste ’Musong oa hae. Tšepo ea leholimo e ile ea tšohloa puong e reng “Mohlatsoana, se Tšabe.” (Luka 12:32) Ka lebaka la boemo bo teng lefatšeng, mohlatsoana o tlameha ho se tšabe; e mong le e mong oa bona o tlameha ho mamella ho fihlela qetellong. (Luka 21:19) Sebui se ile sa re: “Ho hloka ha bona tšabo, ho sebeletsa ho khothatsa ba bongata bo boholo. Le bona ba lokela ho hlaolela boikutlo ba ho hloka tšabo ha ba ntse ba lebelletse topollo nakong ea khathatso e khōlō ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba.”

Qetellong ea lenaneo la hoseng, bamameli ba ile ba shebella ka thabo tšoantšiso ea Bibele Khetho Eo U Talimaneng le Eona. Mehleng ea Joshua, le mehleng ea moprofeta Elia, Baiseraele ba ne ba tlameha ho etsa qeto. Khetho e ne e tlameha ho etsoa. Elia o ile a re: “Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.” (1 Marena 18:21) Ka ho tšoanang, kajeno, moloko oa batho o tlameha ho etsa qeto. Ena hase nako ea ho tenyetsehela likhopolong tse peli tse fapaneng. Khetho e nepahetseng ke efe? Ke e tšoanang le eo Joshua oa mehleng ea khale a ileng a e etsa. O itse: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

Ka tšohanyetso, kamoo ho neng ho bonahala kateng, e ne e se e le thapama Sontaha ’me e le nako ea puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Lebaka la ho Tšaba Molimo oa ’Nete Hona Joale.” Ho Tšenolo 14:6, 7, moloko oohle oa batho oa khothatsoa: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona.” Ke hobane’ng ha ho potlakile ho tšaba Molimo hona joale? Ke hobane, joalokaha lengolo le tsoela pele ho bolela, “nako ea ho ahlola ha oona e tlile.” Ka Mora oa hae, eo hona joale a hlomamisitsoeng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, Jehova o tla felisa tsamaiso ea lintho ea joale e silafetseng, ea bofetoheli. Sebui se ile sa hlalosa hore ena ke eona tsela feela ea ho tlisetsa ba tšabang Molimo khatholoho hammoho le ho lopolla le ho sireletsa lehae la rōna la lefatše. Kaha ena ke mehla e qetellang ea tsamaiso ena ea lintho, ho potlakile hore re tšabe Molimo oa ’nete hona joale!

Ka mor’a kakaretso ea thuto ea Molula-Qhooa bakeng sa beke eo, sebui sa ho qetela se ile sa hloella sethaleng. Se ile sa hlalosa hore ka lebaka la lenaneo la kopano, tšabo ea bomolimo e bile le moelelo o moholoanyane ho ba tlileng kopanong. Se ile sa hlalosa melemo e mengata e tlelang ba tšabang Molimo. Sebui se ile sa phatlalatsa ho lokolloa ha video e ncha—United by Divine Teaching. E totobatsa litšobotsi tse ikhethang tsa Likopano tsa Machaba tsa “Thuto ea Bomolimo” tse ileng tsa tšoaroa ka 1993-94. Ha puo e ntse e e-ea qetellong, ba bangata ba ile ba ipotsa, ‘Ke eng seo re ka se lebellang selemong se tlang?’ Likopano tsa setereke tsa matsatsi a mararo libakeng tse ngata.

Ha se phethela, sebui se ile sa supa ho Malakia 3:16, e reng: “Eaba ba tšabang Jehova ba buisana hammoho, e mong le e mong le ngoan’abo, ’me Jehova a theetsa tsebe, a mamela; buka ea khopotso ea ngoloa pel’a hae, ea ngolloa ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.” Ba tlileng kopanong ba ile ba tloha ka boikemisetso bo hlakileng ba ho nahana ka lebitso la Jehova le ho mo sebeletsa ka tšabo ea bomolimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho hlokahala hore bakolobetsuoa ba tsoele pele ho bonahatsa tšabo ea bomolimo

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Tšoantšiso e reng, “Khetho Eo U Talimaneng le Eona” e ile ea hlolla bamameli ka tlhokahalo ea ho etsa qeto mabapi le ho sebeletsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho amohela bukana e ncha e lekanang le makasine “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela