Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso Li Tla Boleloa
KA LILEMO tse makholo sera sa Molimo se seholo, Satane Diabolose, ka mano se ile sa sebelisa mebuso ea lipolotiki le bolumeli ba bohata boitekong ba sona ba ho sitisa ho ata ha Bokreste ba ’nete. Empa mekhoa ena e tla hlōleha. Jesu o ile a bolela e sa le pele hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa [eseng, “mohlomong li tla boleloa” kapa, “li ka ’na tsa boleloa”] lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.”—Mattheu 24:14, NW.
Ho hlōleha ha Satane ho ile ha totobala Greece. Naheng eo Kereke ea Greek Orthodox e ile ea etsa boiteko ba ho thibela Lipaki tsa Jehova ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Empa, joalokaha ho totobatsoa ke phihlelo e latelang, qetellong linnete tsa Bibele li fihla bathong ba lipelo li tšepahalang ho sa tsotellehe khanyetso.
Hoo e ka bang lilemo tse 30 tse fetileng, moprista e mong oa Greek Orthodox o ile a amohela litaba tse molemo ’me a ba a hlalosa takatso ea hae ea ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, beng ka eena ba ile ba hanyetsa khato ena ka matla ba ba ba mo hatella hore a tlohele ho etsa botsoalle le Lipaki. E le ho khahlisa lelapa labo, o ile a tsoela pele ho phehella mosebetsi oa hae joaloka moprista; leha ho le joalo, kamehla o ne a lumela hore Lipaki tsa Jehova li mo thusitse ho ithuta ’nete le hore o ile a e tela ka baka la maemo a hae a phahameng bolumeling ba bohata.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a ee a bue a tšehetsa Lipaki tsa Jehova ha monyetla o ne o hlaha. Liketsahalong tse ngata o ne a ee a lemose batho hore haeba ba batla ho ithuta linnete tsa Bibele, ba lokela ho ithuta le Lipaki. Ha lilemo li ntse li e-ea ba bang ba hlile ba latela khothaletso ea hae.
Haufinyane moprista enoa o ile a kula haholo ’me a hlokomela hore e ka ’na eaba o haufi le ho shoa. Ha a ntse a le sepetlele, o ile a bitsa bana ba hae, ’me ba ile ba bokana pel’a bethe ea hae.a Eaba joale o ba hlalosetsa hore haeba a ka shoa, ba ne ba ka ’na ba kopana le eena hape. O ile a bua le bona ka thuto ea Bibele ea ha batho ba tla tsosoa ke Jehova bakeng sa ho phela paradeiseng lefatšeng, empa haeba ka sebele ba batla ho bona ha seo se etsahala, ba ne ba lokela ho ithuta ’nete e tsoang ka Bibeleng ’me ba ikarole bolumeling ba bohata. O ile a ba kōpa ka tieo hore ba kopane le Lipaki tsa Jehova ’me ba ithute ho tsona hore na ke joang ba ka fetohang Bakreste ba ’nete.
Kapele ka mor’a moo moprista eo o ile a shoa. Leha ho le joalo, keletso ea hae ea ho qetela baneng ba hae e ile ea kotula litholoana tse molemo. Morali oa hae, joaloka ba bangata ho beng ka eena, e ne e le ea hanyetsang Lipaki tsa Jehova le mosebetsi oa tsona haholo. Empa o ne a sitoa ho hlokomoloha boipiletso bo tiileng ba ntat’ae ea shoang, kahoo o ile a ikopanya le Lipaki tsa Jehova kapele ’me a qalisa ho ithuta Bibele. Haufinyane eena ka boeena o ile a fetoha Paki, a nehela bophelo ba hae ho Jehova Molimo le ho bonahatsa boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing.
Greece, hammoho le linaha tse ling tse 230, Lipaki tsa Jehova li itšetleha ka matla a moea o halalelang oa Molimo. Ke ka tšehetso e feletseng ea moea o halalelang ba kopanelang phethahatsong ea boprofeta ba Jesu: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kereke ea Greek Orthodox e lumella moprista oa eona ho nyala.